sotho.1991.protect
GREAT STOCK!
BONA - August 2005
HA mathata a qala ho hlwa manolo hodimo, tjhelete e a haella hobane mohlomong o feletswe ke mosebetsi, ka nako e nngwe, o e o leke ho fokotsa ditjeho - empa hore o qobe mathata nakong e tlang, hlophisa merero ya hao ya nako e kgutshwane le e telele e sa le jwale.
Batho ba e ba phakise ho kgaotsa ho lefella matlole a bona ha re etsa mohlala. Empa seo se ka o lahlehisetsa tjhelete e ngata ho ena le hore o e boloke mme maemo a hao a ditjhelete a be kotsing.
Bophelo bo naka di maripa, hlophisetsa bokamoso ba hao hobane ha re tsebe se tla etsahala hosane," ho rialo Janine Greeff, motsamaise wa tsa kgokahanyo ha Metropolitan Retail.
Ha o na le mathata, bua le batho ba nepahetseng, ba ka o thusang hore o se lahlehelwe matloleng a hao.
"Ho tlolwa ke kgwedi feela o sa lefe, ho bolela ho kgeloha motjheng wa meraro ya hao," ho hlokomedisa yena Greeff.
Ke ana mathata a sena:
t Letlole la hao le ka nna la fellwa ke nako.
t Ho tlohela letlole pele le butswa ho ka etsa o fumane kotlo hape o fumane le tjhelete e ka tlatse ho eo o neng o tlameha ho e fumana.
t Haeba mebaraka e theohile, le phaello ya letlole la hao e ka theoha mme le haeba o na le letlole le nang le tiisetso ya phaello o tla e fumana, le yona e ka theoha haeba o tlohela letlole pele ho nako.
Ha se mara ha se ho fela haeba o tlotswe ke dikgwedi - ha feela ho so fele nako e behilweng, e bitswang ya mohau - e sa tshwaneng ho ya ka matlole.
Jwale he hobaneng o senya bokamoso ba hao ka ho hlakola matlole haeba ho na le ditsela tsa ho a sireletsa"
Greeff o re ha batho ba le mathateng ba tlameha ho sebedisa e nngwe ya ditsela tse latelang, ba bue le baeletsi ba bona ba ditjhelete kapa ba ikopanye le Metropolitan Life Contact Centre.
"Ho molemo ho ipha nako e feletseng ya ho nahantshisa ka matlole a hao jwalo ka ha o ne o etse pele o a nka," ke yena eo. "Hopola hore ha se ha ngata lepotlapotla le jang kgomo." [s]
BAKENG SA DINTLHA TSE DING: Letsetsa Metropolitan Life Contact Centre ho 0860-724-724.
Ka moo o ka sireletsang matlole a hao mathateng
Thaba le hara mathata
Ntlha e tsheheditsweng
BONA SESOTHO - July 2007
Pholosa letlole la hao!
Haeba matlole le matsete a hao a le maemong a mabe, ho na le mokgwa oo o ka a sireletsang ka ona, eo ke keletso ya Janine Greeff wa Metropolitan Retail.
Le lefelle ka botlalo: Mona ha ho sa hlokahala ditefello tsa kgwedi, ho tla sireletswa seo o seng o se lefile.
Bontshanang ka tjhelete ya kgwedi:
Haeba letlole la hao mohlomong e le matsete, ho ka etsahala hore o kope ho fokoletswa tjhelete ya kgwedi - botsa moeletsi wa hao wa ditjhelete hore seo se ka etsahala na ho wena.
Fumana tjhelete:
O ka nna wa kadima tjhelete mme wa tshwarisa ka letlole la hao la endowment, ho bolela yena Greeff. Letlole la endowment le ka nna la rekiswa kapa wa tjhentjhisa ka lona. Sena se ka o tswela molemo haeba o hloka tjhelete ka potlako.
Empa le haeba o hloka tjhelete ka mokgwa o jwang, seo o ka se etsang ke ho kadima karolo e itseng matseteng a hao mme letlole leo la matsete le nne le tswelepele.
