sotho.1990.Superblack oct
Ho keteka dilemo tse 30 tsa INECTO SuperBlack, INECTO SuperBlack, TOWN TALK le BONA di kopane mmoho ho neha babadi ba 11 ba BONA monyetla wa hore ka mong a ikgapele fenetjhara
e bitsang
R15 000 kapa... koloi dikgweding tsena
tse nne!
HAPA
koloi le fenetjhara ya
BONA SESOTHO October 2008
INECTO SuperBlack, ke sefetolammala sa moriri se itlhommeng pele Afrika Borwa mme e keteka dilemo tse 30 selemong sena. Yona ka tshebedisanommoho le Town Talk le makasine e ratwang, BONA, e putsa bareki ba yona. Ho tloha ka Motsheanong 2008 ho fihlela ka Phato 2008, BONA e ne e na le tlhodisano e neng e phatlalatswa ka dipuo tse nne, moo bahlodi ba 11 ka mong a neng a tla ikgapela fenetjhara e bitsang R15 000 kapa moputso o moholo - koloi ya Chana Benni e bitsang R70 000.
Tshebedisanommoho ya INECTO SuperBlack, Town Talk le BONA e ile ya eba ntho e ntle jwalo ka ha ba ha INECTO SuperBlack ba kgollwa hore motlotlo wa mosadi o moriring wa hae, Town Talk le yona e dumela hore lelapa le tlameha ho ba letle mme dilemong tse fetang tse 50 tse fetileng, BONA haesale e kgothatsa malapa a mangata Afrika Borwa.
Bahlodi ba bang
tlhodisanong ya Inecto SuperBlack/Town Talk/BONA win furniture
and a car
RE A LE LEBOHELA!
RE lebohela babadi bana ba bararo ba lehlohonolo ba ikgapetseng moputso wa bobedi wa fenetjhara e bitsang
R15 000 tlhodisanong ya INECTO SuperBlack/TownTalk e neng e phatlaladitswe kgatisong ya Phupu 2008 ya BONA. Bona ke: Nomthunzi Mthakaza, Libode; Thumeka Nkinana, Cala, le Georginah Paulsen, Kagiso.
Ka mong o ikgapetse Mother Of Pearl Base Set; Wellington Bedroom Suite; Orlando Wall Unit; 74cm Sinotec TV, mmoho le KIC 223L Double-door Fridge. Thabelang fenetjhara
ya lona!
LEBELLA...
bahlodi ba bahlano ba ho qetela bao hara bona ho tlang ho ba teng le wa koloi, bona ba tla phatlalatswa kgatisong ya BONA ya Pudungwana 2008.
BONA SESOTHO October 2008
