sotho.1987.arv
Itjhekele
Lebitla la hao
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho GREAT STOCK!
ZINHLE Mahlaba o ne a maketse, a tonetse mosadi ya neng a le ka pela hae mahlo. "E, ho jwalo, ke a tseba o batla dipidisi tsena." Mosadi enwa a bonya, a atamela a fihla a aka Zinhle.
"Ke ne ke thabe," ho bolela Zinhle. "E ne e se e le dikgwedi tse nne ke emetse di-ARV mme jwale ho ne ho na le motho ya neng a ntshepisa tsona ka potlako - seo ke neng ke tlameha ho se etsa ke ho di reka."
Empa he ho reka dipidisi tsena e ebe e le ho reka thepa ya boshodu, e leng tlolo ya molao - sena ke se etswang ke mahlatsipa a HIV/AIDS lebatoweng la Kapa Botjhabela le la Mpumalanga.
Motho o qetella a lefile R200 ka nako e le nngwe hore feela a fumane dipidisi tsena tseo a tshepang hore di tla lelefatsa tshiu tsa hae ho lena la ba utlwang. Ka ho etsa jwalo, ba e be ba ipeha kotsing.
Ke rialo hobane motho o di fumana ha feela di le teng hape ha a na le tjhelete - motho ha a be le mamello ya ho emela tsena tsa mahala tse etseditsweng ditlhoko tsa hae.
Hobaneng re tlameha ho ema"
"Ke ne ke kgaotse ho nahana ka yona," ke Zinhle wa Mpumalanga eo. Ke mme wa mora ya dilemo di hlano le moradi ya dilemo di tharo, ka hoo, ba ntlhoka ka hohlehohle.
"Ausi ke mooki mane Jozi mme o dutse a leka ho nkgothatsa. Ke ne ke lahle tshepo ha ke ne ke utlwa hore ho ne ho na le batho ba 35 000 ba neng ba le lenaneng la ba neng ba emetse tsona di-ARV.
"Ke a tseba hore ba bang ba di hloka haholo. Ke e ke utlwe le ditabeng hore batho ba Graaff-Reinet ba tsamaya makgolokgolo a dikilomitara ho leba Port Elizabeth moo ba fihlang ba rentele le mekhukhung nakong eo ba emetseng tsona di-ARV. Motlatsi wa letona la bophelo bo botle o bolela ha e le kgatikelo ya ditokelo tsa botho ho se fumantshwe di-ARV - empa he, yena ke eng seo a se etsang ho re thusa."
Di pedi dintho tse ileng tsa tiisa Zinhle lengole, o ne a batla feela tsela eo a neng a ka fumana dipidisi tsena ka yona.
"Ha nka kgona ho ya Nelspruit, ke tla fumana dipidisi tsena mme tshiu tsa ho ba le bana ba ka di tla lelefala," ke yena eo.
Tlhokomediso ya ausiae e ne e etse hore a eme.
"Batho ba ne ba dutse ba mo kopa hore a ba behe pele lenaneng la ba emetseng dipidisi tsena kapa le yena a ithekisetse tsona. Mathata ke hore o tseba batho ba rekang dipidisi tsena bathong, ba seng ba lahlehetswe ke maphelo a bona. Dipidisi ha di na mathata, mathata ke hore ha ba di sebedise ka nepo."
Ho lokile, ho bolela Vuyiseka Dubula wa Treatment Action Campaign.
"O tlameha ho rupellwa ha o tla sebedisa di-ARV," ho hlalosa yena. "Ha se dipidisi tse tlwaelehileng tsena, tsena ke boikitlabetso ba bophelo bohle ba hao.
"Thupello ya teng ha se ya hora kapa lona letsatsi.
"Hangata o tlameha ho ya thupellong dibeke tse tharo ho ya ho tse nne.
"O rutwa melemo le kotsi ya tsona. O rutwa hape le ho bona ka moo di o sebetsang ka teng le hore o ka kopa thuso ha ho le jwang. Motho ya o rekisetsang dipidisi a ke ke a ba le nako ya ho o rupella hobane nako e ebe e lekane motinyane."
Dipidisi tse alafang
"Haeba o di fumana ka tsela e nepahetseng, o ba setho sa mokgatlo wa tshehetso, e leng se etsang o tsebe hore ha o na le mathata leha e le a mofuta ofe feela jwalo ka hlooho kapa letshollo o ka kopa thuso kae," ho rialo Dubula.
"Ha o sebedisa dipidisi tseo o di rekileng mothong, o tla mo fumana kae motho eo ha di se di o neha mathata"
"Ha o di lata tliliniking teng, ba dutse ba o hlahloba jwalo ha o ilo di lata, ba bone hore di o sebetsa jwang le hore di hloka ho tjhentjhwa kapa tjhe.
"Motho ya o rekisetsang dipidisi tsena yena a ke ke a kgona ho nna a o hlahloba, e leng se etsang hore o se bone hore di-ARV tseo di a sebetsa kapa tjhe."
"Ha CD4 count ya motho e le tlase, seo se bolela hore masole a mmele wa hae a ebe a se a sa sebetse hantle," ho bolela Dr Gillian Tarr wa AIDS Care, Training & Support Community Clinic, White River, ya ngongorehiswang ke thekiso ena ya di-ARV.
"Ho qala di-ARV, ho boele ho kgothotse le a mang mahloko a neng ipatile mmeleng jwalo ka lefuba le mokaola," ho hlalosa yena Dr Tarr. "Lena ke le leng lebaka le etsang hore basebedise ba di-ARV ba nne ba hlahlojwe nako le nako - hobane ho tlameha ho phekolwe matshwao ao ka potlako.
"Ha di-ARV di sebediswa ka nepo, di etsa HIV/AIDS e be lefu le laolehang hantle feela jwalo ka la tswekere."
Hantlentle, ho hlalosa Vuyiseka, batho ha ba sebedise mofuta o tshwanang wa di-ARV. O tlameha ho hlahlojwa pele, ho bonahale hore o hloka mofuta ofe, hobane ho ka etsahala e re o fokotse mmeleng o nehwe kalafo e ka hodimo ho madi a hao e be le ditlamorao tse matla, kapa e be e ka tlase ho madi a hao, e tla fihla e hlolehe ho sebetsa hohang mading a hao.
Dipidisi tse bolayang
Jwalo ka lefuba, ha o ka kgaotsa kalafo ena, o ipeha kotsing e kgolo ya HIV.
"Ke ka hona o sa tlamehang ho tlodisa leha e le letsatsi feela le haeba o sa ikutlwe hantle hobane ho etsa jwalo, ke ho ipeha kotsing," ho rialo Vuyiseka.
Ha o sa di fumane hobane ya o rekisetsang a le siyo kapa o hloka tjhelete, o ntse o ipeha maemong a tshwanang.
"Ha o dumella kokwanahloko ena ho ba manganga, dipidisi tsena di kgaotsa ho sebetsa - se latelang ke ho shwa."
Ka hoo he, hlokomela, ha o hloka mamello, o tatela ho ithekela tsa hao dipidisi, o tla be o nyolla lenane la dimilione tse fetang bobeding tsa Maafrika Borwa a seng a timetse ka lebaka la bohloko bona.
Bo bong bothata bo re aparetseng Afrika Borwa, ke ba hore ditliliniki di na le mefuta e mmedi feela ya di-ARV. Ho na le mokgahlelo wa pele le wa bobedi oo e leng ona o fetiswetswang ho ona ha wa pele o sa sebetse.
"Re ntse re leka ho fumana wa boraro," ho rialo Vuyiseka. "Ke ka hona re tsitlallelang ka hohlehohle ho boloka batho mokgahlelong ona wa pele - e le hore ha o sa sebetse, re tsebe ho ba le boikgethelo ba ona wa bobedi."
Seo re tlamehang ho se etsa, ke ho kgaotsa ho reka dipidisi tsena bathong. [s]
Pale ena e fetotse maikutlo a Zinhle mme jwale o se a rerile ho ema dikgwedi tse hlano hore a fumane kalafo e nepahetseng ya di-ARV.
BONA SESOTHO - July 2007
O tlameha ho hana di-ARV
Di-antiretrovirals di ka fetola bophelo ba hao, empa ho na le nako eo o tlamehang ho di hana - ke bolela tsa barekise bana ba diterateng, tse behang bophelo ba hao kotsing hantle feela jwalo ka heroin, crack kapa yona cocaine
ke dibontshi
O ka kgetha eng jwale pakeng tsa ho ithekela di-ARV le ho emela tsa mmuso"
BONA SESOTHO - July 2007
u
Ba a di tsuba
Haeba wena o ne o sa bone lere lebe ka boshodu ba di-ARV dipetleleng tsa setjhaba, tseba hore ho na le ditlaleho tsa hore ho na le dinokwane tse qhekellang bakudi ka dipidisi tsena hobane di batla ho di tsuba!
"Ha ke kgolwe hore ba a di tseba ditlamorao tsa seo ba se etsang," ho rialo Phillip Mokoena, mohokahanyi wa TAC, KZN ya fuputsang ditlaleho tsa mofuta ona.
"Haeba batho ba sebedisa dipidisi tsena bohlaswa," ho rialo Dr Gillian Tarr wa ACTS clinic. "Ba tla be ba beha maphelo a bona kotsing hobane e tla re ha motho a se a di hloka e le ka nnete, di tla be di se di sa sebetse mading a hae.
"Ha ke kgolwe hore dipidisi tsena di e di etse seo motho a se lebeletseng. Ditlamorao tsa sena di a fetana ho ya ka motho.
"Ntho e bohloko le ho feta ke ena ya ho qhekella bakudi ka dipidisi tsa bona ba behe maphelo a bona kotsing. Ketso ya bona ha se ya ho tshwarelwa."
t
BONA SESOTHO - July 2007
Ho sebedisa di-ARV ntle le tlhalosetso e nepahetseng, ho etsa HIV e be manganga
' Bakeng sa dipotso ka di-ARV, letsetsa:
lNational AIDS Helpline, ke ya mahala, o ka thuswa ka dipuo tse fapaneng: 0800-012-322
lTreatment Action Campaign bakeng sa lekala la TAC le haufi le wena: 021-788-3507
Lwantsha barekise ba dipidisi
"Ho utswa le ho rekisa di-ARV ke tlolo ya molao," ho bolela Adila Hassim, hlooho ya ditshebeletso tsa melao ho AIDS Law Project mane Johannesburg.
Jwalo ka dintho tsohle, le tsona di ya di ntse di haella, ho hlalosa yena. Phepelo ya dipidisi tsena e ne e qale ka monyebe ka 2004 mme o tshepa hore leano la 2007-2011 ha le bonahala le tshepisa. Ha le a tlameha ho qetella ka ho tshepisa, empa le tlameha ho sebetsa e le hore ho tle ho thusahale batho bana ba 700 000 bao e sa leng ba emetse kalafo ena ho tloha ka 2000 - mme he ho nahanelwa ha lenane lena le tla be le phetehile habedi ka 2010.
"Ho ba le dibaka tse ngata tse tla aba dipidisi tsena ke ona mokgwa oo re ka thibelang boshodu bona ka ona," ho bolela Adila. "Le haeba o di utswetsa morerong o motle, e ntse e le tlolo ya molao.
"Leha e le neng feela, tseba hore ho reka moriana mothong ya sa dumellwang ho etsa jwalo ho beha bophelo ba hao le ba ba bang kotsing hobane motho eo a ka se kgone ho hlahloba tsela eo kalafo eo e o sebetsang ka yona. Ho etsa jwalo mona ho etsa kokwanahloko ena e be manganga, e leng se kotsi.
"Ha ho le teng mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle ya rekisang dipidisi tsena, mo tlalehe tliliniking kapa sepetlele. Haeba e le motho eo o sa mo tsebeng, mo tlalehe sepoleseng. Ketso ya mofuta ona e kotsi setjhabeng - le tlameha ho e thibela."
