sotho.1980.letters
RE NGOLLE
Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fax: 031-912-2720 e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso leo e seng la nnete bakeng sa phatlalatso empa re ngolle la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
Iketsetse
Re kgothatsa bomme bohle ba se
nang balekane
KE dilemo di 24, ke mme ya se nang molekane, ya dulang le nkgonwae, baena ba hae ba babedi le mora ya dilemo di tharo. Ke ne ke ratana le ntatae haholo mme a dutse a ntshepisa lehodimo le lefatshe. Kajeno ke a bona hore o ne a batla ho robala le nna feela.
Eitse hoba ke ime, a nyamela, ka sala ke maketse ke bile ke utlwile bohloko bo tshabehang. Ya ka ke lahlehile. Ha ke sheba lesea la ka le phetseng hantle, ka bona ka moo Modimo o nthatileng ka teng. Ntle ho bohloko ba ho arohana le yena, Modimo o bile le nna.
Ke boetse ke a itshepa hape, bophelo ba ka bo kgutletse madulong mme ke kgona ho ikemela hape. Ke nna feela ya sebetsang lapeng leso mme re phela ha monate.
Ke re ho bomme ba bang ba se nang balekane jwalo ka nna, ba sa ntseng ba ikoka maqeba - hoo ha se pheletso ya bophelo ba bona.
Bonneteng ke nako ya ho ntlafatsa bophelo ba hao. Sebeletsang ho hlahisa bokgoni ba lona, le batle mosebetsi mme basadi bohle ba tla ba motlotlo ka lona!
Mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng.
NT Kwebu, Villiers
Ditshebeletso
Ke kgathatswa ke ka moo batho ba buang ka teng ka mmuso ha ba re ha o behe batho pele. Kajeno ho na le motlakase le metsi dibakeng tseo o neng o le siyo ho tsona pele.
Mmuso ha o kgone ho tlisa ditshebeletso tsena ho bohle ka nako e le nngwe, ba so kang ba di fumana ha ba a lokela ho tletleba. Seo ba lokela ho se etsa feela ke ho ba le mamello!
Empa batho ha ba a lokela ho phutha matsoho ba lebelle mmuso ho ba etsetsa sohle. Ba lokela ho qala maano a setjhaba a tla ntshetsapele maphelo a bona.
Re ka hlola mathata a theko e hodimo ya dijo ka ho iqalla dirapana tsa meroho, re itemele.
Ha ke na pelaelo hore mmuso o ka thabela ho thusa batho ba itekang ka mokgwa ona.
Nosizwe Bhontshi, Maclear
E ba motlotlo!
Boitshepo bo feletse kae, motlotlo le ho hlonepha melawana ya tshebedisanommoho mosebetsing? Re lokela ho thusana tharollong ya mathata ho feta ho nyatsa batho ba bang, ba theolwa seriti ha ba leka ho ntlafatsa maphelo a bona!
SM, Durban
Lengolo la mobadi ya hapileng moputso kgweding ena, le tla hapela monga lona Motorola W230 music-phone e bitsang R700!
MANGOLO
Fumana MotoSharp-Sharp e nang le Motorola W230 music-phone le lethathama la ditlhoko tse ikgethang tsa mmino. E hatisa hona radiong ya yona ya FM kapa o ka mamela mmino ho 1GB MP3 player e nang le dipina tse 300.
u
BONA e re...
Mehopolo e metle
SELEMO se setjha, ke nako ya ho nka diqeto. O sa hopola ditshepiso tseo re hlolang re di etsa empa re hlolehe le ho di phethisa - jwalo ka tlwaelo. Ke nnete re etsa diphoso. Empa ditshepiso tsa rona, di ka re tswela molemo ha re ka ba le mehopolo e metle feela ka rona le ka lefatshe.
Bonneteng, bohle re lokela ho ithata hobane ha re itlhoya, le lefatshe le tla re etsisa, le be le re shape. Ke tsena dikeletso tse supileng tseo o ka itshedisang ka tsona ha o le mathateng...
Lebala ka tse fetileng.Tshwarela. Ho dula o nahana ka dintho tse mpe tse fetileng, ho tla o utlwisa bohloko!
Kgetha se molemo feela. Se ikgahlapetse - kapa o nyatse batho ba bang. Ho hlahisa bokgoni ba hao ho ka nna ha batla hore o sebetse ka thata empa ke seo o nang le sona mme ha o ka itela, o tla atleha mme o natefelwe ke bophelo.
Boiphihlelo ka bong ke monyetla o itseng. Mathata a mang le a mang a na le tharollo mme a o hlahisetsa menyetla ya ho hola le ho tia sebete.
Se itshwarelle o tshoswe kapa hona ho sitiswa ke ba bang. Phema banyefodi. Ba batla o hlolehe. Se laolwe ke bona. Ba bontshe hore ba etsa phoso.
Ha ho pelaelo. Se etsahetseng se etsahetse. Ho nyatsa ba bang ho ke ke ha tjhentjha letho. Hopola hore bohle ba leka ho ba hlwahlwa ho sohle seo ba se etsang.
O kotula moo o jetseng. Ha o dutse o nyatsa, se makale ha le wena o nyatsuwa. Eba le lerato le kutlwelobohloko le wena o tla hauhelwa.
Ha o ka shebisisa hantle, boholo ba nako eo re hlahelwang ke dintho tse mpe ka yona, ke eo re ebeng re ena le mehopolo e mebe. Mohlomong re nahana hore ho na le ba re hulelang morao empa ho se jwalo. Re utlwa bohloko bo bokae pele re ka amohela nnete? Tharollo ke ho shebisisa mehopolo ya rona mme re hlokomele hore ho na le phapang e kgolo mabapi le ka moo dintho di leng ka teng le ka moo re nahanang hore di ka teng!
BONA October 2008
Mekaubere e lebetsweng
Hangata mebila ya Afrika Borwa e rehellwa ka mekaubere ya dipolokiting. Na ha ho e meng eo re e lebalang? Re reng ka ba sebeditseng ka lenyele ba tlisa diphetoho?
Hobaneng ha mebila e tla rehellwa ka bafu feela? Re reng ka dikakapa tse tsa habo rona tseo hona jwale di hlokometseng bakudi, maqheku, ba hlekefeditsweng le bohle ba hlokang thuso?
Hape bongata ba bona ke baithaopi, ba ithaopileng ho sebeletsa ho tlisa phapang ntle le ho lebella moputso.
LM, Tembisa
Ho basadi ba Afrika Borwa
Banabeso, bomme, bonkgono le lona bohle ba itshwereng hantle. Re batho ba bohlokwa hape re batle. Ke lona ba etsang hore lefatshe le be le bophelo empa ke nako ya hore re rataneng.
Ka mokgwa ona, re tla ba mohlala banneng, re etse ba hlokomele ka moo re batlang ho tshwarwa ka teng. Bakeng sa ho dula re bona tse mpe basading ba bang, ke nako ya hore re leke ho sheba tse molemo, re kgothatse. Ithuteng ka ho sheba mohlala basading ba bang mme re be motlotlo ka hore re Maafrika Borwa.
Ha re ka etsa jwalo, re tla tima banna menyetla ya ho re hlekefetsa, ba tla tlameha ho re hlonepha.
Tsidi Nchabeleng,
e-mail
Re kgathetse ke dikoloi tsa bakudi
Ke moahi wa Kroonstad ke kgathatsehile ke ka moo dikoloi tsa bakudi tsa sebakeng sena di sebetsang ka teng. O tlameha ho di emela dihora tse tharo kapa ho feta pele e fihla. Ke ipiletsa lefapheng la mmuso hore le mpe le ntlafatse maemo a tshebeletso ena ya bohlokwa setjhabeng.
Sandile Khompela,
Kroonstad
Tsohle di a feta
Bohloko, maswabi le ho thefuleha moyeng....ke dintho tse ding tse ngata tse etsahalang bophelong ba motho, mme di a feta. Ka nako e nngwe, re ekwa ke metswalle, re shwellwe ke baratuwa ba rona, re lahlehelwe ke mosebetsi - re hlahelwe ke tsohle tse bohloko.
Re ba le mathata ao ka nako e nngwe a re llisang bosiu kaofela. Re mamoha dihlooho ke mathata.
Ka nako e nngwe re nahane le ho ipolaya. Empa re lokela ho hopola hore lefu ha le fete athe mathata ona a a feta.
Nako ya mahloko e feta ka pele. Ho amohela nnete ena ho ka re kgothatsa, re tobane le mathata a rona ka sebete, re a rarolle! Ipolelle feela hore, le ana ao ke leng hara ona kajeno, a tla feta!
Aaron Tlou,
Tweefontein
Ho beha bophelo kotsing
Mabenkele a maholo a mangata, a baka bohobe mme ka nako e nngwe ba siya hlama e sa kwahelwa. Na seo ha se behe bophelo ba bareki kotsing? Nahana feela hore ba bakae batho ba dubang hlama eo, ba e tsipang ho bona hore e sa ntse e le foreshe kapa tjhe. Ba sa hlapang matsoho ka mora ho kena ntlwaneng bona, re reng ka bona?
Ho lokela ho etsa matsapa a hore dietswa tsa mofuta ona di tshwarwe ka tlhweko.
Lazarus Makgafela,
Tembisa
E fediswe
Ke lakatsa ekare beile e ka fediswa haholoholoho ho babolayi. Ba bolaya batho ba tseba hantle hore ba tla lokollwa ka beile. Ba lefellwa beile ka tjhelete eo ba e utswitseng. Ke ipiletsa makgotleng a dinyewe hore batho bana ba se ke ba nehwa beile hohang.
Thoto Bereng,
Bloemfontein
Ho bohloko!
Ke utlwiswa bohloko ke ka moo batho ba habo rona ba sa ntseng ba seolla batho ba nang ke kokwanahloko ya HIV. Sena se mpefatsa maemo ka ho fetisisa mme ha ho tswele batho molemo wa letho ntle le ho ba utlwisa bohloko feela.
Hore motho o na le kokwanahloko ya HIV ha ho bolele hore ha se motho hantle jwalo ka ba bang. A re se
lebaleng seo!
Nelson Khumalo,
Tembisa
Ke nnete
Monna ya sa hlonepheng ditokelo tsa basadi ha se monna wa sebele. Ha mosadi a re "Tjhe" o bolela "tjhe". Ho leka ho mo ntsha seriti, ho etsa hore le wena sa
hao se fela hohang.
Andrew Noge,
Alexandra North
Dikamano tsa ntle di senngwa keng?
Bongata ba dikamano tsa lerato di qala ka sekgahla se tshabehang empa ho etsahaleng ha mmela o ntse o puta?
Hang ha re qala ho dula mmoho, re qala ho kgellana tlase. Re a lwana bakeng sa ho tshehetsana. Qaleho ya dikamano ke motheo feela empa sa bohlokwa ke ka moo baratani ba tshwaranang ka teng ka mora dilemo ba le mmoho!
Matome Kubu,
Menlo Park
Re tlameha ho sebetsa mmoho
Jwalo ka Maafrika Borwa, re tlameha ho sebetsa mmoho ho tjhentjha naha ya habo rona. Ha ho nke nako e kae ho lokisa dintho bakeng sa ho nna re bala sena le sane le sesosa sa diphoso.
Re lokela ho tjhentjha menahano, le ka moo re etsang dintho ka teng, mme re etse tse ntle feela. Re lokela ho batla tharollo ya mathata, e seng re nne re tletlebe ka ona.
CS, Jouberton [s]
Re reng ka bana?
Ke kgathatsehile ka moo bana ba banyenyane ba lahlehang ka teng matsatsing ana. Ke atisa ho ba bona ba solla ba le bang ka shwalane. Bang ba ronngwe ke batswadi. Ka nako eo re shebelletseng TV, bana ba rona ba a nyamela kapa ba kene kotsing.
Ba bang ba a retlwa.
Re dutse re utlwa ka diketsahalo tsena letsatsi ka leng empa ha ho letho leo re le etsang ho sireletsa bana ba rona. Ha re etseng le matsapa a ho rireletsa bana ba bang bao re kopanang le bona mafifing ba le bang.
A re pokoleng re sireletseng bana ba rona!
Thabo Moja,
Pimville
