sotho.1979.parenting
BOTSWADI
Lesea la hao le qeta selemo
Di ngata diphetoho tse makatsang tseo o tla di hlokomela leseeng la hao ho tloha le hlahile ho fihlela le kopantse selemo...
MASEA a hola ka ho fapana mme o se makale haeba la hao le dieha ho etsa dintho tse itseng. A mang a a potlaka... a mang a hole butle. Empa he haeba o hlile o ngongorehile hore lesea la hao le "saletse" morao kgolong, o ka le isa tliliniking.
Empa pele o etsa seo, ke sena seo o ka se lebellang leseeng le hao selemong sa lona sa pele...
DIKGWEDING TSE THARO...
Lesea la hao le qetile dikgwedi tse robong kaofela le dutse le finahane ka popelong mme le dibekeng tse mmalwa tsa pele le hlahile, le tla nne le dule ka mokgwa oo, le phuthetswe ka mapae.
Hanyane hanyane, lesea le tla nne le qale ho ikotlolla, le hona ho raharaha.
Mafelong a kgwedi ya pele, lesea le tla kgona ho phahamisa hlooho metsotswana ha le paqame. O tla kgona ho fina le ho finolla matsoho, ho a isa molomong esitana le ho nanabela dintho tse le kgahlang.
Jwale le tla kgona ho etsa lerata - le thimole, le fofonele, le lle le hona ho bitsa mantswe a kang "aaaa" le "oooo."
Le tla bonya ha le utlwa lentswe la hao, le fetolele hlooho ka ho wena. Le tla lla ha le siuwa le le leng, le lle ka mekgwa e fapafapaneng bakeng sa dintho tse fapafapaneng. Le tla bonya le qale le ho tsheha - ena ke tsela eo le buang le yona le wena.
Ho bona: Lesea le tla kgona ho shebisisa difahleho tsa batho. Le tla qala ho latela dintho tse fetang, le kgone ho bona phapang pakeng tsa kganya le lefifi. Le tla kgona ho bona dintho le batho ba bohole bo ka bang 30cm le yena. Mahlo le matsoho a lona a tla qala ho tsamaisana jwale.
TSE NNE HO YA HO TSE SUPILENG...
Lesea jwale le se le tla kgona ho nka dintho le ho di tlosa letsohong le leng ho di isa ho le leng. O tla batla ho shebisisa sohle se diatleng tsa hae... ka ho se kenya ka hanong.
Le tla leka ho nanabela dintho tse hole le lona, le utlwisise "sephetho sa ntho tse itseng" - mohlala, hore ha le raha bolo, e tla theteha.
Le tla kgona ho bapala ka mangenengene, le kgone ho itshwara maotong ha le qethohile le kgone le ho a isa ka hanong.
Le tla kgona ho thetehela mahlakoreng ka bobedi ha le paqame. Ha sena se qala, se ka makatsa matswadi mmoho le lona lesea, ke ka hona o sa tlamehang ho siya lesea le le inotsi betheng.
Boima ba hlooho ke bona bo etsang lesea le kgone ho pitika mme dikgweding tse mmalwa tse latelang, ho pitika hoo, ho tla ja setsi... ho fihlela le kgasa.
Ka nako ena, lesea le tlameha hore le be le se le tseba lebitso la lona, esitana le ho utlwa ha motho a re "tjhe!" Le se le kgonne jwale ho qapolla ditlhaku tse kang "d," "b" le "m."
Le tla leka ho bua le wena ka ho etsa lerata le sa tshwaneng.
Le tla qala ho medisa ho tloha dikgweding tse tsheletseng. Ha le medisa, le qala ka pele. Ka nako ena le tla tefa le kule ka lebaka la ho medisa. Le tla dutla diqenqe haholo, le rate ho hlafuna.
Dikgweding tse tsheletseng le tla be le se le kgona ho ja le ho kwenya dijo tse bobebe. Kgweding tse tsheletseng teng, le tla be le se le kgona ho hlafuna hanyane.
Le tla ithuta ho itulela ka bolona, empa le ntse le tla hloka ho tshehetswa.
Lesea le hola ka pele mme jwale le tla qala ho bontsha maikutlo a fapafapaneng jwalo ka ho thaba, ho hlonama, ho halefa, ho tshaba le ho makala.
Ho bona: Lesea le tla kgona ho bona phapang mmaleng e fapafapaneng esitana le ho bona dintho tse hole. Le tla kgona ho latela ntho tse fetang ka mahlo.
TSE ROBEDI HO YA SELEMONG...
Ka nako ena, lesea le tla kgona ho utlwisisa se bolelwang ka bokantle le bokahare mme le qale ho bapisa mantswe le ditshwantsho.
Nakong ena jwale, lesea le tla be le se le kgona ho utlwisisa puo ya habo lona. Jwale le tla be le leka ho bitsa mantswe a kang "tate" le "mme."
Jwale le tla leka ho bitsa mantswe a itseng le hona ho arabela ho a mang.
Ho fihlela jwale, lesea le tla be le sebedisa letsoho la lona kaofela ho thonaka dintho - le sebedise le monwana o motona le o supang ho thonaka dintho tse tshesane.
Jwale le tla qala ho hlaba dintho ka monwana, le otlanye dintho, le kgone ho ikukela dintho tsa ho bapala. Le tla rata ho supa dintho le ho thathaisa!
Dikgweding tse robong teng, le tla qala ho thabela dijo. Le tla rata ho latswa le ho hlafuna... le itshele le ho itshela! Le tla ithuta ho inwesa ka kopi.
Ho tloha jwale, le tla leka ho itshwarella.
Masea a mang a qala ho kgasa a le dikgwedi di robong, a dule ntle le ho tshehetswa.
Masea a kgasa ka ditsela le mekgwa e fapafapaneng.
Ho bona: Lesea jwale le tla kgona ho bona dintho tse nyenyane haholo (le be le nne le fate le mmata), le kgone ho utlwisisa phapang pakeng tsa "hodimo," "tlase," "ka hare, le "ka ntle."
Selemong sa pele kelello ya lesea e tla hola ho fihlela halofong
BA THABISE
ntle le ho senya tjhelete!
YA MAHALA!
Dihlahiswa tsa masea tsa JOHNSON'S® Baby di etseditswe hore di se be bohale. Sena se bolela hore metswako yohle ya teng e hlahlobilwe ka nepo ho netefatsa hore ha e bohale, e bile e sireletsa letlalo e le siye le le bonojwana le bile le le boreledi.
Ha o sebedisa ditlolo tsena, o netefatsa tlhokomelo e ikgethang letlalong hore le dule le le bonojwana..
Ho ba le monyetla wa ho hapa se seng sa diphuthelwana tse 16 tsa ha JOHNSON'S® Baby tse bitsang R250 ka seng, romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/JOHNSON'S® Baby Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele JOHNSONS ka SMS ho 35919. (SMS ka nngwe e bitsa R3.)
Jwalo ka ha motswadi e mong le e mong a tseba, bana ke batho ba hlokang ho thabiswa letsatsi lohle, empa ho ke ke ha ba bobebe ho ba thabisa ka tjhelete e nyane. Ke ena mekgwa e bobebe eo o ka thabisang ngwana wa hao ntle le ho senya tjhelete e ngata ka yona...
Ho etsa dipudulana: Bana ba a rata ho lelekisa, ho tshwana le ho butswela dipudulana. Seo o se hlokang, ke sesepa sa ho hlatswa, metsi le sebaka se bulehileng, mme jwale le ka kgona ho ithabisa le ngwana hao.
Dilae tsa ditapole: Seha tapole mme o etse e be e ka ke kgwedi. Mo dumelle ho qopetsa tapole eo penteng, a qete a e peteletse pampiring e hlwekileng mme o mmontshe sephetho sa seo.
Nako ya dipale: Ho balla ngwana, ke e nngwe ya ditsela tsa ho mo thabisa. Mmalle ka tsela ya hore a be le pono ya seo o mmallang sona. Mmatlele dibuka tseo o ka mmalang tsona polokelong ya dibuka ho hodisa tsebo ya hae.
Tswaka o kopanye: Tlatsa khabathe ya hao ya kitjheneng ka maphaka a dibotlolo tsa polasitiki. Bula dikwaelo mme o re a bolele hore sekwaelo se fe ke sa botlolo e fe.
Lebokoso la polokelo: Nka lephaka la lebokoso la tissue, o kenye dintho tsa hae tsa ho bapala, sakatuku, dipalesa le tse ding dintho. Kopa ngwana hore a tutubale mme a kenye letsoho lebokoseng a o bolelle lebitso la seo a se qotsitseng. Ha a ntse a hola, o tla kgona ho nahanela seo a se nkang ka hara lebokoso leo. (Netefatsa hore dintho tseo o di kenyang moo, o di tjhentjha kgafetsa.)
Ho hlatswa: Etsa ngwana a thabele mesebetsi ya ka tlung. Mo rute ho hlophisa mebala, a qale ka o mosweu, o mo rute e meng ha nako e ntse e tsamaya. Mo rute ho kenya diaparo ka motjhineng wa ho hlatswa, o mo thuse ho di ntsha.
Ho lema dipalesa: Ruta ngwana hao ho jala dipalesa dinkgong tsa teng. Sena se tla mo ruta boikarabelo, empa, sa bohlokwa ke pososelo o tla e bona sefahlehong sa hae ha sethopo se qala ho mela.
Sebaka sa ho phomola: Bapisa ditulo tse nne mme o ale kobo kapa lakane ka hodima, o tla be o na le tente jwale. Beha mesamo le dintho tsa hae tsa ho bapala mme e tla ba sebaka se setle sa ho phomola. Sena se tla mo thabisa, athe hape ena ke ntho e etsahalang ka bonolo.
Ho tjeka: Ha ho ntho e monate jwalo ka ho tjeka le ngwanahao. Bulela mmino o bohe ha ngwale e kgiba. O tla o etsisa, mo kope hore a "ope matsoho" kapa a nne a tilatile fatshe. Natefisa sena ka ho mo neha lengenengene, a tjeke a ntse a le letsa. Sena se tla mo thabisa haholo... a thabele lerata leo!
Nandini Naidoo [s]
