sotho.1978.BEC events
LEPETJO: Menyetla le diketsahalo tsa bohahlaudi mane South Coast
Sebaka: Kapenta Bay Resort,
11-12 Princess Elizabeth Drive, Kapenta Bay, Port Shepstone, KwaZulu-Natal
Letsatsi: Labobedi, 25 Mmesa 2006
Nako: 6pm bakeng sa 6.30pm
MC:
Joyce Skefu
HO BEHELETSA SEBAKA:
Monyako: R30 motho (e lefshwa monyako). Ho balwa le dijo. Bara e tla bulelwa ba ratang ho inyorolla. LETSETSA: 011-883-8829 KA DIHORA TSA MOSEBETSI
Dintho tsa bohlokwa thekisong
Katleho ya kgwebo e itshetlehile kutlwisisong ya hao ya tsa thekiso. O lokela ho tseba hantle Seetswa sa hao, Theko ya sona, ka moo o tla se Ntshetsapele ka teng le Moo o tla sebeletsa teng.
Seetswa seo o se rekisang se lokela ho kgahla bareki ba sona. Se phuthelwe ka bokgabane, ebe sa boleng seo hape se dutseng se fumaneha ka dinako tsohle.
Beha theko ho ya ka ditshenyehelo tsa hao tsa ho se hlahisa, o tsebe hore o tla fumana phaello e kae le moreki a fumane molemo wa tjhelete ya hae.
Tseba ka moo o tla ntshetsapele kgwebo ya hao ka teng, sebaka esitana le ditjeho tsa seo.
Ha se moo rekisang teng feela empa ke hohle moo bareki ba leng teng le ka moo o tla tsamaisa dietswa tseo ka teng hore di fihlelle ho bareki bohle.
BONA SESOTHO - May 2006
MC: Joyce Skefu
DIBUI
Boithabiso: Mazwai
Ellen Mbele - Community Development Officer
Kopano ya kgwedi ena e
PORT SHEPSTONE
Lood Boshoff
Modulasetulo: Ugu Tourism, Marketing Association;
Modulasetulo: Hibiscus Coast Tourism Association; Modulasetulo: South Coast
And KwaZulu-Natal
Provincial Tourism
DIKELETSO TSA
HO LAOLA KGWEBO
KA KATLEHO
Bala leqephe la BONA la dikeletso bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka tsa thekiso mme dikgweding tse latelang Mageu Number 1 e tla o thusa ho qala kgwebo e nang le katleho.
Lood Boshoff
Mazwai
QALA KGWEBO LE
JWALO ka ha mariha a se a kene, na ho na le mokgwa o betere wa ho iketsetsa tjhelete ho feta ho iqalla kgwebo ya ho rekisa dikobo-
Ditho tsa BONA Empowerment Club di lehlohonolo haholo Afrika Borwa hobane di ka kgona ho kena kgwebong di tloha feela mme di iketsetse tjhelete e jwalo ka tjhelete, re leboha monyetla wa kgwebo wa dikobo tsa ha Aranda.
O ka nna wa reka dikobo tse ngata tsa ha Aranda ka nyehlisetso mme wena o di rekise ka phaello.
Seo o lokelang ho se etsa feela ke:
1. Ho ya dikopanong tsa BONA Empowerment Club.
2. Mamela ka moo o ka qalang kgwebo ka teng, o tlatse foromo ya ho otora e fumanehang teng hona selemong sena.
3. Batla batshehetsi, o nke dinomoro tsa bao o tla ba rekisetsa. Hopola hore o ka rekisetsa boramabenkele, kapa dikolo esitana le setjhaba ka kakaretso.
Athe ha o sa kgone ho ya dikopanong, o ka letsetsa Wellington Tshomela mohala ho: 011-883-8829 ka dihora tsa mosebetsi o kope a o romelle ditlhalosetso ka fekese.
Se fetwe ke kgatiso ya BONA o utlwe menyetla ya kgwebo ya selemo sena ya dikobo tsa Aranda le BONA Empowerment Club.
Taste the Soul of Africa... Taste success with Mageu Number 1
Dikotikoti di a fumaneha ka boholo ba:
250g Golden Syrup, l 500g Golden Syrup le l 1kg Golden Syrup.
Glenryck Pilchard Fish Cakes
ILLOVO SUGAR
E hlahisa disirapo tse ratwang Afrika Borwa
LETHATHAMA la disirapo tsa Illovo haesale e le tse tshetjwang ke meloko ya bareki ba Afrika Borwa. Illovo e motlotlo ka hore e tsebisahala ka ho hlahisa disirapo tsa boleng bakeng sa ho pheha, ho baka, ho tlotsa esitana le ho tlotsa ka hodimo ho dessert eo o e ratang haholo.
Bareki ba bangata ba tlwaetse lethathama la bona la dikotikoti tse tala le tse kgubedu empa ba bang ba se ba thabela e dibotlolong tsa polastiki tse pepetehang ka bonolo. Di boetse hape di a fumaneha le ka boholo ba 500g le 1kg.
1 x 425g kotikoti ya Glenryck Pilchards In Tomato Sauce
2 ditapole tse ebotsweng tsa kgabelwa
1 lehe, le kgobilweng hanyenyane
1 eie e kgabetsweng
2 dikgaba tsa parsley, e foreshe e kgabetsweng
1 kgaba lero la sirilamunu
letswai le ground black pepper
folouru ya ho fafatsa
oli ya ho hadika
1. Minyolosa tlhapi o e kgobe, boloka lero hantle.
2. Pheha ditapole metsing a letswai ho fihlela di butswa. Di minyolose metsi, o di soke. Di noke ka letswai le pepere
3. Di kopanye le tlhapi, lehe, eie, parsley le lero la sirilamunu. Noka ka letswai le pepere.
4. Fafatsa folouru borotong mme o arolele motswako dikoto tse tsheletseng hodima yona. Fafatsa ka folouru hape.
5. Hadika ka oling ho fihlela di butswa. Di minyolose mafura.
6. Fepela mmoho le lero la pilchard le mixed salad.
E fepela ba 4-6 [s]
Ba neng ba le kopanong ya Bake and Cook for Profit ba etsa dinoto.
KOPANO YA BAKE AND COOK FOR PROFIT
Illovo iGrand!
Dibotlolo tsa dipolastiki tse pepetwang di a fumaneha:
Golden Syrup - sirapo e ratwang e etsang mesebetsi yohle; Traditional Syrup - e monate bakeng sa ho tlotsa; Maple Syrup - e nang le tatso e monate ya maple bakeng sa tee, le Caramel Syrup - e monate bakeng sa ho etsa dessert-topping.
Sebaka: Kapenta Bay Resort,
11-12 Princess Elizabeth Drive, Kapenta Bay, Port Shepstone, KwaZulu-Natal.
Letsatsi: Laboraro, 26 Mmesa 2006
Nako: 9am ho ya hara mpa motsheare
KOPANO ya BONA Bake and Cook for Profit, e neng e tshwerwe ke Vicky Kubeka, e tsheheditswe ke Mageu Number 1 le Illovo Sugar, e ratilwe haholo ke babadi.
Dikopano tsena di neha batho monyetla wa ho kopana le diphehi tse atlehileng le ho buisana le batho ba kgwebong ya dijo. Ha o batla ho ntlafatsa bokgoni ba hao ba ho pheha le ho baka, mme o iketsetse tjhelete ka hona, se fetwe ke kopano ya rona e latelang ya Bake and Cook for Profit.
BONA SESOTHO - May 2006
O LOKELA HO BEHELETSA SEBAKA
Monyako: R10 motho (Ho lefshwa monyako.) Ho balellwa le dijo.
LETSETSA: 011-883-8829 KA DIHORA TSA MOSEBETSI
