sotho.1977.yourstyle_beauty
E ba PABALA mariheng ana!
HLAKA O BE MOTLE
Mekgabiso ena ya sefahleho e mebala e kganyang, eo re e boneng mahareng a lehlabula, e ntse e tla boheha hantle le nakong ena ya mariha.
O ka kgabisa dintshi ka mmala o turquoise le o perese, ha manaleng teng o ka sebedisa o bolou bo tebileng, o mopinki kapa o mosehla.
E BENYANG
Mmala wa kgauta, o silivera esitana le o bronze, e kgutlile ho tla ntlafatsa tjhebeho mariheng ana. O ka e leka hohle, dintshing, manaleng le dipounameng - empa o se ka e sebedisa ka nako e le nngwe, ntle le haeba o na le lebaka le utlwahalang la seo.
ITSHEPE KA O MOTSHO
Ba neng ba tshaba ho sebedisa poletjhe ena ya manala e mmala o lefifi, e bonahetseng mabenkeleng mafelong a lehlabula, ke nako ya hore ba e leke jwale. Mmala o bolou bo tebileng le o perese e metle manaleng a makgutshwane. Leha ho le jwalo, mebala ena ha e metle maotong!
O LOILENG O MOTLE
Le mariha dipounama di ka nna tsa shebahala di le mpe, empa mmala o bofubedu bo tebileng le bo kganyang, o loketse dipounama le manala nakong ena jwalo ka ha e hlaka diaparong tse lerotho, le lebaleng le letsho.
O mong mmala o motle dipouna-
meng, ke o bopinki bo hlakileng. [s]
Pale: Patricia McCracken
(Mohlodi: Revlon, Yardley, Nailene, Lalu, Avon)
BOTLE BA HAO
Kgema le dinako ha re tla ntlheng ya mekgabiso ya sefahleho nakong ena ya selemo
TJHEBEHO E NTLE KA TJHELETE E NYANE
Mekgabiso e metjha ya sefahleho ke ona mokgwa wa ho itsoseletsa. Empa ha o sa etse ka nepo, o ka iphumana o senya tjhelete e ngata. Ke tsena dikeletso tse ka o thusang:
Fepa mahlo pele o reka
Etela karolo ya mekgabiso ya sefahleho kgafetsa mabenkeleng - itlwaetse mebala eo o ka e ratang ka ho leka eo e buletsweng bareki ho e leka.
Dikeletso
Fumana dikeletso ka mekgabiso ya mariha ho, Faith Seuoe, ya kgabisang dibontshi tsa BONA.
"Bongata ba rona re a kganya mariha," ke yena eo ka hoo, sheba hore foundation ya hao ya hlabula e ntse e lokile, mohlomong o tla tlameha ho reka e loketseng mariha."
E leke hanyane feela
Haeba o rata mekgabiso, empa o tshaba mebala e kganyang, qala o e tshase hasesane.
E nngwe tsela ya hore o bohehe hantle, ke ho tshasa gloss hodima lipstick e mmala o lerotho.
Eba le tjhebelopele
Boloka tjhelete, reka mekgabiso o tla e sebedisa ka dinako tsohle tsa selemo, ho eletsa Faith. Mebala e kganyang ha e metle hlabula, e sebedise mariha.
