sotho.1103.siphokazi
BONA SESOTHO December 2008
Tswere
YA SEBELE
(athe o rata le ho reka)
Re lapeng la sebini se seng se hapile dikgau tse ngatangata, re bua ka ngwanana wa Lusikisiki, Siphokazi...
BOPHELO BO MONATE
RE ne re bulelwe monyako ka pososelo e kgolo ke mabotle enwa ya molelele ka seemo, ya mosesane. A re amohela ka diatla tse mofuthu foletheng ya hae e nang le dikamore tse pedi tsa ho robala. Ra fihlela phaposing ya hae e ntle ya ho amohela baeti.
Leboteng ho ne ho ena le ditshwantsho tsa bana babo, Thembi le Asanda le kgaitsedi ya bona, Oyama. Motho wa bohlokwa bophelong ba Siphokazi ke nkgonwae.
Kamora nako e se kae, re bone a se a re phomosetsa dijo tse monate.
Siphokazi ke ngwana setsoha le pelo ya maobane.
Empa seo ha se makatse. Ngwanana enwa ke e mong wa dibini tse nang le neo e babatsehang haholo dilemong tsena. Leha ho le jwalo, ha a ya lebala ka sebaka sa habo sa Lusikisiki mane Kapa Botjhabela.
O rata Midrand hobane teng o kgona ho phomola hantle a kgatholohe jwalo kaha a le Lusikisiki.
"Ha ke tswa bina, ke e ke rate ho phomola," ke yena eo.
"Ke ne ke thabe ha ke ne ke fumana sebaka sena hobane ho sona ke fumana ho phomola hantle."
Ntlong eo ya hae, kamore eo a e ratang haholo, ke ya ho robala.
"Ke a e rata kamore ena," ke yena eo. "Ke hona moo ke kgonang ho phomotsa mmele le kelello, ke imamele, ke robale kapa ke ipalle dibuka."
Ha a bua ka nyakallo ya hae... Ntle le nkgonwae, Siphokazi o bolela ha ba bang batho ba bohlokwa bao e bileng e leng mehlala ho yena e le Busi Mhlongo le Sbongile Khumalo.
"Ba dula le nna fatshe, ba ntlhabe malotsana ka tsebo ya bona ya mmino," ho bolela yena ka pososelo. "Ke thabela thuso ya bona haholo."
Ha a se mminong, ngwanana enwa ya neng a tsibule mminong ka albamo e reng Ubuntu Bam', o rata ho pheha - le ho reka.
"Ke dutse ke leka diresepe tse ntjha kamehla, empa ke qala ke di latswe nna pele nka di etsetsa ba bang."
Tabeng ya ho reka teng... "Ke tlwaetse ho tla lapeng le dintho tseo ke neng ke sa rera ho di reka," o boletse jwalo ka thabo e kgolo. "Ke rata dieta, bethe e ntle esitana le dintho tsa ho kgabisa ka tlung..."
Jwalo ka ha a ntse a kgona ho ithabisa, sena se bolela hore le yena ka talente ena ya hae o sa ntse a tla tswelapele le ho thabisa batho ho ya
ho ile... [s]
Pale: Steven Makhanya
Siphokazi o bolela ha a rata kamore ya ho robala ho feta tse ding kaofela.
'
'
Ha ke le lapeng, ke batla ho phomola
Sebini sena ha se le lapeng, se thabela ho pheha le ho iphomolela.
BONA SESOTHO December 2008
