SOTHO.1976.stars
BONA SESOTHO - April 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: O tla atleha ha o itshepa.
Bophelo: Hlokomela seo o se jang. Eja ditholwana le meroho e mengata kgafetsa.
Tjhelete: Sebedisa monyetla ofe kapa ofe wa ho ntlafatsa maemo a hao ditjheleteng.
Lerato: Ke nako e monate dikamanong tsa lerato.
Mosebetsi: Hlophisa dintho hantle hore o fihlele ditoro tsa hao, rera dintho hantle o se di fetelletse.
Bophelo: Ela hloko o se hlaselwe ke mahloko molaleng le mmetsong.
Tjhelete: Ho qala maano a ho boloka tjhelete ha jwale a tla o etsetsa phaello e ntle.
Lerato: Tshwara moratuwa wa hao hantle.
Mosebetsi: Qala mosebetsi o motjha ka boitshepo.
Bophelo: Iphe nako e lekaneng ya ho robala o phomole.
Tjhelete: Ho ntlafatsa maemo a hao a tjhelete ho tla o neha tokoloho.Lerato: Eba le maano a matle bakeng sa thabo leratong la hao, ka hoo eba le lerato o ithabise.
Mosebetsi: Eba sedi, o sebetse hantle le hona ka bohlale.
Bophelo: Phema kokwanahloko ya mokgohlane ho bao o sebetsang le bona,
Tjhelete: Shebisisa maano a ho boloka tjhelete. A kenele ha a tla o tswela molemo feela.
Lerato: Bophelo bo tla ba monate, o tla ba thatohatsi.
Mosebetsi: Nkela batho hloohong le sohle seo o se etsang.
Bophelo: Ikemisetse ho ipoloka o phetse hantle - phema ho ja sa mpanaphatloha.
Tjhelete: Hlophisa lenaneo la ditjhelete hantle, dula o ena le tjhelete bakeng sa maemo a tshohanyetso.
Lerato: Tsa lerato di tla hantle.
Mosebetsi: Merero ya kgwebo e tla hantle.Bophelo: Intshe haholo, o ikwetlise mme o je ka tshwanelo.
Tjhelete: Ho hlophisa lenane la ditjhelete bakeng sa ditlhoko tsa lelapa ho tla o kgatholla moyeng.
Lerato: Ke nako e ntle ya lerato ha o se na molekana. Ha a le teng, ithabiseng mmoho.
Mosebetsi: Lehlohonolo la hao le tla o bulela menyetla e metle. Sebedisa menyetla ha nako e dumela.
Bophelo: Hlokomela seo o se jang, iphe nako ya phomolo.
Tjhelete: Hlokomela o se ikenye dikolotong. Lerato: Ke nako ya boithabiso. Natefelwa ke ho intsha le ho ikahela setswalle.
Mosebetsi: Sebedisa mehopolo ya hao e metjha, o hlahlobe tswelopele kgafetsa.
Bophelo: Mohlomong o kgathetse. Enwa dipidisi tse eketsang phepo mmeleng hore o se kule.
Tjhelete: Etsa lenaneo le ditjhelete hantle, o se tetebele dikolotong.
Lerato: Nahantshisa ka tsa marato. Eba le tlhokomelo e ntle.
Mosebetsi: Dintho di totobetse hantle kgweding ena ka ho latela ditoro tsa hao. Bophelo: Se lebelle mehlolo boikwetlisong - itlhokomele, o se ikgarametse haholo.
Tjhelete: Se e sebedise tlolo, o be o kene dikolotong tse kgolo. Lerato: Ke nako ya menate, o tla qakeha, e tla ba lerato hohle.
Mosebetsi: O na le monyetla wa ho hlahella! Ho tla ba le diphephetso empa o tla di kgona.
Bophelo: Ela hloko ka ho opelwa ke mmele le ho honyela, o ipoloke o futhumetse.
Tjhelete: O ka nna wa ba le tjhelete lehlakoreng. E boloke.
Lerato: Se iphapanye moratuwa wa hao, e ba le lerato le tlhokomelo.
Mosebetsi: Itshepe o nahane ka merero e meholo.
Bophelo: Ela seo o se jang hloko o se jelle sa mpanaphatloha!
Tjhelete: Ela hloko ha o etsa matsete, ebe a tla o tswela molemo feela.
Lerato: Ke nako e boima empa e monate ho tsa boithabiso. Lebella batho ba batjha o etse dintho tse ntjha.
Mosebetsi: Ikemisetse ho amohela menyetla e metjha, o e sebedise!
Bophelo: Mosebetsi o se o hatelle. Ikwetlise, o iphe phomolo.
Tjhelete: Ho boloka tjhelete hantle ho tla o neha boitshepo. Lerato: Eba le mamello le kutlwelobohloko. Molekane wa hao o hloka tshehetso ya hao. [s]
