Sotho.1975.career
KANTO-RONG
TSHEBEDISANO-MMOHO
E NTLE
HA MOHIRI wa hao a nahana hore ha o tsebe ho sebetsa ka kgotso le ba bang, ho a totobala o nahana hore o dutse o tletleba, o boikgohomoso, hape ha o tsebe le mosebetsi! Ka hoo, ha o batla katleho, ke nako ya ho ba bontsha hore o kgona ho sebetsa hantle le ba bang. Ke tsena dikeletso:
1 EBA LE TSHEDISANO-MMOHO LE KUTLWISISO
Ikemisetse ho amohela ho thusa ba bang ditlhokong tsa bona ho feta ho hatella tsa hao ka dinako tsohle.
2 NTLAFATSA BOKGONI BA DIPUISANO
Hona ho bolela hore o tla lokela ho mamedisisa ba bang! Ho tla totobala ho bona hore o na le thahasello ya ho ba thusa le hore ba boele ba o tshepe hape. Hape, le basebetsimmoho le wena ba tla kgothalla ho o thusa. Ke yona tshebedisanommoho eo!
3 RAROLLA MATHATA
Motho ya rarollang mathata bakeng sa ho dula a tletleba ka ona ke ya tsebang ho tjhentjha maemo a dintho. Ke hantle! Ho ya ka moo setsebi sa mosebetsi, Joel Osteen a di behang ka teng: "Se bolelle mohiri wa hao ka mathata ao o se nang tharollo ya ona."
4 HLONEPHA BAOKAMEDI
Matsoho a a hlatswana: Ha o batla ho hlonetjhwa, le wena o lokela ho hlonepha. Phema dikgohlahano le basebetsimmoho le wena mme o se ikamahanye hohang le batho ba ditshele.
5 TOBA TABA
Ha o qabane le mosebetsimmoho, rarollang mathata hanghang. Se kenyeng ba bang ditabeng. (Ke nnete maemong a mang o tla hloka thuso jwalo ka ha o hlekefeditswe ka thobalano kapa ka mokgwa o mong o jwalo).
6 SIYA MATHATA A LELAPA LA HAO HAE
Se tle mosebetsing o halefile. Ha ho motho ya thabelang ho mamela ditletlebo tsa ba bang nako le nako.
7 ETSA HORE BA O HOPOLE.
Sebeletsa ho fihlela seo. Eba mosebetsi wa bohlokwa ya tla hopoleha ha a le phomolong!
Pale: Thandi Zulu
MOSEBETSI WA HAO
Etsa hore ba o hopo-lehe ha o le lifing
5 YA TSEO O SA LOKELANG HO DI ETSA
Ho phema ho etsa mosebetsi, o lebelle ba bang hore ba o etsetse.
Ho dula o kopa ba bang ho o thusa, mohlomong o kope ba o shebele dintho ho Internet, leha o ntse o ka nna wa itjhebela.
Ho dula o sitisa ba bang ba sebetsa ka lerata, o qoqa kapa o bua mohaleng.
Ho seba ka ba bang le ho ba tlaleha ho baokamedi.
Ho dula o bolella ba bang seo ba lokelang ho se etsa.
O ka atleha mme le ba bang ba o hlonephe ha o ka ithuta ho kgothatsa, ho sebetsa le ho buisana le batho ba bang hantle le ho ba neha le dikeletso tsa bohlokwa
IKE-MELE
Mosadi ya atlehileng o a re eletsa
Dilemong tse 10 tse fetileng, Ayanda Mbanga o ne a bone sekgeo sa kgwebo - kajeno yena le sehlopha sa hae ba hapa dikgau
HO NE HO se basadi ba batho ba batsho ba neng ba ena le dikhampane tse batlelang batho mesebetsi, tseo batshehetsi ba tsona ba baholo e leng dikhampane tse kgolo, e seng batho ba sa sebetseng. Ayanda Mbanga a ikakgela ka setotswana.
"Bakeng sa ho batla ba sa sebetseng re ba batlele mesebetsi, re batla dikhampane tse batlang basebetsi re di batlele bona," ho bolela makgwebo enwa ya dilemo di 34, eo khampane ya hae e seng e hapile dikgau tse tsheletseng.
"Ha ke qala, re ne re le bane feela, ke etsa dintho tsohle - ke posa mangolo, ke ngola dipapatso esitana le ho ya buisana le batshehetsi. "Kajeno re na le basebetsi ba 34 le dikantoro Joburg, Kapa le Thekong."
Ayanda o re eletsa ka hore:
Eba le tjheseho:
"Ke nnete o hloka tjheseho e kgolo ya katleho, e tla etsa o rate mosebetsi wa hao, o etse ka bokgabane bo boholo le ka boinehelo."
Eba malala-a-laotswe:
"Monate wa ho ba le kgwebo ha se wa ho ba le tjhelete feela empa o lokela ho sebetsa ka thata dihora tse ngata."
Sebetsa hantle:
"Erekaha dikgwebong ke masiyasiyane mahloka lebelo, katleho ha e tliswe ke bokgeleke feela, ho kgotsofala ha batshehetsi ke sa bohlokwa."
Mamello:
"Bohle re na le maima le mathata - ka nako e nngwe o ka nahana hore o ke ke wa hlola o atleha!"
Sheba menyetla o nang le yona:
"Sekgeo seo ke neng ke se bone dilemong tse 10 tse fetileng se kwalehile kajeno mme re se re tlameha ho tsamaya re ntlafatsa ditshebeletso tsa rona nako le nako hore re tsebe ho hola re atlehe kgwebong."
Pale: Patricia McCracken
Ditshwantsho: Peter Whitfield
FUMANA MOSE-
BETSI
TJHENTJHA MOSEBETSI WA NAKWANA, E BE WA NAKO E FELETSENG!
Ho ya ka moo Gayleen Baxter wa ha Kelly a bolelang ka teng, o ka nna wa tjhentjha mosebetsi wa nakwana hore ebe wa nako e feletseng, ka ho ba motshepuwa, o ba bontshe hore o ka thabela ho o etsa ka ho feletseng. Ke tsena dikeletso:
Eba le maikutlo a matle:
Ha o ka bontsha boitshepo, o ka hlahella ka mahletla hara ba bang, leka ho ba hlwahlwa.
Tshepahala:
Se qhobe nako ha o sebetsa - sebetsa dihora tsohle tseo le dumellaneng ka tsona kapa ho feta moo! Ba tsebise ha o eya tinareng, o kgutle le pele ho nako.
Ithaope:
Ho ithaopa ho bontsha boinehelo le maikemisetso a ho ithuta - ha o phakisa ho utlwisisa, o tla ba thatohatsi khampaneng.
Ipuelle:
Hlahisa maikutlo a hao ha ho hlokahala. Eba le mehopolo e metjha - se senye menyetla ya bohlokwa.
Eba le botsitso:
Ha le qakehile, itshupe hore o kgona ho sebetsa hantle tlasa kgatello.
Hlahisa ditlhoko tsa hao:
Hlokomedisa mookamedi wa hao hore o batla mosebetsi- empa se nna o mo hopotsa nako le nako!
Itshupe hore o a hlokahala:
Etsa tsohle ka bokgabane, o se tswafe ho feta meedi eo o e behetsweng hore mohiri a o bone o le motho wa bohlokwa eo a mo hlokang e le ka nnete.
