sotho.1970.yourlifeguide_health
Tsohle ka
Batho ba nahana hore lefuba le hlasela matshwafo feela, empa nnete ke hore le ka namela le dikarolong tse ding tsa mmele. Re shebisisa mefuta e fapaneng ya lefu lena
la lefuba
Lefuba keng?
Ke lefu le tshwaetsanang leo hangata le hlaselang matshwafo empa le ka boela la hlasela le dikarolo tse ding tsa mmele. Le tshwaetsana ka ho hema, ha mokudi a kgohlela, a thimola kapa a tshwela mathe.
Ho ya ka ba Mokgatlo wa Lefatshe wa tsa Bophelo bo Botle, karolo ya boraro ya setjhaba lefatsheng lohle e na le tshwaetso ya Lefuba empa ho na le mefuta e meng e metjha ya tshwaetso e kenang bathong motsotswaneng ka mong. E le nngwe ya mefuta eo ya tshwaetso e 10, ke lefuba - mme ha le sa alafshwe ka tshwanelo, le ka bolaya mahlatsipa a lona a ka hodimo ho halofo.
Ke afe matshwao a Lefuba?
Ho kgohlela ho sa feleng.
Ho kgohlela madi.
Feberu le ho fufulelwa.
Ho theoha ha boima ba mmele
Bohloko sefubeng.
Ke mang ya kotsing?
Bakudi ba leng HIV positive.
Ba nang le lefu la tswekere.
Ba dulang ka bongata.
Bana le maqheku.
Ba sebedisang dithethefatsi le jwala tlolo.
Ke efe mefuta e meng ya Lefuba?
Hangata le arohane ka mefuta, e ka hara matshwafo le e kantle ho ya ka Ngaka Makgale Motlanthe.
Pele ho tlhaselo e matla ya HIV, dipersente tse 80 tsa batho ba hlaselwang ke yona, e ne e ba hlasela matshwafo.
Lefuba le matshwafong
Le mefuta e mehlano:
Primary TB pneumonia: Ke e sa tlwaelehang, eo hangata e hlaselang bakudi bao masole a mmele ya bona a fokolang, jwalo ka bana le maqheku. E tshwaetsana ka matla.
Laryngeal TB: E hlasela mmetso, le yona e a tshwaetsana.
Cavitary TB: Yona e bonahala ka matshwao a mangata a totobalang bathong ba nang le Lefuba. E hlasela matshwafo haholo hape e tshwaetsana ka matla.
Miliary TB: E hlasela batjha, maqheku le bohle bao masole a mmele ya bona a fokolang. Mahlatsipa a yona a ba le feberu e kotsi haholo mme ba mele dikaqanyana tse kang reise matshwafong, tse bonahalang ka X-ray.
TB Pleurisy: E bonahala ka hore motho a fellwe ke moya, a opelwe sefubeng mme matshwafo a be le metsi.
Lefuba le kantle ho matshwafo
Mefuteng ena kaofela tshwaetso ena e qala matshwafong mme e kenelle methapong ya madi ho ya tshwaetsa ditho tse ding tsa mmele:
Adrenal TB: E hlasela ditlhala tse ntshang di-hormone, ke ka hona ho amehang methapo ya di-hormone. Bakudi ba yona ba bonahala haholo ka ho akgeha le ho fellwa ke matla.
Lymph node TB: E bonahala ka ho ruruha ha ditlhala. Ditlhala di thusa ho sireletsa mmele dikokwanahlokong mme di bohlokwa ho boloka masole a mmele a phetse hantle. Ha di ka ruruha, motho o qala ho kula.
Osteal TB: E thefula masapo hona hoo a robehang ka bonolo.
TB Peritonitis: Ho bokellana lero karolong e kantle ya mala mme mokudi a opelwe ke seholoholo ha bohloko.
TB Meningitis: E ama boko mme e utlwahala haholo ka ho opa ho tshabehang ha hlooho. E kotsi haholo mme e ka bolaya motho ha e sa alashwe.
TB Arthritis: E hlasela dinoko, hangata mangole le dinoka.
TB Pericarditis: Ho bokellana lero pelong, le e tlaidise hore e se hlole e otla ka tshwanelo.
Na mefuta eo ya Lefuba e a alafeha?
E. Ka kalafo e bitswang Rifampicin e neng e fumanwe dilemong tsa bo 1970, e neng e fokotse nako ya kalafo ho tloha dikgweding tse 24 ho ya ho tse tsheletseng. Empa Ngaka Makgale o re hlokomedisa hore tlhaselo ya Lefuba e kantle ho matshwafo e nka nakwana ho alafeha.
O re hape ho bohlokwa hore motho a e jelle tlasa leihlo le ntjhotjho la baoki. Ha mokudi a sa je kalafo ho latela ditaelo, o ba kotsing ya hore lefu leo le fetohe "multiple drug resistance TB".
Eo ha e alafehe hohang ka kalafo e tlwaelehileng. Mokudi o tlameha ho ekeletswa mefuta e meng ya kalafo hape ho nka dikgwedi tse robong kapa ho feta hore a alafehe haholo ha e le kantle ho matshwafo.[s]
Pale: Kamogelo Sebola
BOPHELO BA HAO
E tshwa-etsana ka ho e hema
