sotho.196.boss
Ho ruta puo
Itshebetse
KA MORA ho sebetsa dilemo tse fetang tse leshome, e le mosuwetsana lefapheng la thuto, a ruta batho ba holofetseng, Myma Ngwenya o ne a fetole mawa, a rera ho itshebetsa. O ne a qale ho fana ka dithuto tsa puo ya Sezulu.
"Ha ke ne ke kgutla matsatsing a phomolo ka 2002, ke ne ke bone hore jwale ena ke nako hore ke fetole mawa, ke itshebetse. Teng ke ne ke sa rera ho nka mohato o mo kaalo hobane ke ne ke ntse ke tseba hore ho na le mesuwe e seng e le mekaubere temeng ena."
Myma o ne a thehe kgwebo e bitswang Muhle Training And Development mme ka pele dikgwebo tse ngata le mafapha a mmuso tsa ba le thahasello ya hore basebeletsi ba tsona ba tlo ithuta Sezulu le meetlo ya sona.
Ha jwale, o sebeletsa mokgatlo o bitswang EduOptions and KZN Business Training Centre. Bongata ba baithuti ba hae ke Makgowa le Maindia esitana le bo Rantsho bana ba holetseng Amerika.
Ha o ka kena phaposing ya hae, o tla utlwa ditsheho le leholo le meqoqo. "Ke dutse ke netefatsa hore ho dula ho le monate diphaposing," ho rialo Myma. "Ho bohlokwa hore ba qoqe ha ba ithuta thuto e kang puo. Lenaneothuto le letjha le neha morutwana monyetla o moholo ho feta mosuwe.
"Empa ho na le se fetang ho ruta hona mosebetsing ona. O hloka nako e ngata ya ho itokiseletsa. Ka tlwaelo, dithuto tsa Sezulu di na le dihora tse pedi ka beke dibeke tse robedi. Re qala ka dintho tse bobebe jwalo ka mesebetsi ya kamehla e kang ho reka, mesebetsi ya ka tlung, tsela ya ho araba mohala jwalo jwalo. Ho na le tse ding dithuto tse kenang puong ka botebo."
KZN Business Training Centre, e sa tswa buisana le Myma ho thusa basebeletsi ba yona ho ba ruta ho sebedisa tjhelete ka nepo. "Mekgatlo e mengata e fumane hore basebeletsi ba yona ba ba le mathata a ditjhelete - motho o fumana moputso kajeno, ka le hlahlamang o se a kadima tjhelete! Ka nako le motsotso motho o iphumana a se kene a bile a tetebetse dikolotong."
HA O QALA
Tsebo ya ho ruta kapa ya puo e molemo.
O tlameha ho itshepa le hona ho ba le tjantjello ya ho ruta batho ba baholo - ho tloha basebetsing ho ya balaoding ba baholo!
O tlameha ho tseba ho sebedisa khomputara le hona ho ba le yona. Sena se tla o bebofaletsa mosebetsi ha o ntse o itokiseletsa ona.
E nngwe ntho e hlokahalang, ke tsebo e tletseng ya Senyesemane mmoho le puo eo o ikemiseditseng ho e ruta. Hape o be le mamello, boiphihlelo, o be motho ya qabolang, ya nang le lerato la mosebetsi oo wa ho ruta.
Ho ruta ho le hong, ho sa natsehe thuto o e rutang, ho hloka lerato. O hloka dihora tse ngata tsa ho itokiseletsa mme o netefatse hore o ba le dintlha tse feletseng.
HO FUMANA BATSHEHETSI
"Hona jwale, ho na le tlhokeho e kgolo ya batho ba nang le boiphihlelo ba tla ruta dithuto tsa batho ba batsho le Senyesemane basebeletsing ba mekgatlo," ho dumela Nicky Lillywhite le Jenny McGrath, beng ba KZN Business Training Centre. "Mesuwe yohle ya rona ke beng ba dikgwebo. Ka tsela ena, ha o no ruta baithuti ba hao ntho e le nngwe. Tsela e nepahetseng ya ho itsebahatsa kgwebong ena, ke ho ikopanya le mekgatlo ya sebakeng sa heno ya tsa thupello (training centres). Lokisa CV ya hao le lenaneo la dithuto tseo o fanang ka tsona mme he o ba letsetse."
MOPUTSO
Ho boima ho ka bolela hobane ho ya ka hore o fumana baithuti ba ba kae, o ba ruta eng, le hona makgetlo a makae. Re ka o tataisa ka hore haeba o bitsa ka hora, o ka bitsa tjhelete e ka bang R150 ho ya ho R200 mohlomong (kapa ho feta).
Bakeng sa keletso le tshehetso ho qaleng kgwebo eo e leng ya hao, ikopanye le SEDA (Small Business Development Agency - ba na le makala Afrika Borwa yohle) ho 0860-103-703 kapa 012-441-1000, kapa o etele Website: www.seda.org.za [s]
Ho na le tlhokeho e kgolo ya batho ba nang le boiphihlelo ba ho ruta dipuo le meetlo ya batho ba batsho le Senyesemane basebeletsing ba mekgatlo e mengata...
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
KA HODIMO: Ho ruta ke mosebetsi o thata o hlokang boinehelo...esitana le dihora tse ngata tsa ho itokiseletsa, ho eletsa Myma.
LE LETONA: "Ke netefatsa hore ho dula ho le monate phaposing ya ka," ho rialo Myma.
