sotho.1967.lettersaug_2
Kaofela re mahlatsipa
Le hapileng
RE RATA re sa rate, HIV/AIDS ke karolo ya bophelo ba rona. Ho TV, radiong, makasineng le dikoranteng re utlwa ka yona.
Ho ba bangata ba rona re atamelane le yona ka metswalle le ba habo rona ba nang le yona.
Ba bang ba rona ba phela le yona.
Ho a tshosa ho utlwa hore o na le kokwanahloko ya EITSI, empa he tseba hore ha se mara ha se ho fela. Haeba o itlhokomela, o ka ikatisetsa ditshiu tsa hao.
Fumana ho thojwa maikutlo mme o fumane le tsela e bolokehileng ya ho phela. Ke ntho e teng.
Empa ke re kaofela re angwa ke HIV/AIDS. Re tlameha ho tseba taba eo. Ha re se ithetseng ka hore sena se ke ke se etsahale ho rona.
Seo re tlamehang ho se etsa ke ho tshehetsa bao ba haufi le rona.
DE Kau, Madikwe
R100
Hobaneng ba etsa jwalo"
Banana ba thobela batswadi ba bona bosiu. Ba ya di-tavern le ditameneng ho ya nwa. Ba inehela bashanyaneng ba be ba orohe le bona.
Ka le hlahlamang ba tsoha ba se ba ikwahlaya. Ba tloha moo ba lebe sepoleseng ho ya tlaleha ha ba betilwe. Bashanyana bana ba akgelwa ntlwanatshwana.
Ke ngola tjena hobane ha ke sa na batswadi mme ke nna ya seng a setse a hodisa kgaitsedi ya ka le motswalaka. O bolela ha a betilwe.
Ke ne ke batle leqwetha ka tjheletenyana eo ke nang le yona - empa se makatsang ke hore motswalaka jwale ha a rate ha nyewe e ya lekgotleng.
Ke ne ke iketsetse tsa ka diphuputso metswalleng ya hae mme ka e fumana nnete...
Ha ho a tlameha ho nna ho nyatsanwa le banna dinthong tse kang tsena!
MM Banda, Sundowner
Setswalle le
Ke nahana hore batshwaruwa bana ba batlang balekane dimakasineng ba tlameha ho tseba seo ba se batlang. Motho o ebe a batla molekane kapa motswalle eo a ka nnang a qoqa le yena ya kantle ho tjhankana"
Ha ke tsebe hore motho a ka rata motho eo a sa kgoneng ho mo bona. O ka bua makgetlo kgetlo le motho mohaleng, empa haeba le so ka le bonana, le ba mmoho, o ke ke wa ipolella hore motho eo o a mo rata.
Se lokelang ho etswa ke batho bana ba nang le metswalle e ditjhankaneng ke ho ba kgothatsa ho fetoha ha ba kgutlela setjhabeng.
Luvo Makopo, Ugie
batshwaruwa
Mangolo a hao
BONA SESOTHO - August 2006
Ithute ho sebetsa!
Bophelo bo bile thata ka mora ho qeta materiki ka 2003. Ke ne ke sebetse polasing ya lebese ke amohela R500 ka kgwedi.
E ne e re ke ntse ke le moo, ka ipotsa ka iphumana hore na talente ya ka e ho kae. Ke ne ke fumane hore mona lefatsheng re na le menyetla eo re tlamehang ho e sebedisa. Kajeno ha ke sa sebetsa polasing, ke ntshetsapele talente ya ka mminong wa bodumedi.
Le wena o ka fetola bophelo ba hao!
TT, Gauteng
Ho lekane!
Hobaneng batho ba se ba feletswe ke botho, o kile wa bona kae batho ba supileng ba baholo ba kwebetella ngwana ya dilemo di 12 feela, ba mo rahaka, ba mo otla hobane feela a sa rate ho nyalwa ke e mong wa bona"
Ha re se keng ra dumella diketso tsa mofuta ona meetlong ya rona.
E tla fela neng tlhekefetso ena ya bana" Ho lekane! Bana ba rona ke bokamoso ba rona, empa ba sotlwa ka lonya ke batho ba inahanelang bona feela!
Ekaba banna bana ba ikutlwa jwang" Le diphoofolo ha di etse diketso tsena.
NM, Ledig
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
Ho bomme bohle ba se nang balekane
NAKONG eo a neng a ntshiya ke imme ke ne ke utlwe ke tsielehile, empa ka kgona o ikemela.
Ke a mo rata moraka. Jwalo ka masea ohle, le yena ke mpho e ntle ho mmae! O ka reng ho se rate ngwana eo o mo immeng dikgwedi tse robong"
Maikutlo ao a matla ho feta bohloko boo o bo utlwang ha o siuuwa ke ntatae.
Le wena o se utlwise ngwanahao bohloko ka ho etsa jwalo!
Jwalo ka bomme, re tlameha ho beha bana ba rona pele, e seng metswalle!
Ke na le molekane e mong hobane ke a tseba hore ngwana o hloka ntatae, empa ke a tseba...
Banna ba a fihla ba fete, empa ngwana yena e tla ba wa hao ho fihlela. E ba
mme ya behang ngwanahae pele!
KK, Osizweni
E re tjhe ho
dithethefatsi
Naha ya rona e mathateng a dithethefatsi. Dimokolara di bula dikgwebo tsa dithethefatsi ho bolaya maphelo a rona.
Batjha ba rona ba kotsing jwalo kaha dintho tse etsahalang di thatafatsa maphelo a bona. Ke nahana hore ba hloka "thuso."
Ba fumana kgatello ho ba bang hore le bona ba ke ba "leke' dithethefatsi.
Dithethefatsi ha se tharollo le kgale. Di bakeletsa mathata le ho feta.
JT, Lynnville
BONA SESOTHO - August 2006
Se nkeng batshwaruwa
Motswaruwa o a bua...
KE RATA ho hlakisa seo setjhaba se ipolellang sona ka batshwaruwa. A fetile matsatsi ao ka ona batshwaruwa ba neng ba sa rate ho tsoseletswa maitshwaro a bona. Batshwaruwa ba bangata jwale ba na le tjheseho ka lenaneo lena. Re motlotlo ho ka tseba hore na re tlameha ho etsa jwang hore re se kgutlele bonokwaneng ha re tswa mona. Lebaka lena le etsa ke se utlwisisi hore ke hobaneng batshwaruwa ba seng ba qetile dithupello tse kang Life Skills le Ho Laola Maikutlo jwalo jwalo ba ntse ba bolokilwe tjhankaneng. Ba tlohela dithethefatsi mme ba tseba hantle ka kotsi ya EITSI.
Ba bang ba fumana thupello e feletseng ya tsa thuto, empa ba ntse ba bolokilwe tjhankaneng! Motho o kena tjhankaneng a se na letho, empa ka lebala la boitshwaro bo botle le mamello a qetelle a fumane thupello, hobaneng ba ntse ba bolokwa"
Ekaba motho eo ha a ya tlameha ho lokollwa" Ba bangata batshwaruwa ba iponahatsang ho ikwahlaya ba ikemiseditseng ho fetoha empa ba ntseng ba bolokilwe tjhankaneng.
Tjhankana ha se sebaka se monate. Batho ba bolela ha re "tshwarwa jwalo ka marena" ha ho jwalo. Ha ho bolokolohi mona, ha o kgone ho ya moo o ratang ka nako o e ratang kapa hona ho ja seo o se ratang ka nako o e ratang.
Ha ke kgone ho ba le batho bao ke ratang ho ba le bona - lelapa.
Motsotso ka mong ha o monate. Tjhankana ha se sebaka se monate.
Ka hoo hobaneng batshwaruwa ba bontshang ho ikwahlaya ba sa lokollwe pele ho nako ya bona" Ke ipiletsa ho 'boto ya tshwarelo' e ke e shebisise boitshwaro ba motshwaruwa ka mong. Ha se rona bohle ba babe ho fihlela.
Re a rata ho fetoha re tshwane le batho bohle ba Afrika Borwa. Ho boloka motho tjhankaneng ho feta tekanyo ho ka baka a mang mathata!
Haeba ngwanahao a o fosetsa, o mo neha kotlo. Empa ha o mo nehe kotlo e sa feleng. Le ho rona ha ho be jwalo. Re tlameha ho fumana kotlo, empa re batho le rona re hloka ho fuwa o mong monyetla.
Mmuso o lebeletse eng ha o lokolla motho a se a na le dilemo tse 50 kapa 60"
Ha ke bolele hore dinokwane di se nehwe kotlo, empa haeba o hlile o rata ho lwantshana le bonokwane, neha bao ba bontshang ho ikwahlaya monyetla wa bobedi! Mohlomong re ka o makatsa!
S Ntuli, Mangaung Maximum Security Prison [s]
ka tsela e sele
Mangolo
a hao
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha
bakeng sa phatlalatso.
