sotho.1963.hippo
Phoofolo e makatsang
Ke kubu, lebitso la yona ke Jessica, e nahana hore le yona ke motho!
KOPANA le Jessica. O rata ho phoka kofi e nang le tswekere e ngata, o bapala le dintjahadi tse robong tseo a di nkang e le metswalle mme o robala ka kobo e pinki, hodima materase monyako wa ntlo. O ka nahana hore ke motho, tjhe, ke kubu.
Ha e sa tswa tswalwa e ne e hlapela lebopong la noka ya Selati mane Hoedspruit ka nako ya dikgohola tsa 2000.
Mookamedi wa serapa sa diphoofolo tse hlaha, Tonie Joubert, ya dulang haufi le noka eo, a itholla yona. O re ha a ne a qala ho bona Jessica o ne a nahane hore ke kolobe hobane e ne le pinki e le mokgelo feela ka molomo o moholohadi o fetang wa kolobe. Ka nako eo e ne e ntse e ena le lelana leo e neng e eja ka lona e sa emerwe, le leketla ho yona e le boima ba 16kg.
Kajeno, Jessica e boima ba 900kg e ja dijo tse ka etsang boima ba 90kg ka letsatsi.
"E rata haholo dijo tsa dintja le matokomane. E boetse hape e rata le lettuce, patata le poone hape e nwa kofi habedi ka letsatsi.
"E ipapalla le bana ba ka le dintja ka nokeng nako le nako," ho bolela Joubert.
Jessica ha e lapile feela ha e qeaqee, e bula monyako wa ntlo ka molomo wa yona o moholo, e ikenele. E fetele ka kitjheneng mme mohatsa Tonie, Shirley a e lokisetse dijo ka pele.
Seburu
Jessica e utlwa hantle ha Jouberts a bua. Re bua ka Seburu mme ha Shirley a re "bek, bek" (molomo, molomo), e bula molomohadi hore e akgellwe ntho e monate.
Lelapa la ha Jouberts le dintja tsa teng tse robong, kaofela di a ithatela ho Jessica.
Ha ba lelapa lena ba tla intsha matsatsinyana, ba kopa motho e mong ho tla sala lapeng moo.
Hang ha ba kgutla, o tla bona ka thabo ya Jessica, e thala e tlala lebala. Hoseng e nyarela ka festere kamoreng ya bona e etse lerata, hore ba tsohe ba tswele kantle.
Ha e sa dumellwa ho robala ka tlung jwale hobane e hlwella dibetheng e di robe.
E a rateha
Jessica e rateha hona hoo le raditshwantsho wa BONA, Jean Mortlock a neng a iphumane a se a qaputsa ka metsing le yona hobane a batla ho e aka le ho e suna.
"E ntlenyana. Ka molomohadi wa yona o bileng o leng ditetswana. Letlalo le boreletsana ha monate," o boletse jwalo Mortlock.
O ne a e rate haholo ha e se e bososela e nka ditshwantsho.
Lelapa la ha Jouberts le tshwere Jessica jwalo ka bana ba lona mme ba bile ba e bitsa ka hore ke "moradi wa bona".
"Re rata diphoofolo haholo. Jessica ha re sa e nka jwalo ka phoofolo e hlaha, ke e mong wa bana ba rona," ho bolela Tonie.
Jwalo ka bontate bohle, le yena Tonie o a shebisisa ha a bona dikubu tse ding tse tona di e etetse. "E na le dikubu tse ding tse tharo tse tona tse hlolang di tla ho yona ha e le ka nokeng ka mane," ho bolela yena. "E ka nna ya ima neng kapa neng."
Bahahlaudi ba se ba tseba ka phoofolo ena mme nako le nako ha ba batla ho e bona, ba kotjwa ho nehela ka R50 hore re tsebe ho e rekela dijo kaha e ja ho feta.
Jessica e boetse hape e na le Website ya yona, www.jessicahippo.com, mme hang ha e ka ima, lelapa la ha Jouberts le tla rekota sohle se tla etsahala bophelong ba yona mme se ngolwe moo ho Website. [s]
African Eye News Service
BONA SESOTHO - September 2007
Nthuseng! Ho na
le kubu
ka tlung ya ka!
KA HODIMO: Helang! Bona meno ao! Empa ba ha Jouberts ba re Jessica e nka batho e le metswalle ya yona!
SETSHWA-NTSHO SE SEHOLO: Tonie o fepa Jessica sejo se seng seo e se ratang - kofi e tswekere e ngata!
LE LETSHEHADI: Suna mme!
pale ka THABISILE KHOZA/AENS
ditshwantsho ka JEAN MORTLOCK
BONA SESOTHO - September 2007
KA HODIMO: Jessica le Shirley Joubert setupung moo kubu ena e robalang teng.
u
t
BONA SESOTHO - September 2007
O NE O TSEBA"
Hara diphoofolo tsohle tsa Afrika, dikubu di nkwa di le kotsi ho feta ka lebaka la palo ya batho bao di ba bolayang selemo le selemo!
Dikubu di ja jwanng feela, ka hoo ha di hlasele batho hobane di batla ho ba ja. Dikubu di hlasela hang ha di bona ekare bophelo ba tsona bo kotsing jwalo ka ha motho a ka ema ka pela tsona ha di batla ho ya kena ka metsing, kapa ha di nahana hore madinyane a tsona a kotsing.
Erekaha Jessica e holetse hara batho, e nahana hore batho bohle ke metswalle.
"Bana ba e rata haholo mme ba dutse ba batla ho bapala le yona ha ba etetse lelapa lena. Jessica ha e so ka e leka ho lematsa motho, ebile e ke ke ya ho etsa hoo," ho bolela Tonie Joubert, 'ntata yona ya motlotlo'.
K A HODIMO: Heleleee! Ho monate!
LE LETSHEHADI: Ena kubu e rata dintho tse monate - haholoholo matokomane le dijo tsa dintja.
