sotho.195.tents
Dingata dintho tse lekang bophelong
Mathata ka dintente!
MOTHO e mong o kile a re, "ho hloka botshepehi ke sebe se fetang tse ding," se qeta setjhaba. Ka mantswe a mang ha re bolele bana ba etsang melato e meholo, re bolela bana ba etsang melato e menyane, empa ha e etsa kgafetsa.
Batho ba Soweto ba ka o bolella hore dintho tse kang tseo di ba sitisa jwang.
Mafelong a mang le a mang a beke o tla bona tente bakeng sa moketjana, lenyalo kapa lepato. Ke hantle. Bothata ke hore ditente tsena di hlongwa mebileng moo di sa beng kgahlano le melao ya masepala feela, empa di sitisang le baahisane.
Moahi e mong o bolela ha moahisane wa hae ya nang le ditekesi a kile a tjheka foro ho thibela dikoloi tse fetang hore di se ikgohle ka ditekesi tseo tsa hae.
"Mokganni e mong ya neng a sa hlokomela, koloi ya hae e ne e kene forong eo mme ya lemala sump," ho hopola moahi enwa ka kgalefo e kgolo
Ho na le e mong ya neng a hlome tente bakeng sa lenyalo la moradi wa hae. Tente eo e ne kwetse tsela.
Tumello
"Tente eo e ne e dule moo matsatsi a mararo kaofela," ho hopola moahisane enwa. Ha a ka a ba a mema le ha a le mang ho baahisane ba hae lenyalong leo, e ne e le ntho e re sitisa feela."
Edna Mamonyane wa mapolesa a masepala wa Joburg, o re o ya a utlwisisa taba ya hore batho ba etsa sena hobane dijarete tse bona di le nyane, empa taba ya pele ke ho nahanela ba bang.
"Haeba o tla ba le lenyalo, kopa tumello ho baahisane hore o kopa ho hloma tente," ke yena eo.
Leha ho le jwalo, ke yena hape, ho hloma tente seterateng ho ntse ho na le melawana ya teng.
"O tlameha ho ikopanya le molekgotla wa sebaka mme yena a kope baahisane ba amehang ba saene hore ba a dumela hore o etse jwalo.
"Setjhaba se tlameha ho tseba hore ha se ba kgahlano le molao, motho o tla ahlolwa.
"Ha o sa tsamaisane le melao ena, o ka lefiwa tjhelete e finyellang ho R1 000.
"Kopo e nngwe le e nngwe e tla hlahlojwa ke mapolesa a masepala mme haeba ho bonahala hore mmila oo ke o sebediswang ke ditekesi, motho eo a ke ke a nehwa tumello," ho hlalosa Mamonyane.
"Re tla tlosa ditente tse hlonngweng ntle le tumello, empa he di ke ke tsa mmileng o mong le o mong.
"Re kopa setjhaba se re letsetse haeba ho na le ditente tse hlongweng diterateng hobane basebeletsi ba rona mohlomong ba ke ke ba di bona.
"Re ke se dumelle batho ho etsa leha e le ha jwang feela."
Ho tella
Kahlolo ena ya tjhelete e etsa hore batho bana ba etsang mokgwa ona ba inahane ka e nngwe tsela.
Profesara Shadrack Ghutto, ke setsebi sa molao mme o re, Afrika Borwa etswa nakong ya kgale eo ka yona melao e ne e behwa ka ho ya ka dibaka tseo batho ba dulang ho tsona ka ho fapana.
Sena se qeteletse se entse hore ba bang batho ba qetelle ba se ba sa hlonephe melwana e behwang.
O ke se be le lebaka la ho itshireletsa ka ho se hlonephe molao.
"Mang le mang ya sa hlompheng molao, o tella mmuso," ke yena eo.
"Jwalo ka dithethefatsi, ho se hlonephe melwana ho qala hanyane mme motho a qetelle a se a sa hlonephe e meholo."
Ho bonahala
Neil Fraser, wa Urban Constaltant, o re mapolesa a masepala ha a batla hore melwana ena e hlomptjhwe, a tlameha ho bona maemo pele a etsahala, a se ke a aha serobe phiri e se e jele tjena.
"Ho bonahala ha mapolesa diterateng, ho tla tlisa kgutso le kgotso setjhabeng," ke yena eo.
"Ekaba ona mapolesa a masepala a a sebetsa"" ho botsa yena.
"Nkile ka a bona a potoloha le toropo. Ke ntho e ntle eo, empa ditekesi di ne di ntse di ema moo ho sa dumellwang ho ema, di theola bapalami teng, mapolesa a sa etse letho.
"Ha ke utlwisisi hobaneng ba ne ba sa etse letho!"
Ho baahi ba Soweto... ho bonahala ho sa tla nka nako e telele hore ba nne ba sitisehe pele mapolesa a ka nka bohato ka ho hlongwa ha ditente le hona ho fatwa ha diforo mebileng. [s]
BONA SESOTHO - February 2008
O na le moketjana" Hobaneng ho sa hlome tente seterateng" Batho ba malekeisheneng ba kgathetse ke batho bana ba hlomakang ditente diterateng, empa se makatsang ke hore masepala ha a etse letho ka bona jwalo ka ha ba tlola e meng ya melao ya ona! Se makatsang ke hore ena ke ntho e ka lokisehang...
pale ka TEDDY GOMBA
BONA SESOTHO - February 2008
