SOTHO.1958.muthi
HA LETHUELA le qeta ho lahla masapo fatshe, le tlwaetse ho hwelehetsa le re "Vumani bo"" Ya laolwang yena o araba a re "Siyavuma!" (Re a dumela kapa re ka re ho kotjwa badimo hore ba re kgantshetse!)
Masapo a bontsha maemo a bophelo le diketsahalo tse mabapi le ya laolwang feela. Ha ho a tlameha le ka phoso hore dintlha tseo di sebedisetswe ho tshosa kapa hona ho hlasela batho ba bang.
Mokudi o bolellwa ka maemo a ditaba bophelong ba hae le ka moo a ka a lokisang ka teng. Sena hape se bebofatsa mosebetsi wa lethuela haeba ya laolwang a le kopa hore le mo phekole.
Ekaba batho kaofela ba boloka dintlha tseo ba di boleletsweng ke lethuela e le pinyane ya bona feela" Karabo ke, TJHE!
Hangata, ha motho a aparelwa ke mathata, menwana e qala e supe batho ba bang.
Ya nkgang lefotha o phakisa ho bonahala. O utlwe ho se ho thwe: "Lona le a loya!"
Motho eo o utlwa jwang hobane sena se ebe se bolelwa ke lethuela"
Hangata bana ba kgollwang ho seo, ba ebe ba le siyo leha lethuela le laola. Hangata, ba atisa ho belaella motho eo ba sa mo rateng.
Na ke toka hore ha dintho di sa tsamaye hantle kapa ho kulwa, motho a bolele hore o louwe"
Ho ba bobebe ho nyatsa ba bang. Batho ha ba rate ho amohela hore bophelo bo na le maima le manolo.
Ho a swabisa hore le ka mora tokoloho batho ba sa ntse ba sebedisetsa ditokelo tsa bona phosong. Nakong ya boholoholo, pele ho fihla tswelopele ya bophirima, ho ne ho se motho ya ka tsamayang a bolela hore mang o a loya.
Ha motho e mong a ka etsa jwalo, o ne a bitsetswa kgotla mme ho bitswe le dipaki, ho qobellwe ya boletseng seo hore a hlahise bopaki. Le mathuela le ona a ne a sebetsa ka tlhokomelo ha a bolella ba laolang se ba jang hobane le ona a ne a bitsetswa kgotla. Kajeno batho ba se ba ipuela feela ka boloi.
Mosadi e mong ya sa leng motjha, ya dilemo di 23 feela, o ne a bolele hore o ne a tlohele mosebetsi wa hae wa ho ruta hobane ho belaelwa hore o a loya.
"Taba ena e ne e qalwe ke motho a le mong feela," ho bolela yena. "Ke ne ke kgitlehe haholo moyeng hobane ha ke tsebe letho ka boloi. Ke ne ke fetotswe tshehisa sekolong, bomphato ba ka ba phoka tee ka lebitso la ka.
"Ka fela pelo ka ba ka rera ho tlohela mosebetsi.
"Bohloko boo ke neng ke bo utlwe bo ne bo ntlhobaetsa boroko. Ke ne ye ngakeng bakeng sa dikeletso le kalafo ya kgatello."
A fumana mosebetsi kholetjheng e nngwe, empa e mong wa bomphato ba hae ba mehleng a mmona mme a bolella ngwanabo ya neng a ithuta hona kholetjheng eo mme yena a fafatsa taba eo ya boloi."
Ka lehlohonolo, bana ba mona ba ne ba sa kgollwe masawaneng a kang ao, ba mo hanyetsa.
"Diqoso tsa hore ke a loya di ne di kgaole mpa ka lehare lapeng," ho bolela mosadi eo.
"Ha motho a qala ho tshwarwa ke leino kapa a kenwe ke mokgohlane, ba se ba nahanela hore haese be o loilwe.
"Le mme wa ka ka sebele le yena a dumellana le bona.
"Ke mosadi ya dilemo di 24, ya so kang a ya lethueleng kapa ho yona ngakamatsetsela, ha ke tsebe hore e be thokolosi kapa yona mpundulu ke ntho e jwang."
Dintho tse kang tsena di baka dipolao.
Mane Limpompo, batho ba sa tswa bolawa ka ho tjheswa hobane ho thwe ba ne ba bapetse ka tladimothwana e neng e bolaye batho.
Lebatoweng la Borwa Bophirima, mosadi e mong o ne a hlekefetswe hobane morahae a ne a ruile api.
Ho ne ho bolelwa ha mosadi eo a loya ka api eo!
O a kgollwa boloing" Ho lokile. Hopola sena: Boloi ke masene. A ko shebisise bao ba bolelang boloi ba ba bang. Hobaneng ha ba ntse ba qosa ba bang ka boloi" Ke eng merero ya bona"
Se kgolwe batho bana! Mohlomong ha o tshwane le motho eo ba mo qosang, empa hlokomela mona: ka le leng le wena o ka nna wa utlwa ho se ho thwe o a loya.[s]
40 BONA SESOTHO - February 2006
Re bua ka ditlhare
ka FORCE KHASHANE
O qoswa ka boloi"
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
