sotho.1956.beauty
Tsa botle
TLHOKOMELO ya letlalo ke ya bohlokwa basading ba batlang ho dula ba le batjha, ba le foreshe ka dinako tsohle. Latela tataiso ena o fumane sohle seo o lokelang ho se etsa le hore hobaneng.
Tseba letlalo la hao
Le omme kapa ha le na mongobo"
Bongata ha re tsebe phapang pakeng tsa letlalo le ommeng le le se nang mongobo. Le ommeng ke le se nang mafura le hlohlonang hape le a saroloha hobane ha le na mongobo. Athe ha le fellwa ke mongobo teng ke ntho ya nakwana, ka nako e nngwe ho bakelwa ke maemo a lehodimo, ho se je hantle, ho kula kapa hona ho se le hlokomele ka tshwanelo. Le letlalo le mafura le ka nna la fellwa ke mongobo.
Ha o batla ho bona hore letlalo le mongobo kapa tjhe, o ka beha monwana hodima mohlare mme o hatelle lerama o lebisa hodimo. Letlalo le tla be le feletswe ke mongobo ha monwana o ka ba le mafura.
Le mafura kapa le kwatile feela"
Ka kakaretso letlalo le mafura le na le masobana a maholo, le a benya motsheare hobane le ntsha oli e bitswang sebum e ngata. Tse monate ho beng ba lona, ke hore le dieha ho tsofala; athe tse mpe; ke hore le ratwa ke matheba.
Le shebahalang le le mafura empa le se na masobana a maholo e ka nna ya ba ke kgatello feela. Sesosa e ka nna yaeba ho se tsitse hantle ha di-hormone (boimaneng, dinakong kapa ha dinako di fela) ho ba tlasa kgatello kelellong le mmeleng kapa ho sebedisa ditlolo tse sa dumellaneng le lona.
Le boi kapa le utlwileng bohloko"
Ha letlalo le le boi, o lokela ho batla ditlolo tse lekilweng jwalo ka tse ngotsweng 'hypoallergenic'. Le leng le ba boi ha nakwana hobane le utlwisitswe bohloko ke maemo a itseng a kang a lehodimo, kapa ditlolo. Le ka nna la ba le matheba a mafubedu mme le longwe ke ditlolo tse ding.
Le tswakileng le bileng le ferekaneng"
Le tswakileng mefuta ena bobedi le bonahala ka ho ba le mafura phatleng, nkong le seledung. Ho na le ditlolo tse ikgethang tsa ho fedisa ho omella ho matla hoo ka nako e nngwe ho bakelwang ke air-conditioner, maemo a lehodimo, ho tjhentjha ha di-hormone kapa kgatello, ka hoo, buisana le setsebi sa tsa botle.
Tsa motheo
Ho iphotla ka cleanser, o itlotse ka toner le setlolo sa mongobo haesale e le dintho tsa motheo.
Di-Cleanser
Ho iphotla ka cleanser ho bohlokwa bakeng sa letlalo le letle. Iphotle pele o robala ho tlosa mekgabiso le ditshila.
Cleanser o ka e kgethang, e itshetlehile mofuteng wa letlalo la hao. Cleanser ya setlolo, e loketse letlalo le boi, ya gel, ke ya le ommeng le le mafura le le tswakileng athe le mafura haholo lona le tshwarwa hantle ke e makweba.,
Se iphotle ka sesepa hohang - se senya letlalo. Athe ha o se rata, ho molemo o leke se nang le pH-balance kapa se mafura. Athe ha o omella le letlalo le tia ka mora ho iphotla, o lokela ho leka se mafura.
Toner
Ho na le phehisano ya hore toner e fela e le bohlokwa kapa tjhe le hore fela e kwala masobana a letlalo kapa tjhe. E, e fela e a kwala leha ho le jwalo e boetse hape e tlosa ditshila tse saletseng ha o hlapa mme e lokisetse letlalo ho amohela setlolo. Ka mora ho sebedisa toner, letlalo le kgatholoha ha monate - le ba foreshe.
Ditlolo tsa mongobo
Letlalo le lahlehelwa ke mongobo mme ditlolo di le thusa hore le dule le le mongobo leha ho le jwalo.
Ditlolo tsena ha di etse hore letlalo le se fellwe ke metsi feela empa di boetse hape di le thusa hore le se fiifale, le se swabane.
Ditlolo tsa mofuta ona di lokela ho ba le 'anti-oxidants' e thusang hore le se phakise ho tsofale, (hape se be le vitamin A, C le E, green tea extract le grape seed extract (ha re bala metswako e mmalwa). Retinoids (eo le yona e nang le vitamin A) e ballwa hara tse pele ho thibela ho tsofala ha letlalo.
Metswako ya ho sireletsa mahlasedi a letsatsi e molemo - haholoholo ha o tla tsamaya letsatsing. Letlalo le letsho le dieha ho tjheswa ke letsatsi empa le lona le utlwa bohloko ke lona. Setlolo sa motsheare se nang le SPF15, ke sona se kgothalletswang haholo esitana le mariha.
BONA SESOTHO - December 2006
Ha letlalo la hao le sa kganye, le se letle, tseba hore ke ka moo o le hlokomelang ka teng. Tseba mofuta wa letlalo la hao hantle le ka moo o ka le hlokomelang ka teng.
Sefahleho se setle, ke thabo ya
Dikeletso tsa bohlokwa
n Se senye lenaneo la hao la ho hlapa ka ditlolo tse ngata ho feta.
n Mahlo. Ke karolo e hlokang tlhokomelo e ikgethang haholo ha o le dilemo di ka hodimo ho tse 30. Letlalo la teng, le lesesane, le boi haholo ho feta dikarolo tse ding mme hape le na le ditlhala tsa oli tse nyenyane. Moisturiser tse tlwaelehileng di loile haholo bakeng sa ona, ka hoo, ho molemo ho tlotsa setlolo se ikgethang kapa gel. Ho na le ditlolo tse mmalwa tse dumellanang le ditlhoko tse itseng tse ikgethang, di lokisa letlalo, di qete melana, mme le shebahale le phetse le bile le tiile hantle.
n Setlolo sa bosiu. Ditlolo tsa motsheare ke tse ikgethang bakeng sa ho sireletsa athe bosiu teng letlalo le hloka ho ntjhafatswa le ho alafshwa. Ho ba le diphetoho tse ngata tse kenyeletsang le ho omella ha bohloko letlalong.
Ditlolo tsa bosiu di sebetsana le diphetoho tsena mme di le lokisetse ho tobana le letsatsi le hlahlamang.
n Masks le ditlolo tsa ho le hohla. Ho hohla letlalo hang ka beke ho ka o etsetse mehlolo. Letlalo le sola ka mora matsatsing a 28, mme sena se etsahala ka pele ha motho a hola.
Ho hohla hang ka beke ho tlosa makgekgeba ho le hlakise. Mask e sebetsa jwalo ka cleanser, ke tharollo mathateng ohle a letlalo. Mask e matla e kenyeletsa le 'deep cleansing clay mask' mmoho le metswako e etsang hore le dule le le mongobo.[s]
Letlalo
ka CHRISTINE HAMMANN
ditshwantsho ka PETER HOOPER
sebontshi NOXOLO wa Ice
mokgabiso wa sefahleho CATHERINE wa Muse
BONA SESOTHO - December 2006
