sotho.1955.jabu
Monna ya nang le tjhebelopele ntlafatsong ya manyetse, o na le tjhebelopele ya ho lokisa moriri, e seng kwano feela, empa Afrika kaofela esitana le hona Amerika...
Ha a sebedise manyetse a maiketsetso
O ntlafatsa manyetse
O IKEMISEDITSE ho qala kgwebohadi, empa rakgwebo enwa, Jabu Stone, o nka dintho butle butle. "Mohato o mong le o mong oo ke o nkang o ka nna wa nkatlehisa kapa wa mpusetsa morao," ke yena eo. "Tsela eo ke atlehang ka yona, e a ntshosa ka nako e nngwe."
Jabu, eo ba mo reneketsang ka hore ke "Ramanyetse" ha a ka a kadima le sente ena bankeng kapa hona mekgatlong e thusang ka ditjhelete ho qala kgwebo ya hae ya disalone tse bitswang Jabu Stone salone tse 12 tse tletseng dibakeng tse kang Joburg, Thekong, Gaborone esitana le Kapa.
Haesale a ne a qale disalone tsa hae, ha a so ka a nyolla tjhelete ho tloha ka 1996 - o ntse a bitsa R120 ho tsoseletsa manyetse mme a bitse R180 ho qala moriri fatshe. Ha ho hlile ho tletse le yena o tla mo fumana a kene hara basebeletsi ba hae.
Disebediswa tsa hae tse kang shampoo, conditioner, mafura a dinotsi, setlolo sa ho taela moriri, hair food le dioli tsa moriri, ke tseo a iketsetsang tsona mane ntlokgolo ya hae, Sandton, tlasa bolaodi bo hlwahlwa ba rakhemisi ya rupeletsweng.
Kajeno o dilemo di 44, o se a nyetse mme ke ntata bana ba bararo. Jabu o ne a ithute ho lokisa moriri ho mmae le nkgonwae nakong eo a neng a hola mane lekeisheneng la Ginsberg haufi le East London.
"Ena ke taba ya boholoholo," ho hlalosa yena, "ke ikemiseditse ho isa kgwebo ena ya ka Amerika selemong sena le Yuropa pele Afrika e tshwara dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe."
Ha o ka mo re hedi, Jabu e ka ke sebapadi sa bolo - ke monna ya shahlileng eo e reng leha o mo sheba, o bone hore enwa ke monna ya dutseng a tsetlallela katleho.
Ha a ne a le sekolong se phahameng, lelapa la habo le ne le fallele Daveyton, ka botjhabela ho Joburg mme o ne a qete lengolo la electrical engineering a le dilemo di 25 mme ya re ha a le tse 32, a nyala mme a qala ho rala kgwebo ya hae ya salone.
O ne a qale a rentela sebaka ka hara e nngwe ya disalone moo Joburg ka 1994, empa eitse ka mora selemo, a be a se a na le ya hae ketjheneng ya ntlo eo ba neng ba e hirile moo Yeoville.
Le hona ka nako eo, o ne a tseba hore sa bohlokwa ke disebediswa, e seng ha ka kang letsoho la motho.
"Ntho ya pele e neng e be tshetiso bophelong ba ka e ne e le temana ya manyetse hobane ke ne ke a amanya le batho ba mmino wa reggae le ba tsubang kakane," ke yena eo. Manyetse a matle bathong ba sa leng banyane, empa e ba mathata a maholo ho mabenkele hore a be le dihlahiswa tsena tse a hlokomelang tse nang le letshwao la ka.
"Ke ne ke kgona ho rekisa dibotlolo tse tsheletseng feela tsa dihlahiswa tsa ka ka kgwedi hobane ke ne ke se na tjhelete ya ho bapatsa. Ke ne ke batle dinaledi tse pele mme ka lokisa meriri ya tsona ka di neha le dikipa tsa ka hore ba di apare."
Dibini, bo-DJ le dibohodi tsa TV tsa qala ho bonahala dibakeng tse pele le dikipa tsa Jabu Stone.
Mdu, eo e leng mohlahisi wa mmino, ba ne ba apere dikipa tsa Jabu mohla ba neng ba hlahisa CD ya bona e ntjha. Ka 1997, nakong eo YFM e neng e kenya tshebetsong lenaneo la mmino wa kwaito le neng le bitse R500m - dikipa tsa Jabu Stone ke tsona tse neng di aperwe moo.
DJ ya Metro fm, Lawrence Dube, o ne a tume ka manyetse a hae lenaneong la Toyota Top 20 ho TV. Sello Maake ka Ncube, Geri Rantseli, Nambitha Mpumlwana le sethibathibane sa mehleng sa Bafana Bafana, Brian Baloi, kaofela ba ne ba sebedisa salone ya hae ho lokisa manyetse a bona.
"Seo ke ratang ho se etsa Amerika, ke ho bula disalone, ke rekise dihlahiswa tsa ka mme ke rupelle le balokise ba moriri ka setaele sa ka," ho rialo Jabu.
"Kgwebong ya mofuta ona dinaleding tsa moo tsa batho ba batsho, o ka etsa dimilione mme ho lokisa manyetse ka tsela ya Seafrika ke yona tsela e maemong a hodimo ya ho lokisa moriri."
Jabu o ne a itokisetse ho ya Amerika dikgweding tse ka bang 18 tse fetileng nakong eo e neng e le e mong wa manqosa a BEE a neng a rometswe Amerika ke Johannesburg's International Marketing Council, ho ya phahamisa lebitso la Brand SA.
Wendy Luhabe, eo e leng modulasetulo wa IMC, o ne a kgahlwe ke maikemisetso a hae mme a re sena ke mohlala o motle wa bokgoni ba Afrika Borwa."
Rakgwebo enwa o ne a kopane le boradibanka le dinaledi tse pele mme a tsamaya moo diterateng tsa Harlem a bolella badudi ba moo hore o rata ho ba bulela salone. Jabu ha a tate ho fihlela ditoro tsa hae, o nka butle butle jwalo ka ha a ne a etse ha a ne a ithuta ho lokisa moriri.
O kgollwa tabeng ya ho rata setjhaba - "ha a le mong a atleha, re atleha kaofela," ke yena eo. O butse salone ya hae ya pele Botswana hona lehlabuleng lena. Re ne re thabile, re keteka e le bosiu ba Labohlano mane Gaborone mme ra qeta ra potlakela lapeng Jozi moketeng wa pokello ya tjhelete bakeng sa mokgatlo wa kahisano wa Kaya FM.
"Ha lebitso la hao le le letshwaong la diaparo, o ebe o ipitsetsa mahlo a boraditaba," ke yena eo. "Ke lehlohonolo. Ke na le basebeletsi ba bangata ba kgonang ho ntshetsapele mosebetsi mme nna ke kgone ho atolla kgwebo.
"Ke lehlohonolo - ke nako ya hore Afrika e iponahatse, le nna ke karolo ya yona." [s]
BONA SESOTHO - May 2006
KA HO LE LETSHEHADI: Jabu ya dilemo di 44, o ne a ithuti ho lokisa moriri ho mmae le nkgonwae mane lekeisheneng la Ginsberg haufi le East London.
KA HO LE LETONA: O theohetse Salone...
BONA SESOTHO - May 2006
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ELMARIE PIETERSE
