sotho.1946.yourfamily_pregnancy
Boimana le mosebetsi
Pele o bolella mohiri wa hao hore o imme qala ka ho netefatsa hore o tseba ditokelo tsa hao - sena se tla o thusa hore o kgone ho hlokomela ha o jewa mmetwane.
O IMME, re a o lebohela! Empa o tla bolella mohiri wa hao jwang? Ho tswa ho wena hore o ba bolella neng mosebetsing ka boimana ba hao. Molao o tla o sireletsa. Ka kakaretso, boimana ba hao ha bo a lokela ho ama mosebetsi.
Ka hoo, pele o phatlalatsa boimana ba hao mosebetsing, qala ka ho tseba ditokelo tsa hao. E se ho itshireletsa wena feela kgahlano le kgethollo empa o tla kgona ho itlhophisetsa hantle matsatsi a phomolo a ho ya beleha.
Ho Website ya Lefapha la tsa Mesebetsi ho eletswa basadi ka hore ba tsebise bahiri ba bona dikgweding tsa bona tsa pele tsa boimana. Hona ho tla thusa hore bahiri ba shebisisa bohlokolosi ba mosebetsi mme ba nke bohato nako e sa le teng.
Leha ho le jwalo, Ngaka Daniel Mahapa, ngaka ya ditho tsa basadi eo re buile le yona, e itse mosadi a ka nna a ba lekgonono ho bolella bahiri ka boimana ba hae ho fihlela a kena dikgweding tse nne, ke hore a etswa kotsing ya ho senyehelwa mme a se a itshepa ka boimana ba hae.
Hape, dikgwedi tsa pele tsa boimana hangata di ba boima basading ba bangata. Mmele o leka ho itlwaetsa maemo a boimana mme o ka nna wa ba le mathata a ho nyekelwa ke pelo haholo.
Haeba boimana ba hao bo ama mosebetsi ka matla - mohlomong o dutse o kula - o ka nna wa lokela ho bolella mohiri wa hao ka pele. Ntho e nngwe ya bohlokwa eo re ka e shebisisang ke hore na mosebetsi o beha boimana ba hao kotsing kapa tjhe.
Mohlomong ha o sebetsa sebakeng seo o phapamisang dintho tse boima teng, kapa o sebetsa moo ho nang le dikhemikhale kapa moo dutseng o eme kapa o dula ho feta tekanyo, ho ka nna ha hlokalaha hore o tsebise mohiri di tloha feela.
Le mesebetsi e kang ya botitjhere leha e le ba keretjhe, e ka nna yaeba kotsi dikgweding tsa pele hobane bana ba banyenyane ka nako e nngwe ba tshwarwa ke maselese kapa chicken pox e leng se ka nnang sa eba kotsi haholo leseeng le inngweng.
Botsisisa sohle seo o sa se uitlwisiseng hantle ngakeng kapa ho mooki. Ba tla o bolella ha sebaka seo o sebetsang ho sona se le kotsing boimaneng ba hao. Ha ditaba di le jwalo, o tla lokela ho bolella mohiri wa hao hanghang, e le hore o tsebe ho tswa tlasa maemo ao a sa bolokehang. Ha ho hlokahala, ho ka nna ha shebisiswa dikarolo tsa mosebetsing wa hao tse ka behang boimana ba hao kotsing.
Ka mora moo, ho tla tloswa ditho tsohle tse ka nnang tsa eba kotsi ho wena. Ha ho kgoneha, moimana eo a ka nna a tlohediswa mosebetsi ha nakwana mme a lefshwe moputso o feletseng ka nako eo ho sa ntseng ho hlophiswa.
Tse ding tseo o lokelang ho di hopola:
Mohiri a ke ke a o leleka kapa a o hatella hobane o imme.
Ba ke ke ba o theolela maemong a tlase kapa ba o tjhentjhele mosebetsi kapa ba theole moputso.
O ke ke wa hanelwa ho nyollelwa maemo a hodimo hobane o imme kapa o se hlole o nehwa monyetla wa thupelo hobane o imme.
Ha ba na tokelo ya ho o hatella ho ntsha mpa hobane ba re o tla lahlehelwa ke mosebetsi. [s]
Pale: Kamogelo Sebola
TSEBA DITOKELO TSA HAO TSA BOIMANA
Molao o lebella hore bahiri ba bule menyetla e latelang bakeng sa basebetsi ba immeng:
Sebaka se hantle sa hore baimana ba phomole mosebetsing.
Ba dumellwe ho ya ditliliniking tsa baimana le dingakeng ha ho hlokahala ba etse jwalo.
Dikeletso le tshehetso e feletseng ya baokamedi bohle le basebetsimmoho.
BOIMANA BA HAO
DIPUISANO TSA MOSEBETSI HA O IMME
Dipuisanong tsa mosebetsi o le moimana, dula o hopola hore:
Ha ho molaong hore o botswe ka boimana ba hao.
Ha ho molaong hore o botswe ka maemo a hao a bophelo a ka nnang a o tlamella ho hlahisa kgolofalo e itseng.
Ha o a lokela ho botswa ka merero ya bokamoso e tsamaisanang le boimana ba hao le ka pele ka mora ho hirwa.
Ha ba o botsa ka boimana ba hao, nka potso eo e se molaong mme ka boikokobetso bo boholo, o hane ho e araba.
