sotho.1944.legalsep2007
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - September 2007
ya hao ka molao
Ho lelekwa ka leeme-
MATHATA: Mookamedi wa ka femeng eo ke sebetsang ho yona o hatella hore basebetsi ba ye ntlwaneng ka nako ya bona ya kgefutso feela. Ke ne ke se na bothata ho fihlela ke ima mme ke tlameha ho ya ntlwaneng kgafetsa. Ka hloleha hohang ho emela nako ya kgefutso, ka tlameha ho ya ntlwaneng ke rata kapa ke sa rate.
Ka mora nakwana a ntlhahlella nyewe - mme ka makala ha ke lelekelwa ho ya ntlwaneng ka nako ya mosebetsi. Ke nahana hore ba bile le leeme le tshabehang haholoholo hobane mookamedi wa ka ke yena eo e neng e le moqosi wa ka mme hape e le moahlodi nyeweng ena. A se ke a batla le ho utlwa mabaka a ka. Na ho na le seo nka se etsang ho phehisa qeto eo-
KELETSO YA SCORPION:
Ho ya ka molao wa Labour Relations Act, basebetsi ha ba a dumellwa ho ba le babuelli dinyeweng tsa mosebetsing. Empa leha ho le jwalo molao o a dumela hore mohiri le mohiruwa a be le moemedi wa mosebetsimmoho le yena ha a ena le nyewe mosebetsing kapa a emelwe ke moetapale wa mokga wa hae wa yunione kapa lona leqwetha. Hona ho thusa hore nyewe e tsamaiswe hantle ntle ho leeme.
Leha ho le jwalo mathata ao re salang le ona ke a modulasetulo nyeweng. Bahiri ba bangata ba kgetha basebetsi ba bang ho ba badulasetulo dinyeweng tsa mofuta ona leha CCMA le Lekgotla la Basebetsi le sa kgotsofatswe ke ketso eo.
Ba CCMA ba tjhentjholla diqeto tse ngata tse nkilweng dinyeweng tse ahlotsweng ke badulasetulo bao hobane ba leeme kaha ba batla ho kgahlisa bahiri ba bona.
Ke boikarabello ba modulasetulo ho ahlola nyewe ka botshepehi le hore moqosuwa a kgone ho hlahisa ba hae bopaki mme ho se ke haeba le leeme. Hape o lokela ho tseba melao ya khampane hantle le tsela eo basebetsi ba lokelang ho ahlolwa ka yona mme hape sohle se buuweng moo se ngolwe ka botshepehi.
Sa bohlokwa haholo ke hore o lokela ho tseba le molao wa Promotion Of Administrative Justice Act 3 of 2003.
Ho ya ka lengolo la hao, ho a totobala hore o ahlotswe ka leeme le leholo. Re o eletsa hore o ikopanye le ba kantoro ya CCMA e haufi le wena mme ba tla o thusa ho hlahlela nyewe ya hao kgahlano le bahiri ba hao, ba bileng leemo ho wena.[s]
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
SE NKILWE KE SEBONTSHI
