sotho.1940.yourman_ties
KGETHA KGAMA E NTLE
Kgama e nepahetseng e ka eketsa tjhebeho moaparong o motle - e ntlafatse le o seng motle
KGAMA e eketsa tjhebeho ya monna (haholoholo haeba o le monna ya bokgabane, ya sa tswafeng ho tsamaya a tshwere mokotla).
Ke sena seo o tlamehang ho se tseba ha o kgetha kgama:
Kgetha e bolelele bo lekaneng - bolelele bo nepahetseng ke ha kgama e thetsa lebanteng ha o e tlamme.
Se reke kgama e nang le ditshwantsho, di-cartoon kapa mekgabiso ntle le haeba o ya moketjaneng wa bana kapa moketeng wa lelapa.
Kgetha kgama o tla itshepa ka yona ha o ya ditekong tsa mosebetsi, dikopanong kapa moketeng o fe feela o pele. O ebe o sa fosa ha o reka kgama e se nang mokgabiso.
Se leke o tlame kgama e metsero le hempe e metsero ntle le haeba metsero ya hempe e le mesesane haholo.
Bapisa paterone le lesela la diaparo le kgama. Haeba hempe e na le paterone, ho molemo kgama yona e se ka ba le yona mme le hempeng ho be jwalo haeba kgama e na le paterone.
Se tlame kgama e mmala o lerotho hempeng e mmala o lerotho. Kgama e mmala o lerotho e boheha hantle hempeng e mmala o kganyang mme hape kgama ena e kgona ho thotofatsa mmala ona wa hempe. [s]
E qotsitswe: www.2tieatie.com
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Ditshwantsho: Peter Whitfield
FESHENE YA BANNA
