sotho.1937.bloclpuzzle
BONA Block Puzzle
BONA SESOTHO - May 2006
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso o ntse o latela matshwao mme o tla fumana lebitso la sebapadi sa dipale dikgeong tse fiifaditsweng.
No 55
Letsatsi la ho kwala:
31 Motsheanong 2006
Hapa!
Di-CD tse bitsang R5 600 hape re o tlisetsa le mmino wa Chris Brown
CHRIS Brown o a rateha mme e tla ba thatohatsi. Moshemane enwa o bontshitse talente ya hae jwalo ka ha a tla phatlalatsa CD ya hae ya pele e nang le mantswe le molaetsa o monate o bonahalang o tla mo tumisa lefatsheng ka bophara.
CD ena e reheletsweng ka yena, e kgabola lethathameng la mabenkele, meketjaneng le moo batjha ba kgobokaneng teng mme Brown o na le mehopolo e mengata ka tsa marato: o nahana ka ngwanana eo a ka tjekang le yena, ya ratanang le monna e mong esitana le ngwanana eo yena a ka ratanang le yena.
Albamo ena ya hae ya pele ke ya ho keteka ho fumana ha hae moratuwa wa pele mme o rata ho keteka le batjha bohle.
BONA e fana ka diphuthelwana tse hlano tse bitsang R1 120 ka seng se nang le setshwantsho sa Chris, CD ya hae le di-CD tse latelang: Jagged Edge, Anthony Hamilton, Byron Cage, Men Of Gospel, Hezekiah Walker, Mafikizolo (DVD), Voices, Kenny G le Swazi Dlamini.
Ho ba mohlodi
Tlatsa dikgeo tse fiifaditsweng mme o tla fumana lebitso le patilweng. Ngola karabo ya hao, lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare posekareteng o di romele ho: BONA/Chris Brown Block Puzzle No 55,
Box 32067, Mobeni,
4060. [s]
LEKGETLONG le tlang o tlameha ho eletsa metswalle le ba lelapa la hao ka molemo wa ho reka ka tjhelete letsohong...
n Ha ho tumellano eo le tlamehang ho e ngola fatshe.
n O tla kgona ho bona molemo wa leano la ho boloka tjhelete - e leng se tla o tswela molemo ha o se o na le kgwebo ya hao.
n O ka ba motlotlo ka ho boloka leha e le e nyane feela tjhelete.
Re rialo hobane mohlomong ha o reka TV ka mokitlane, o qetella o lefile tjhelete e phetilweng lenane la yona habedi...
Mohlomong o rata ho reka 54cm TV e bitsang R1 199. Ka mokitlane o ka ntsha peheletso ya R120 mme o lefe R63 ka kgwedi.
Seo se bolela hore o ka qetella o lefile R1 992. Sena se ka kenyeletsa le phaello ya R422 le ditefello tsa makasine ha o rata (eo ha ngata e bang R15 ka kgwedi.) Ho isa thepa lapeng (mohlomong R120) le inshorense (mohlomong R15 ka kgwedi).
Ka hoo, fetisa molaetsa - lefa tjhelete letsohong o tsamaye le thepa ya hao hang feela, o tswe ditabeng. [s]
Haeba o rata mokitlane
n Haeba o ne o tsebile, o ne o sa tlo dumela ho fumana makasine, ho isetswa thepa lapeng esitana le inshorense: O KA BE O IPOLOKETSE R360
n O ka be o ipoloketse ho feta moo... Haeba o ne o rekile ka tjhelete letsohong kapa peheletso ha PEP: O KA BE O IPOLOKETSE R793!
Ya papatso
Fetisa molaetsa!
Psst! Tswelapele - o ipolokele tjhelete e ngata ka ho reka ka tjhelete kapa ka peheletso
BONA SESOTHO - May 2006
