sotho.1930.yourworld_knowall
HOBANENG moriri wa batho o sa tshwane ka mmala?
John Mokebe, Port Elizabeth
Re batsho ka lebaka la melanin eo re neng re e fumane baholong ba rona, John. Melanin ena ke yona e etsang lebala mothong mme ha e le ngata, motho o ba motsho, mme le moriri o be jwalo. Ha motho a ntse a tsofala, mmele o monya melanin e nyane, moriri o tjhentjhe o be moputswa.
KE EFE FANE E TLWAELEHILENG HAHOLO LEFATSHENG? KE LEFE LEBITSO LE TLWAELEHILENG?
Avril Singana, Soweto
Avril, ka ho ya ka Guinness Book Of Records, fane e tlwaelehileng haholo lefatsheng ka bophara ke ya Setjhaena, "Zhang" (e boelang e ngolwe e le "Chang") - ke batho ba ka hodimo ho dimilione di 100 ba nang le fane ena e nang le dilemo tse ka hodimo ho tse sekete e sebediswa. Fane ena e reheletswe ka motho ya neng a etsa "diqha."
Lebitso le tummeng haholo ke la Mohammad (jwalo ka ha le bitswa
Iran, Afghanistan le Pakistan), kapa Mohammed (jwalo ka ha e bitswa Afrika Leboya) Mohamed kapa Mehmet. Ho nahanelwa hore ke ba ballwang dimilioneng tse 15 ba nang le lebitso lena.
DIPOTSO TSA HAO
HOBANENG DIBAKA TSE FAPANENG DI NA LE DINAKO TSE FAPANENG?
George Makhanya, Queenstown
Nka bolo ya tenese, George, e behe ka pela kganya, o tla bona hore lehlakore lena le seng kganyeng le tla ba lefifing. Kganya ke letsatsi mme bolo ena ke lefatshe. Hobane letsatsi le leng, ka lebaka leo, le kgona ho kgantshetsa karolo e le nngwe mme e nngwe karolo yona ka nako eo e ba bosiu.
Ere ka ha batho ba ne ba tla ferekana ha ho ne ho ka thwe sebakeng se itseng ke bosiu ho se itseng ke motsheare, ba ile ba bona e le tharollo ya ho sebedisa phapang nakong ya dibaka tse fapaneng hobane yona e lateleha ha bonolo, kgitla e a tshwana lefatsheng kaofela, 9pm e ba ka phirimana dibakeng kaofela jwalo jwalo.
Ka mantswe a mang, nako ena e etseditswe hore kgokahanyo le ho etelana ho be bobebe.
Ho na le ntho e dutseng e o makatsa? O rata ho tseba hore e etsahala jwang, neng, ho kae? Ke mona he moo o ka fumanang dikarabo tsa dipotso tseo e leng kgale di o ngongorehisa.
HOBANENG BANA BA TSWALWA BA SE NA MENO?
Kabela K, Gingindlovu
Ha masea a hlaha, Kabelo, a hloka lebese. A tlwaetswe ho ja dijo tse thata ka mora nako e itseng. Meno ha a hlokahale bakeng sa lebese hobane ha le hloke ho hlafunwa. Meno a mela ka mora nako e itseng, a ntse a nyanya. Hape motswetse a ke ke a phuthuloha ho nyantsha motho ya nang le meno.
RE BOTSE: Ekaba o na le potso ho Miss Know-all? Mo ngolle ho Miss Know-all, Box 32083, Mobeni, 4060.
