sotho.1928.hiv
BONGI o ne a tshwaetswe ke kokwanahloko ya EITSI a le dilemo di 15 feela dilemong tse nne tse fetileng. "Ke ne ke tseba ka kokwanahloko ena, empa ke ne ke tshaba ho bolella molekane wa ka hore a sebedise kgohlopo," ho rialo yena. Lerato le ne le nkwetse mahlo. Ke ne ke tseba hore re ne re tlameha ho sebedisa kgohlopo, empa ha ke tsebe hobaneng ke ne ke sa hatelle hore e sebediswe. Ke ne ke nahana hore ka ho rialo ke tla be ke qeta dikamano tsa rona."
Bongi o ne a hlokomele hore o na le kokwanahloko ena nakong eo a kulelwang ke ngwana. Ba ne ba tlamehe ho ya etsa diteko tsa madi.
"Leha batjha ba hola ba tseba ka lefu la EITSI, empa ba dutse ba beha maphelo a bona kotsing," ho rialo setsebi sa lefu lena la EITSI. "Ka lebaka la sena, halofo ya batho ba tshwaetswang ke lefu lena, eba batjha ba dilemong tse 15-24 (haholoholo banana).
"Bongata ba bona ha bo tsebe hore bo tshwaeditswe mme ba mmalwa ba tsebang, ba tswelapele le ho etsa thobalano e sa bolokehang le balekane ba bona kapa ba re ha e hlabe e e hlabileng."
Hobaneng batjha ba le kotsing"
A mangata mabaka a sena. Bongata ba bona bo rata thobalano athe ba bang ba qala bophelo ba thobalano ba sa le banyenyane. Batjha, haholoholo banana, ha ba kgone ho hana thobalano kapa hona ho qobella bashanyana ho sebedisa dikgohlopo hobane ba ebe ba susumetswa ka kgang kapa ba tshepiswa tjhelete kapa melemonyana e itseng.
Hape ha ba natse ha ba hlokomediswa ka kotsi ya lefu lena, athe ebile ba thetswa ke metswalle mme ba kgolwa ka ho bona. Ba beha maphelo a bona kotsing ka ho tjhentjhana ka bahlankana.
Bongata ba bona bo fumana ho le boima ho hopola ho sebedisa kgohlopo kgafetsa.
Polokeho
HIV ha e tshwaetsane ha bobebe. O tshwaetswa haeba madi a hao a thetsane le madi a nang le kokwanahloko ena esitana le lona lero la setho sa sesadi kapa sa bonna la motho ya tshwaeditsweng.
Jwalo ka ha batjha ba bangata ba tshwaetswa ka thobalano, pheko mona ke ho ila thobalano.
Ho etsa thobalano ke boikgethelo ba hao mme ke boikarabelo ba hao ho itshireletsa.
Haeba thobalano e o beha kotsing ya ho tshwaetswa ke mafu a thobalano, ho molemo hore o sebedise kgohlopo, esitana le bona basadi. Ha o sa e sebedise kgafetsa, o ka tshwaetseha lekgetlo la pele feela o sa e sebedisa.
Ho bohlokwa ho tseba hore ha o se na lefu lena, ha ho bolele hore le ke ke la o kena, ho molemo ho dula o itshireletsa.
Ha ho kile ha etsahala phoso e behang bophelo ba hao kotsing ya lefu lena, jwalo ka ho betwa kapa ho taboha ha kgohlopo, etsa diteko tsa madi ka potlako mme o be o botse hore o ka qala ho sebedisa dipidisi tseo tse thotofatsang bohale ba lefu lena kapa tjhe.
Se tshwaetse ba bang
Ho bobebe ho thibela tshwaetso ya lefu lena. Haeba o tshwaeditswe, tseba hore o ka tshwaetsa ba bang haeba o etsa thobalano e sa bolokehang. Sena se ka etsahala leha o ntse o ikutlwa o phetse mmeleng kapa o sebedisa meriana e thotofatsang lefu.
Ho sebedisa kgohlopo ho ka o thusa hore o se tshwaetse ba bang le hore le wena o se tshwaetswe ke mafu a mang a thobalano.
Motjha ya HIV-positive
Ho utlwa hore o tshwaeditswe ke lefu lena ho ka o thefula haholo. Sena se etsahala haholo batjheng hobane ba tlameha ho emelana le mathata ana leha ba sa le banyane. E nngwe ke kgatello ya ho tseba hore o na le lefu le sa phekoleheng, esitana le kgatello ya metswalle.
Ho sebedisa kalafo ha batjha ba tshwaeditsweng, ke mathata a maholo hobane ha ba atise ho nwa meriana ka nepo.
Ba tsa kalafo ba bolela hore batjha ba nka nako e telele ho amohela hore ba tshwaeditswe pele ba ka qala ho sebedisa kalafo. Ba e be ba ipolella hore "ena ke ntho e fetang."
Ho ka dula o phetse
Haeba o tshwaeditswe ke kokwanahloko ya EITSI, sa bohlokwa ke ho fumana kalafo, keletso le tshehetso.
Ipehe leseding ka lefu lena. Fumana dintlha ka lona ngakeng ya hao, ho moeletsi, mmusong kapa hona dibakeng tsa tlhokomediso ya lefu lena.
Kalafo e fumanehang ha jwale, ke e thotofatsang matla a lefu lena mme jwale o tlameha ho fumana keletso e ikgethang ngakeng kapa dibakeng tse fanang ka kalafo ena hore o dule o phetse hantle.
Haeba o tshwaeditswe ke kokwanahloko ena, o tlameha ho itlhokomela hore o phele nako e telele le EITSI e nke nako ho o hlasela ka matla.
n Eja dijo tse nang le phepo e nepahetseng, jwalo ka nama, tlhapi, mahe, matokomane, papa, ditapole, reisi, meroho le ditholwana.
n Hlokomela maikutlo a hao. Haeba o tshaba, o tetebela maikutlo, qoqa le motho e mong. Se ikimetse ka mathata, o tla kula. Iphe nako e anetseng ya ho phomolo le ho robala.
n Hlokomela mmele wa hao. Kgaohana le dintho tse kang ho tsuba le jwala, o qobe batho ba kenweng ke feberu, mokgohlane le mafu a mang a tshwaetsanang esitana le a nelehetsanang ka thobalano.
n Fumana keletso le kalafo ya ngaka mme o latele melao ya ngaka. Eya ngakeng ka matsatsi a boletsweng, o nwe meriana ho latela ditaelo tsa ngaka. Ntle ho moo o tla be o neha lefu lena monyetla wa ho matlafala mmeleng wa hao. Alafa leha e le lefu lefe feela ka potlako.
n Etsa thobalano e bolokehileng. Se thefule mmele wa hao ka bohlaswa ba ho boela o tshwaetseha hape hobane dithethefatsi tsena tsa di-antiretroviral di ke ke tsa hlola di o thusa. O tla phakisa ho kula haeba o sa ipaballe.[s]
BONA SESOTHO - December 2005
Re lwantshana le EITSI
Ha se yo setlhare sa ho alafa lefu la EITSI, boibapallo e sa le bona feela pheko lefung lena
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
BONA SESOTHO - December 2005
Re fana ka dikgohlopo tsa ha LifeStyles
BAHLAHISE ba dikgohlopo tsa ha LifeStyles ba kgolwa hore basadi ke tokelo ya bona ho bolela se sa ba tshwareng hantle - haholo ho tsa thobalano. Se tshabe ho bua ka kgohlopo ho molekane wa hao hobane ke wena ya laolang bophelo le bokamoso ba hao.
Ena ke nako ya hore o laole bophelo ba hao ho tsa thobalano hobane EITSI e hlasela haholo batho ba basadi.
BONA e fana ka diphuthelwana tse nang le dikgohlopo tsa ha LifeStyles le ditlolo tse bitsang
R1 000 sephuthelwana ka seng. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka poskarete ho: BONA/LifeStyles Condoms Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
Letsatsi la ho kwala: 30 Tshitwe 2005.
Tsa batjha
