sotho.1927.legalfeb08
ya hao ka molao
SE NKILWE KE DIBONTSHI
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
Phomolo ya boimana
MATHATA: Ke dilemo di tsheletseng ke sebeletsa khampane e etsang dino tsa ditholwana. Jwale ha ba dumele ha ke ya matsatsing a phomolo ya boimana - ba re ba ke ke ba ntefa. Ba bolela le hore ba ka nna ba se nkamohele ha ke kgutlela mosebetsing! Di reng ditokelo tsa ka-
KELETSO YA SCOPION:
Ditokelo tsa hao di laolwa ke molao wa Basic Conditions Of Employment Act (BCEA). Ka ho ya ka molao ona, o tlameha ho fumana phomolo ya dikgwedi tse nne kaofela. Teng ha ho moputso o tla o fumana nakong eo, empa ha e phatsamise matsatsi a hao a phomolo ya selemo.
Haeba ba fokotsa matsatsi a hao a phomolo ya selemo ka lebaka la matsatsi ana, ba tla be ba le kgahlano le molao ona mme o tlameha ho ya ba tlaleha CCMA.
E nngwe taba ke ya hore mohiri wa hao ha a ya tlameha ho fetola tumellano ya lona ya kgiro ntle le tumello ya hao.
Matsatsi a hao a phomolo a tlameha ho qala dibekeng tse nne pele ho letsatsi leo o nahanelang hore o tla beleha ka lona. Haeba ngaka kapa mooki ya belehisang a etsa lengolo la hore matsatsi a hao a phomolo a qale pele ho nako eo, mohiri wa hao o tlameha ho etsa jwalo.
Hape o tlameha ho tseba hore ha o a tlameha ho kgutlela mosebetsing pele ho dibeke tse tsheletseng ka mora ho beleha.
Ha o bile le mathata ka nako ya pelehi, kapa ngwana a sa phela hantle, ngaka e ka nna ya kopa hore dibeke tseo tse tsheletseng di lelefatswe.
Hore o se be le mathata a tjhelete, ho molemo hore o kenye kopa ya UIF, eo o tlamehang ho e kenya dikgweding tse pedi pele ho matsatsi a hao a phomolo.
Ha o sa kgona ho e kenya e sa le nako, o ka nna wa kopa tumello ya ho e kenya ka mora nako. Taba ya bohlokwa eo o tlamehang ho e tseba ke ya hore o ke wa lelekelwa boimana mosebetsing.
Ha ho ka etsahala wa lelekwa ka lebaka la boimana, o tlameha ho ikopanya le CCMA hobane o tla be o tlatlapilwe.
O ka nna wa nka karolo ya matsatsi a hao a phomolo ya selemo kapa o a nke kaofela mmoho le ana a boimana. Ka ana a selemo o tla lefuwa.
O tlameha ho tseba hore haeba o nka matsatsi a hao ka mokgwa ona, ha khampane e kwala, e qobella motho ohle ho nka matsatsi a hae, wena o tla nka matsatsi a phomolo a sa lefellweng. [s]
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
