sotho.1911.zuma
'Mmuso o ka etsa phapang!'
Re qoqile le Jacob Zuma ka dikgomo, basadi, kgenthollo - le bokamoso ba Afrika Borwa
JACOB ZUMA o rata dikgomo. O holetse Nkandla, mahaeng a KwaZulu-Natal. Mookamedi enwa wa ANC, o hotse a disa, a bile a kalla. Leruo la hae le qetelletse le finyelletse dikgomong tse lekgolo, empa palla ya di fokotsa. "Palla eo e ne e nketsetse fatshe, bona feela ke qetelletse ke setse ka dikgomo tse ballwang ho 30," ke yena a bolella ba ha BONA. "Ke batla ho reka tse ding, ke a di rata.
Hona jwale mokgatlo wa beng ba ditekesi mona KZN, o sa tswa rekela Zuma tse ding dikgomo. Menyenyetsi e bolela hore ba ne ba mo rekele tse 18 kaofela, empa yena o phakisitse a qhelela menyenyetsi eo ka thoko.
Ba ne ba reke tse robedi mme ba hlaba tse nne moketeng oo wa diteboho," ke yena eo. Mpho ya dikgomo tse robedi kaofela ke ya bohlokwa jwalo ka ha mohlape wa ka o fokotsehile hakana.
Batho ba bangata ba bolela hore mahaeng a KwaZulu Natal le Kapa Botjhabela mmoho le dibakeng tse ding tsa naha tse neng di nehwe boipuso, ha di a ka hlokomelwa hantle tlasa puso ya Thabo Mbeki.
Bongata jwale bo na le letshepa la hore ha Zuma a ka sekokomala, a ka etsa phapang mme le yena o netefaditse hore, tseo tsohle di tla ba lenaneng la mesebetsi ya hae ya sethatho.
Ntshetsopele
"Dibekeng tse pedi tse fetileng, ke ne ke le hona lapeng, ke dutse ke ntse ke bua ka yona taba ena," ke yena eo.
"Batho ha ba sebedise mobu. Re tlameha ho boela re lekole leano la ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng le batho ba utlwisisang taba ena.
"Di ngata dintho tseo o ka di etsang hore mobu o o tswele molemo ka hoo, re tlameha ho kgothaletsa batho ho phahamela marole. Bongata jwale bo malala-a-laotswe hobane leqeme la mosebetsi le qobella hore ba tshepele ho ona.
"Ke a tshepa hore mmuso ho na seo o ka se etsang."
Batho ba subuhlellana ditoropong e leng se eketsang palo ya mekhukhu. Re tlameha ho fumana mokgwa wa ho rarolla bothata bona," ho bolela yena.
Zuma o ne a iphumanele setumo ha a ne a atleha ho theheng kgotso naheng ya Burundi le KZN.
O rera ho sebedisa bokgoni boo ho theheng kgotso diqhwebeshanong tse tswelang pele dibakeng tsa mahaeng haeba a ka kgethwa ho ba mopresidente.
"Ha re so ka re sekaseka taba ena ho tloha qalong - re e re nke dintho hanyane," ke yena eo.
"Re na le batho ba dulang dipolasing, ba sebetsang teng le beng ba ona mme ha re kenelle ka nako tharollong ya mathata a bophelo ba bona. Karolo e nngwe ya mathata ana, ke ho lebella hore dintho di itokise ka botsona."
"Motho ya dulang polasing, o nahana hore ha a se a lokolohile, dintho di tla itokela ka botsona. Athe tjhe, ha ho jwalo," ho hlalosa yena.
"Ho hlokahala hore ho buisanwe le boramapolasi. Ka lebaka la maemo a re tswang ho ona, re hloka ho ba le ditumellano tsa ka moo re ka sekasekanang le taba ena ka teng. Re tlameha ho fumana maqheka. Re tlameha ho ba le tumellano e tla etsa hore baetapele ba mahlakore ka bobedi ba dumellane."
Ho tsena tsohle, o dumela hore diketsahalo tsa kgenthollo tse jwalo ka ya filimi eo ya Yunivesithing ya Foreisitata ke tse ikgethang.
Katleho
Taba ke hore ditaba tsena tsa katleho ha di phatlalatswe," ke yena eo.
"Se nkile ka kopana le batho ba merabe yohle ba ikemiseditseng ho sebedisana le rona.
"Haeba o sheba moo re tlohang teng, o tla hlokomela hore tjhe re se re hatetse pele. Diketsahalo tse kang tsena di phakisa ho phahamelwa ka maoto hobane e le tlhokomediso ho rona."
Tabeng ya Zimbabwe, Zuma o batla hore batho ba teng ba iphumanele tharollo ka bobona.
"Ha ho tharollo eo ba ka e fumanang mothong wa kantle. Re lekile ho ba thusa. Boitekong boo ba rona ho na le ba re nyatsang. Re buisane le mahlakore ka bobedi mme ho bonahala tlhasenyana ya tshepo.
Eitse ha re mmotsa ka taba ya menyenyetsi ya hore o ikemiseditse ho nyala ba bang basadi ba babedi hape, o ile a tsheha haholo.
"Bo raditaba ba dutse ba nnyadisa le basadi bohle, empa he nke ke o dumella hore o mpotse potso ya mofuta oo!"
O ntse o tla bina pina ya hao eo o tummeng ka yona, Umshini Wami leha o ka ba mopresidente wa Afrika Borwa"
"Ho jwalo - mme ke boloka le CD ya ka e bitswang De la Rey!" [s]
PALE STEPHAN HOFSTATTER
HOBONAFEELA
u
t
Zuma ha a ne a etetse Nkandla, sebaka seo a holetseng ho sona.
MAIKUTLO A HAO
A na e tla ba ntho e NEPAHETSENG hore Jacob Zuma a nne a be le basadi ba bangata leha a ka ba mopresidente"
TJHE. Monna o tlameha ho ba le mosadi a le mong feela. Ha ho bobebe ho tshepa monna wa sethepu.
E. Meetlo e mo dumella ho etsa jwalo. Ha a ya tlameha ho fetola moetlo ona hobane a qobellwa ke batho. Ha a kgollwa moetlong, o tlamehile ho o boloka le haeba e ka ba mookamedi wa naha.
TJHE. Ke mopresidente wa mofuta ofe ya nyetseng sethepu" Matsatsing a kajeno, basadi ba fetang a le mong ke morwalo o moholo, bophelong le moruong.
TJHE. Ka ho etsa jwalo o tla be a kgothaletsa batho ho nyala sethepu. Mopresidente e tlameha ho ba mohlala setjhabeng - haholoholo nakong ena ya HIV le EITSI.
E. Tsoseletso ya Boafrika e re hopotsa bohlokwa ba meetlo ya Seafrika. Bana ba sethepung ba ntse ba hlompheha, ba hotse hantle mme le bona ke batho ba bohlokwa setjhabeng.
