sotho.190.beauty
Ka moo o ka bolokang nako ya bohlokwa ka teng mme ka ho panya ha leihlo wa iphumana o le motle le ho feta pele
ka CHRISTINE HAMMANN ditshwantsho ka CHRIS LAURENZ
sebontshi GUGU wa ha ICE mekgabiso ya sefahleho le moriri CATHERINE VEER
BONA SESOTHO - October 2007
Eba malala-a-laotswe
HA O SE o siuwe ke nako, ho itlotsa ka mascara, eyeliner, le ho pholetjha ya manala, ho ka nna ha o bakela mathata. Phema ditlolo tse ka nnang tsa o silafatsa, tsa o qakehisa ho feta, o hloka se tla o thusa ka pele le hona ntle ho mathata.
Moriri
Leka setaele se bonolo se sa tlo hlola se o senyetsa nako hohang.
Mokgabiso wa sefahleho
Ha o kgabisa sefahleho o se o tatile, qala ka ho hatella dikarolo tsa bohlokwa - o qale ka ditlolo tseo o sa batleng ho hlahella hara batho o sa di tlotsa. Ha o tlameha ho ikgabisa sefahleho, phema mebala e kganyang hobane ha e tlotsehe hantle ha o tatile. Bakeng sa lipstick, itlotse ka lip gloss - e hlakoleha ka bonolo ha e tlotsehile hampe. (Yardley e na le lethathama le letjha...)
Manala
Manala a hlwekileng, a matle ho feta a tlotsitsweng ka pholetjhe e seng e qala ho kgephoha. Tlotsa pholetjhe ka mokedikedi wa yona o ikgethang, se e tlohele hore e itlose hape dikarolo tse ka mathoko di hloka ho sidilwa hantle ka boroto ya teng. Tlotsa ka pele pholetjhe ya manala ya topcoat e omang ka pele ha o bona eka o sa na le metsotswana e setseng.
Ka nako le motsotso
O otlwa ke letswalo hang feela ha o hlokomela hore o setswe. Empa ho tatasela ha ho sa hlokahala jwale, o tlameha ho tsetsisa maikutlo hore metsotswaneng eo e 120 e setseng, o phetha sohle mme o be motle jwalo ka tlwaelo! Se tatasele: Lebala ka dintho tse ding tseo o tlwaetseng ho di etsa mme o leke ho potlaka.
Moriri
Kama moriri o mahlahahlaha, o kame mme o o tlotse hanyenyane ka gel pele o taela hantle kapa o rwale leha e le tuku kapa katiba ya feshene.
Mokgabiso wa sefahleho
Iphotle o itlotse ka setlolo sa mongobo. (Hei, se lebale ho borosola meno!) Ho itlotsa ka lipstick ho tla hlakisa sefahleho di tloha feela hobane e na le mmala.
Manala
Etsa bonnete ba hore manala a hao a hlwekile a kotilwe ka mekgethe. Se iphapanye ha a peperana le dinama di etsa makgekgeba hobane a etsa hore matsoho a shebahale hampe. Dula o ena le setlolo sa matsoho haufi.
La ho qetela...
Hemela hodimo, o netefatse hore o na le sohle seo o tla se hloka - jwalo ka dinotlotlo, tjhelete, selefoune, sakatuku, pene le tse ding le nomoro ya eo o ka mo letsetsang ha o bona o siuwa ke nako. Jwale o se o ka tobana le lefatshe ka sebete le boitshepo! [s]
