sotho.1909.legendsapr
O ne a mamelwa ka hloko ha a bua ka mokgwa wa hae o kgabane, a batla ho ntlafatsa maemo a naha ya habo eo a e ratang, Nigeria, ke ka hona a tla dula a hopolwa naheng eo...
SENGODI se seng sa Amerika se ne se re: "Botho bo tebileng le ho inyenyefatsa di nkaparela kamehla ha ke lokela ho ngola ka banna le basadi ba behileng naha ya Afrika mmapeng wa lefatshe. Ho sa kgathallehe hore ke ba tseba hantle kapa tjhe. Ke hlokomela hantle ka moo motho a tebileng ka teng.
"Sena se totobala ho feta ha ke lokela ho shebana le bophelo bo makatsang ba Dr Nnamdi Azikiwe, moetapele ya neng a bitswa 'Zik Wa Afrika,' mopresidente wa pele wa Republic Of Nigeria."
Benjamin Nnamdi Azikiwe, o ne a hlahe mohla la 16 Pudungwana, 1904, mane Zunguru, ka Lebowa ho Nigeria.
O ne a sa le monyenyane ha a qala ho utlwiswa bohloko ke kgethollo nakong eo ntatae a neng a lelekwa mosebetsing hobane feela e le motho e motsho. Ketsahalo eo ya mo susumeletsa hore a tsebe ka dipolotiki mme dilemong tse latelang tseo, a ba le tshusumetso e kgolo - a qetella a lahlile le lebitso la hae la Senyesemane.
Jwalo ka baetepele ba bang ba Maafrika, Azikiwe o ne a tseba hantle bohlokwa ba thuto, ke ka hona a neng a ithuta ka matla.
O ne a sa lebale moo habo le meetlo ya habo ya Ibo, a tseba hantle hore Maafrika a rutehileng a phela mafatsheng a mabedi, la "sejwalejwale" le la "serabe." O ne a ikane hore a ke ke a lahla le leng la mafatshe ao - a fela a etsa jwalo.
Ka 1925, ha a le dilemo di 21, a ya ntshetsapele dithuto tsa hae Amerika moo a neng a reneketswe ka hore ke "Zik."
Menyetla e ne e le mengata Amerika leha Zik a ne a hlokomele ditsikitlano tsa meno. Ba ne ba futsanehile, ba tetebetse maikutlo, ba hlolohelwa hae Afrika. A tswa a kena mesebetsing, a ipitsa "Ben Zik", a itefella dithuto.
Moqolotsi
Ka mora ho phetha dithuto tsa degree ho political science le anthropology, Zik a kgutlela Afrika ka 1934. Ha a ne a le Gold Coast (eo kajeno e bitswang Ghana), o ne a kopane le moetapele wa mekgatlo ya basebetsi le boqolotsi, IT Wallace-Johnson wa Sierra Leone.
Wallace-Johnson a hira Zik hore ebe mohlophisi wa African Morning Post mane Accra.
Zik a sebetsa moo dilemo tse tharo, a phonyoha tjhankana ka mora ho phatlalatsa tlaleho e nyatsang mmuso wa Britania. Ka Hlakola 1937, Zik a kgutlela Nigeria, a ilo sebeletsa boipuso.
E ne e le ha seema ka ditlhako, ho mahetla a sephara, a kgahla. "A bua ka lentswe le phodileng le botho bo tebileng, o utlwa hore ke moetapele," o boletse jwalo e mong ya neng a mo tseba.
Pele ho nako e kae, Britania ya hlokomela hore Zik o na le tshusumetso e kgolo, a bile a ena le kgwebo ya ho phatlalatsa le ho hatisa moo a neng a hatisa diketsahalo tsa nnete feela le tsa thuto.
O ne a emela seo a dumelang ho sona, mafelong a 1937, a fihlella toro ya hae. Ha a e fumana e tonositse. Ka nako eo, West African Pilot e ne e qala ho sebetsa, batshehetsi ba bang ba yona, bao ba bang e neng e le Maafrika, ba ne ba hatella ho bapatsa mahala, ba batla le dintho tse sa dumellehang kgwebong le tse tswile tseleng, tseo Zik a neng a di hane kaofela.
A qabana le ba bang. Athe dikoranta tsa Nigeria tsona di ne di kgothalletsa hore Pilot e seollwe. Empa Zik a tsitlella ho fihlella lepetjo la Pilot - "Kgantsha, ba bone tsela." Koranta ena ya ratwa haholo mme ya hola ka matla. Ka 1940, khampane ya Zik ya qala ho phatlalatsa le ho rekisa dibuka tsa batjha ka theko e tlase ka kgopolo ya ho aha setjhaba se motlotlo sa Nigeria.
Moetapele wa dipolotiki
Ka 1947, Nnamdi Azikiwe a kena ka sekgahla dipolotiking, a kenela dikgetho mme a fumana setulo lekgotleng la Lagos Legislative Council.
Ka Mphalane 1954, ya eba Tonakgolo ya Nigeria Botjhabela. A ntlafatsa maphelo a batho ba Nigeria kaofela mme a etsa hore e tsebisahale.
Maikemisetso a maholo e ne e le ho fedisa meferefere ya serabe e neng e le matla ka botjhabela. Bona ebile bohato ba pele ba ho ya boipusong ba naha ya Nigeria.
Zik a hahlaula hohle ka Botjhabela ba tikoloho, a bolella batho hore kopano ke matla mme seo se tla ba thusa ho theha Nigeria e le Nngwe. Jwale a ratwa ke setjhaba kaofela.
Puong ya hae bathong ba ballwang ho 60 000 ba Lagos mohla la 27 Pudungwana 1958, Zik a phatlalatsa hore Britania e dumetse hore naha eo e ikemele ho tloha mohla la 1 Mphalane, 1960.
Katleho ena leha ho le jwalo ya amohelwa ka pelo tse bohloko ke ba bang hona hoo setjhaba sa Ibo sa habo Zik se neng se kgaohane ka lehare. Matsapa a hae a ho kopanya setjhaba a nyopa.
Tokoloho le tshollo ya madi
Mopresidente wa pele wa Nigeria, Nnamdi Azikiwe, o ne a buse ho fihlela a ketolwa ke sesole ka Pherekgong 1966, ka mora meferefere o tshabehang pele ho dikgetho. Zik a utlwa bohloko haholo ke morusu o neng o jele setsi naheng ya habo, a siya Lagos a ya Nsukka, moo a neng a phela ka ho ngola, a noha le bokamoso ba hae.
Ka mora dikgwedi tse mmala, Zik a eletsa babusi ba naha ya habo - a se a le dilemo di 62.
Mohla la 30 Motsheanong May, 1967, setjhaba sa Ibo se ka Botjhabela ho Tikoloho, sa kgaohana ka lehare, sa tswa tlasa taolo ya naha, sa ikemela, ya eba Biafra.
Ha latela meferefere le ditsikitlano tsa meno. Zik jwalo ka setho sa setjhaba sa Ibo, a tshehetsa Biafra mme a ba kgothalletsa ho theha dikamano tsa poelano le kgotso dipolotiking. Tsholoho ya madi ya tota, a phatlalatsa hore a ke ke a tswelapele ho ba tshehetsa o batla ho sebetsa le setjhaba sohle.
Melaetsa ya Zik e ne e ame dinaha tsa matjhaba mme a fumana tshehetso, ba nehela ho thusa dimilione tsa setjhaba sa Biafra se neng se hlasetswe ke bofutsana le tlala ya bojadikata. Qetellong, mohla 15 Pherekgong, 1970, setjhaba seo sa kgutlela tlasa Nigeria.
Dilemo tsa ho qetela
Ntwa ya lala empa mahlomola a yona a sala a totobetse, ba bang ba setse ba se na metse ba lapa. Zik a sebetsa ka thata ho kokobetsa matshwafo setjhabeng mme a hahlaula le lefatshe a batla tshehetso ya ho aha setjhaba botjha.
Ha mathata a kokobela, Zik a boela a qala ho hong ho hotjha, lekgetlong lena, a kgetha lerato la pelo ya hae - dipapadi. Yaeba mohlophisi e moholo wa kaho ya dihlopha tsa bolo ya maoto ya ba sa lefellweng, ya eba modulasetulo wa Nigerian Boxing Board Of Control mme a theha mokgatlo wa Nigerian Table Tennis.
O ne a phela ka kgotso mane Nsukka ho fihlela lefu la hae la mohla la 11 Motsheanong, 1996.
O fihletse dintho tse kgolo bophelong ba hae, a phethile ditoro tsa hae, a hlomtjhwa mme o tla dula a hopolwa e le ntate wa setjhaba sa Nigeria. [s]
BONA SESOTHO - April 2006
pale ka WALTON GOLIGHTLY
setshwantsho ka GREAT STOCK!
Zik Wa Afrika
Nnamdi Azikiwe
BONA SESOTHO - April 2006
