sotho.1908.yourlifeguide_positive
JELLA BOPHELO
Criselda Kananda o thusa hore o utlwisise kokwanahloko ya HIV/EITSI
mme a re bontshe ka moo o ka phelang hantle le ha monate ka teng!
BOIPABALLO bo molemo ho feta setlhare. Ho ja dijo tse phepo e phethahetseng ho thusa mmele kgahlano le dikokwanahloko tse ka nnang tsa hlasela haholo ha o le HIV positive.
Kgweding ena ke shebisisa dijo tse nang le phepo hobane di thusa ho fokotsa mafu setjhabeng sa habo rona athe kgweding e tlang, ke tla shebisisa ka moo dipidisi tsa antiretroviral (ARV) di thusang ka teng ho laola kokwanahloko ya HIV.
Mmele ya rona e tshwana le koloi e sa tsamayeng ntle ho petrole, le yona ha e kgone ho lwantsha dikokwanahloko re sa je. Re hloka mefuta e itseng ya phepo, ekang diproteine, carbohydrates, divitamine le mefuta e meng ya phepo hore re dule re phetse hantle.
Dijo ke mohlodi wa phepo mme phepo e bohlokwa hore masole a mmele a dule a le matla a re sireletse. Dijo ha di re matlafatse feela hore re tsebe ho dula re phela empa di boetse di bohlokwa ho etsa hore mmele ya rona e dule e ena le boima bo amohelehileng haholoholo ha o le HIV positive.
Phepo e sa phethahalang e nang le dijo tse mafura kapa ditswekere tse sa hlokahaleng le tse se nang meroho le ditholwana ha di matlafatse masole a mmele.
Dijo tse phepo e phethahetseng di lokela ho ba le: mafura a lekaneng; di-carbohydrates tse ngata, jwalo ka bohobe, reise le ditapole; meroho le ditholwana tse foreshe; re sa lebale diproteine tse ngata jwalo ka nama e kgubedu, ya kgoho, tlhapi, mahe, dijo tse entsweng ka lebese le matokomane.
Ela hloko ha o pheha hore phepo e se lahlehe, o pheme ho bedisa kapa wa hadika dijo tlolo. Ha re etsa mohlala, meroho e lokela ho tsholwa e sa ntse a ramutseha e le hore phepo e se lahlehe. Bonyane o lokela ho ja hararo ka letsatsi, mme o nwe metsi a mangata a hlwekileng le dino tse ding tsa ditholwana.
O ka eketsa diminerale le divitamin mmeleng ka ho nwa dijo tlatsetso tsa tsona. Dipidisi tsa mofuta ona di na le diminerale tsa bohlokwa le divitamin tse kang Vitamin C le E, omega 3 fatty-acids, di-vitamin B complex le tse ntshang tjhefo mmeleng. Dipidisi tsena tsa dijotlatsetso ha di a lokela ho nowa bakeng sa kalafo ya mofuta ofe kapa ofe o e nehilweng ke ngaka (jwalo ka tsa di-ARV) athe hape o lokela ho di nwa ka tumello ya ngaka kapa setsebi sa dijo.
Ha o le HIV positive mmele wa hao o lwantshana le dikokwanahloko kapa o kenwe ke lefu le sa alafeheng, ho ka nna ha hlokahala hore o tjhentjhe mokgwa o jang ka ona hore o tsebe ho tobana le maemo ana. Ha re etsa mohlala, ha o tsholla, ho ka nna ha thwe o se je lebese hobane le ka mpefatsa maemo. Ho bohlokwa ho botsa ngaka ya hao kapa setsebi sa phepo ka sejo se seng seo o ka se jang bakeng sa lebese kapa dijotlatsetso tse ka o thusang ho tlatseletsa phepo ya hao.
Ke dutse ke re ho ja ditholwana le meroho e foreshe, ke mohato wa pele. O ka nna wa re o kgona ho laola maemo a hao a HIV le mefuta e meng ya tshwaetso empa ho bohlokwa ho utlwisisa motheo wa taba ena!
Motheo o re ka dijo tsa tlhaho (tse kang meroho le ditholwana) mmele ya rona e alafeha ka hare ka ha e fumana sohle seo e se hlokang. Ke tla qetella ka ho qotsa mantsweng a setsebi, a reng: "Bophelo bo botle ke tlhohonolofatso e kgolo mothong." A re itlhokomeleng ka ho jella ho phela hantle, re se phelele ho ja.[s]
CD YA CRISELDA
Criselda Kananda ke mme, setsebi se lwananelang ho dula se phetse hantle, hape ke sebohodi sa lenaneo la dipuisano la Metro-FM mme o na le maikemisetso a ho kgutlisetsa tshepo ho ba phelang le kokwanahloko ya HIV ka ho bua le bona ka boiphihlelo ba hae.
Ho CD, Positive Talk o bua ka bohlokwa ba hore motho ka mong a tsebe maemo a hae a HIV. O na le ditlhaloso tse bonolo tsa mabitso a bongaka a sebediswang haholo maemong a HIV, o eletsa le ka mefuta ya kalafo. CD e boetse e kenyeletsa le dipina tse kang Beautiful Woman, e tlotlang botle ba mosadi.
CD e a fumaneha mabenkeleng ohle a Reliable.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, ikopanye le Criselda ho info@positivetalk.co.za; fekese: 086-617-5480; kapa o ye ho: Web: positivetalkservices.co.za.
MELAO YA POLOKEHO YA DIJO
Ho bohlokwa hore dijo tsa hao di dule di hlwekile, di se na dikokwanahloko kapa bakteria. Re ka kgona ho phema mafu a bakelwang ke dijo ka ho:
Hlatswa ditholwana le meroho ka metsi a hlwekileng ka dinako tsohle pele re di pheha kapa re di ja.
Hatlela nako le nako pele o thetsa dijo.
Phema ho ja nama e tala kapa e sa butswang hantle le mahe a tala leha a tshetswe salateng.
Hlahloba dietswa pele o di reka hore ha di so fetwe ke nako.
Netefatsa hore dijo di behwa ka tshwanelo hape di kwaelwe hore bakteria e se ate ho tsona.
BOPHELO BO BOTLE
