sotho.1901.bec events
Menyetla ya kgwebo temong le mophehong
Letsatsi: Hlakubele 1, 2008
Sebaka: Protea Hotel The Ranch, R101 pakeng tsa Mokopane le Polokwane
Nako: 9.30am bakeng sa 10am
Ho kena: R50 motho o lefa monyako
(Dijo, tee le kofi di tla fumaneha.)
Jwala bo tla rekiswa.
HO IPEHELETSA:
Letsetsa Puleng ho 011-883-8829 dihoreng tsa mosebetsi
(8.30am-5pm hara beke)
Lenaneo
Boithabiso ka MUSA
FORCE KHASHANE - mohlophisi wa BONA
PHILEMON TALANE -
Nkuzi Development Association
MAGEU NUMBER 1
BUSINESS START-UP AWARDS 2007
ARANDA WEDDINGS
LUNCH AND NETWORKING
BAKE & COOK FOR PROFIT
WORKSHOP - Ho phehela mapato le manyalo
Sasko Flour e batla batho ba tswang pele mobakong Afrika Borwa
SASKO Flour ke e mong wa batshehetsi ba pele ba di-workshop tsa BONA Bake & Cook for Profit ka 2008.
Ka 2008, ba tla o bontsha ka moo o ka iketsetsang phaello le molemo ka teng ka kgwebo ya dijo...
Ho thusa ho kgothatsa babadi ba BONA, Sasko Flour e thakgotse letsholo la ho tsoma batho ba tswang pele mobakong Afrika Borwa. Haeba o bona hore o e mong wa bona, re romelle pale e kgutshwane ka kgwebo ya hao ya mobako, o re bolelle hore o etsang, e se e le nako e kae o le kgwebong ena, bareki le katleho ya ho sebedisa folouru ya ha Sasko mobakong.
Pale ya hao e ka nna ya kgethwa e le "Pale ya Katleho" mme wa ba monyetleng wa ho ikgapela disebediswa tsa ho pheha kgwebong.
Romela dintlha tsa hao ho: BONA/Sasko Flour Top Baker Competition, Box 3858, Rivonia, 2028. Ba fihletseng makgaolakgang, ba tla letsetswa mohala mme ba ka nna ba kotjwa ho tla moketeng o ikgethang wa BONA!
Ka folouru ya ha Sasko, o ka baka masutsa!
Theha selekane le Mageu Number 1
POLOKWANE e fana ka menyetla ho ba ratang mopheho. A ko nahane ka seboka sa ANC se neng se tshwaretswe moo ka Tshitwe 2007.
Haeba o le kgwebong ya dijo, o na le lebenkele kapa o hlokomela baeti, Mageu Number 1 ke molekane eo o mo hlokang. Ha a na o bolokela tjhelete feela, empa hobane Mageu Number 1 ke seno sa setho, bareki ba hao le bona ba tla a thabela.
Hangata, Mageu Number 1 e nowa dikopanong tsa setjhaba, mafung, manyalong le ditokfeleng. Morao tjena, a nowa le dikopanong mmoho le dibokeng. Sena se bolela hore babohi ba tla ba hlwahlwa le ba sebayeng le bona ba be mahlahahlaha. Low GI Mageu Number 1 ha a na mafura le lebese, a entswe ka koro, mme a ratwa haholo ke diphehi.
Haeba o le kgwebong, se fetwe ke seboka sa BONA Empowerment se tla tshwarelwa Protea Hotel, The Ranch mane Polokwane.
Mageu Number 1 e tla be e thakgola 2008 Business Start-up Awards sebokeng sa Polokwane. Hara meputso e teng, re ka bala le wa tjhelete e R50 000. O ka nna wa kenela moo sebokeng kapa wa romela dintlha tsa kgwebo ya hao mmoho le nalane ya hao ya mosebetsi ka fekese ho Puleng nomorong ena: 011-883-8830. Mohlodi wa pele wa moputso wa kgwedi le kgwedi wa R2 000 o tla phatlalatswa Polokwane.
Lenaneong la letsatsi re ka bala le maele a Bake & Cook for Profit moo o ka fumanang dikeletso ka moo o ka iqallang kgwebo ya matlo a baeti, kgwebo ya ho hlophisetsa diboka le ka moo o ka fumanang dithendara tsa mopheho mmusong ka teng. Hape ba ha Mageu Number 1 ba tla bontsha
ka diresepe tse bonolo ho baphehi.
Limpopo e ratwa haholo ke bahlaudi. Jwalo ka ha 2010 e atamela, o ka nna wa iqalla kgwebo ya ho rekisa dijo tse seng di phehilwe. O ka fepela dijo tsa hao le Mageu Number 1 mme wa kgabisa ka matokomane a thubilweng le panana. O ka sebedisa a mofuta wa panana le a se nang motswako. Tlisetsa Mageu Number 1 resepe mme o ipehe monyetleng wa ho ikgapela sephuthelwana sa Mageu
Number 1.
BONA SESOTHO - March 2008
BONA Empowerment Club e tla kopanela Polokwane mohla la 1 Hlakubele, 2008, ka mokgwa o ikgethang wa selemo se setjha. Seboka sena se tla ba ka Moqebelo mme le tinare e monate e tla fumaneha, hape o tla fumana le dintlha tsa ka moo o ka kenang kgwebong ya tsa temo ka teng, e leng yona indasteri e kgolo lebatoweng la Limpopo. Hape ho tla fumaneha le dintlha ka moo mekgatlo le ditokfela e ka iketsetsang tjhelete ka teng.
Maikemisetso a maholo a BONA Empowerment Club ke ho hlomisa babadi ka maele a ho iqalla dikgwebo tsa bona le ho atolla tseo ba nang le tsona ka ho ikgokahanya le ba bang. Ho tla ba le meputso e mengata dibokeng tsa 2008.
BONA SESOTHO - March 2008
Dikobo tsa ha Aranda tsa manyalo
MANYALONG, mafung le ditokfeleng ke moo o tla fumana dikobo tsa ha Aranda teng.
Belfiore's, Touch Me's, Double Suede's, Finesse kapa lona lethathama la masea la ha Aranda - ho na le mebala, mefuta le boholo boo o ka kgethang ho bona. Ba ha Aranda, ba hlahisa dikobo tse hlahisang dintho tse ngata tsa meetlo ka ditsela tse fapaneng. Haeba o hloka dikobo bakeng sa moetlo kapa lenyalo, etela ba ha Aranda.
Aranda e na le dikobo tsa setso sa Afrika, tsa marena, marenana, mafumahadi esitana le dinaledi. Ha se hangata o ka fumanang kobo e aperweng ke motsamaise e moholo wa khampane, naledi ya theleveshene kapa sona sebini e se ya ha Aranda.
Haeba o ikemiseditse ho etsa tjhelete, o ka ithehela kgwebo ka dikobo tsa ha Aranda. Ditho tsa BONA Empowerment Club tsona di ka reka dikobo tsa ha Aranda ka bongata ka nyehlisetso mme bona ba di rekise ka phaello.
Bakeng sa lesedi, ba letsetse dinakong tsa mosebetsi mane Randfontein ho 011-693-3721. [s]
