sotho.18.DJ Fresh
Bonaledi ba radiong ke bohato ba pele ba merero ya Thato Sikwane...
pale ka DOUG GORDON
BONA SESOTHO - October 2006
"E bile pulamadiboho ho nna." Ke maikutlo a DJ Fresh ka ho ya ha hae ho 5fm.
Lentswe le foreshe
BA mo bitsa DJ Fresh, ke sebohodi sa 5fm, ya SABC. SABC e nkile dilemo tse pedi kaofela ho hohela sebohodi sena sa mehleng sa Yfm se bolelele ba 1,9m sa Gauteng ka kgopolo ya ho tla tjhentjha tjhebeho ya 5fm, mme qetellong ba mo qhautsa - Thato Sikwane (33), morutwana wa mehleng wa dithuto tsa molao, eo jwale a seng a tsebisahala ka la DJ Fresh.
Ka 1988 ebile e mong wa dibohodi tsa Yfm tse neng di hohele dimilione tsa bamamedi di tloha feela ka mmino o monate wa kwaito, house le rap. Dintho di a tjhentjha, seteishene sena sa mmino wa pop se se se tumme ka morethetho o sele. "5fm e se e mamelwa ke bohle," ho bolela Sikwane.
"Re letlobo le letjha la MTV. Ha ho ena le mmino o monate, bohle ba batla ho o utlwa ho sa kgathallehe hore ke wa mofuta ofe.
"Ke ka moo setjhaba sa habo rona se leng ka teng mme le nna ke batla ho ba karolo ya sona."
5fm e ne e batla Fresh a behe seteishene sa yona maemong a hodimo. Seteishene sena se tummeng ka mmino wa rock and roll se dilemo se leka ho ipeha maemong a matle se bile sa leka le ho hohela barati ba mmino wa kwaito o kang Mandoza le Skwatta Kamp empa ha pala.
Selemong sena, palo ya bamamedi ba 5fm e theohile ho fihlela ho dimilione tse 1,3, ha Metro FM e batlile e fihlella dimilioneng tse 6. Helen Graham, mookamedi e motjha wa 5fm o re seteishene sena se batla ho hohela bamamedi ba dilemo di 20 ho ya ho 25.
Fresh o ne a bolelle mohlahise e mong wa mananeo hore a ka thabela ho ya ho 5fm mohla a neng a tlo lata mohatsae, Thabiso Sikwane, eo e leng sebohodi sa lenaneo la dipuisano la SAfm moahong wa SABC o Auckland Park. "Beke ka mora moo, eo a mpitsetsa dipuisanong tsa mosebetsi. Tsa dula jwalo ho fihlela tumellano ya ka le ba Yfm e fela."
DJ FRESH o ne a le lenaneong la hoseng ho Yfm dilemo tse nne kaofela, a tumme Gauta eo kaofela. O ne a bapala mmino o monate, a bua ka mahlatso dipapading le dipolotiking, a boele a tene mese a tsamaye mebileng ho bokeletsa tjhelete bakeng sa ba hlokang
Ha a batle ho tjhentjha letho bakeng sa ho sebetsa dilemo tsena tse hlano tseo a dumellaneng ka tsona le ba ha SABC. "Ba kgahlilwe ke seo ke neng ke se etsa ho Yfm, ke ka hona ba nnehileng mosebetsi ona."
Ke DJ e hlwahlwa haholo. O kgalla ho kgutlela ho TV empa e seng ha a tla lefshwa leha e le bokae feela. O sa tswa hana ho ba sebohodi a lenaneo le leng le letjha la dipapadi. "Ba ne ba batla ho ntefa tjhelete e nyenyane, ka hana. Bamamedi ba batla mosebetsi o motle, o tswileng matsoho, ke ka hona ke sa rateng ho lefshwa hanyenyane. Ha o sa batle ho lefa, ha o a lokela ho lebella mosebetsi o motle."
Ha a ya lebella ho di fumana di tonositse, lenaneo la hae le qala ka hora ya 4 ho ya ho ya 7 hara beke athe bao a qothisanang lehlokwa le bona ba tshohile. Ho Yfm, ha re etsa mohlala, Chilli M le Dineo Ranaka ba qothisana lehlokwa le monna ya behileng seteishene sa bona maemong a hodimo. "Fresh e ne e le setsokotsane sa Y mane Gauteng jwale o tlilo kubelletsa ho 5fm naheng ka bophara," ho bolela Dineo. "O bohlale. Ha se monna ya hlolwang ka bonolo, o tla atleha."
O BONTSHA hore ho hole moo a yang mme o re ha a ikemisetsa ho phomola hohang. "Helang wena, ke tla palama maqhubu ana ho fihlela a kgathala! Ke hlola ke bolelletse bamamedi ba ka hore ba se ke ba mamella menate haholo. Ha o sa kgone ho etsa ntho ka bokgabane, lebala ka yona. Ke sebetsa ka thata ka hohle ka moo nka kgonang."
DJ Fresh o rera ho tshehetsa leano la ho thusa barutwana ba 150 ka selemo dithutong tsa bona, o se a ahile studio mane Jozi hobane a batla hore neo ya hae ya mmino e mo tswele molemo.
"Ha ke ya se ahela boithabiso, ke kgwebo. Ke lefile tjhelete e ngata ka sona mme jwale se lokela ho etsa phaello." O dilemo jwale a leka ho ipeha maemong a hore a balwe hara ba pele. Fresh House Flava ya hae le Definition Of House di se di rekisitse CD tse yang halofong ya milione mme ho tshwarwa mekete ya mmino e etsang tjhelete e fihlellang ho R50 000 ka mafelo a beke hohle naheng ena ya Afrika le lefatsheng ka bophara.
O re ho kena ho 5fm, ho tla mo thusa hore a kgone ho hahlaula. "Ke tla bula menyetla e metjha." [s]
