sotho.189.attack
O lehlohonolo hore e be o a phela
O retletswe moriana
Ke eo ngwana e mong ya seng a retlilwe...
pale ka TSHWARELO ESENG MOGAKANE/AENS
E BILE mohlolo hore e be moshemane enwa ya dilemo di robedi, Fortune Khumalo o ntse a phela. Leha a bile lehlohonolo jwalo, empa se bohloko ke ha dingaka di bolela hore ho ka nna ha etsahala a se be le bana bophelo bohle ba hae hobane ba neng ba mo retla, mohla 25 Phato, ba ne ba mo pome botona ba hae. O tlameha ho etswa diopereshene tse tla mo thusa hore a ntshe metsi ka bonolo.
Nakong eo re ngolang pale ena ka yona, moshemane enwa wa ha Khumalo, o ne a ntse a le sepetleleng sa Dr George Mukhari GaRankuwa, haufi le Tshwane. Mmae ya kgathatsehileng haholo, Nancy Siweya, o se a dula le ba leloko la habo hore a kgone ho mo etela kamehla. "Ho thata ho nna ho amohela se etsahetseng ho moraka. Leha ho le jwalo, ke leboha Modimo hore e be o ntse a phela," ho rialo Siweya.
Dingaka di mmoleletse hore morahae o lehlohonolo hore e be o a phela ka mora tlhaselo eo. "Ba bolela ha e le moshemane wa nnete, ya sebete," ke yena eo. Thapameng ya Moqebelo oo, moshemane enwa o ne a ntse a ipapalla bolo le metswalle ya hae motsaneng oo wa Jilongo haufi le Giyani, Limpopo ha a ne a leba sekgweng ho ya ithusa. "E ne e se hole hakalo le moo ba neng ba bapalla teng. Ho ne ho hlahe motho hang hang," ho bolela yena Siweya. Monna eo o ne a mo hulele hare hare sekgweng, a tabola borikgwe ba hae ka thipa mme a mo poma botona ba hae a ntse a itholetse jwalo.
Khumalo o ne a hwelehetse mme mofeta ka tsela a mmona mme a mo potlakisetsa sepetlele pele a fopha madi tlolo ya molao.
Tshabo
Risimati Hlungwane, mosuwehlooho wa sekolo sa Shingombe Primary, seo Fortune a balang ho sona, o bolela hore bana bohle ba tsitsipane ke ketsahalo eo.
"Bana ba ne ba se tshehetse seboko. Ho ne ho se ya kgonang ho tsepamisa kelello ya hae. Bohle re amehile haholo," ke yena eo.
Mokgatlo o laolang sekolo, o ne o bitse kopano e potlakang ho tla bontshana hore na lelapa leo le ka thuswa ka mokgwa o fe.
"Re ne re ngongorehiswa ke taba ya hore ha ho mang ya sebetsang lapeng la habo moshemane enwa. Batswadi ba hae ka bobedi ha ba sebetse mme ba tlameha ho palama sebaka se se lelele ho tla Tshwane," ho rialo Hlungwane. Sekolo se ne se thehe mokotla wa thuso bakeng sa lelapa. Re ne re kope baithuti ho nehela ka R2 moithuti ka mong mme mesuwe yona ka mong a ithaopa ho nehela ka R200 mme ho fihlela jwale, ho se bokeleditswe tjhelete e ka bang R5 000. E ba thusitse haholo bakeng sa ho palama, empa tjhelete e ngata e ntse e hlokahala bakeng sa ditefello tsa sepetlele. Hona jwale ho sa tshwerwe mmelaellwa ya dilemo di 23, ya neng a fumanwe le botona ba moshemane enwa.
Ho bua nnete
Ya buellang sepolesa sa Limpopo, Superintendent Mohale Ramatseba, o boletse hore mmelaellwa eo, o nyele matsete, masa-a-kokometse ka sebele, a bolela hore o ne a retle moshemane eo ka morero wa ho ya rekisa botho boo ba hae Gauteng.
Mmelaellwa eo o ne a behwe molato wa teko ya polao le ho fumaneha le ditho tsa motho.
Ha a ka a ba a botswa hore o molato kapa tjhe mohla a neng a hlaheletse Lekgotleng la Manki la Malamulele mohla 19 ho Loetse, mme o ntse a le ditlamong.
"Ha a re tsebe le ho re tseba," ho rialo Siweya. "Menyenyetsi e re o dula hona motsaneng oo wa habo rona, empa hojana le rona." O bolela hore o tshepa hore Modimo O tla mo neha pelo ya ho mo tshwarela ka ketso eo a e entseng ho morahae. [s]
African Eye News Service
BAKENG SA THUSO
Thusa FORTUNE ho fola mahlokong a hae! O ka romela nehelo ya hao ho Fortune Khumalo Family Trust Fund, First National Bank, Malamulele Branch, Cheque Account # 62151417360.
BONA SESOTHO - November 2007
Fortune le mmae, Nancy. Moshemane enwa o ntse a le tlasa kalafo ya dingaka.
A reng mathuela
"Bongata ba diretlo, di etswa ke dingaka mmotwana tsena tse se nang boiphihlelo - tse tshepisang batho borui haeba ba ba tlisetsa ditho tsa batho," ho rialo Anna Mphephu Rikhotso, eo a nang le dilemo tse 40 e le lethuela, e bileng e le yena ya buellang mokgatlo wa dingaka tsa setso lekaleng la Vosloorus.
"Ba bang ba tsamaya ba le sehlopha, ba bang ka bonngwe ho ya retla bana hobane ba na le kgopolo ya hore bana ba na le tlhohonolofatso mme ba tla ba etsa barui.
"Baloi bana ba tlameha ho senolwa!"
"Ha ho moriana o ka fetolang motho moriu," ho rialo moruti TJ Maphosa, eo e leng morapelli dilemo tse 34. Ke badimo feela ba ka o fang katleho.
"Moriana ha o hloke ditho tsa motho hore o be matla. Badimo ba neha dingaka le mathuela meriana e phedisang, e seng e bolayang."
Ho tlameha ho thehwe khomishene ya diphuputso, ho fuputswe hore na ho teng mathuela le dingaka tse nkang karolo diretlong, ho eletsa Martha Mongoya eo e leng lethuelale setho sa mokgatlo wa Gauteng Traditional And Faith Medical Practitioners.
"Lethuela kapa ngaka ya mannete, ha e retle kapa hona ho sebedisa ditho tsa batho merianeng ya yona.
"Diphuputso di tla re hlatswa lebitso mme ho ntshuwe baloi bana mosebetsing ona.
"Ho tlameha ho thonywe mathuela le dingaka tse tla hlahloba dibaka tseo dingaka tsena di sebeletsang ho tsona. Ya tla fumanwa le ditho tsa batho, a ntshuwe, a iswe sepoleseng."
Dingaka le mathuela a sa ingodisang, a tlameha ho kwalwa, ke yena hape.
- Force Khashane
