sotho.1896.Legends
KWAME NKRUMAH o ne a hlahele motseng wa Nkroful mohla la 21 Loetse 1909, ka thokothoko ka borwa bophirima ho sebaka seo pele se neng se bitswa Gold Coast.
"Kwame" ke lentswe le bolelang "Moqebelo" mme ka moetlo wa Akan, ngwana o rehellwa ka letsatsi leo a hlahileng ka lona.
Nkrumah e ne e le morutwana ya boitshwaro bo botle, ya neng a sa tsube a sa nwe, ya neng a ikwetlisa kamehla. Ke nakong eo a neng a ithutela botitjhere moo a neng a kopane le monna ya neng a tjhentjhe bophelo bohle ba hae - Dr Kwagyir Aggrey.
Dr Aggrey o ne a kene sekolo Amerika, a tseba hantle tshotleho ya Maamerika a batho ba batsho. A dumela hore ha ba batla ho phema mathata ao, Maafrika a lokela ho hloma ka thuto.
A kgothatswa ke Dr Aggrey, Kwame le sehlotshwana sa metswalle ba ipha nako ya dipuisano moo ba neng ba phetha masiu ba manolla maemo a dipolotiki.
Maemo a senyeha ka nako eo ba neng ba ema kgahlano le ho laolwa ke mebuso ya dinaha tse ding le borapolasi ba hana ho bolellwa ke naha ya Britani hore ba rekise cocoa ka bokae.
Kwame a siya naha ya Gold Coast ka 1935 ho ya ntshetsapele dithuto tsa hae United States, a ikanne ho kgutla hape ho tla thusa setjhaba sa habo ho lwanela tokoloho. Mane States o ne a dula bofutsaneng bo tshabehang, hoo ka nako e nngwe Kwame a neng a robala mebileng. O ne a rekisa tlhapi hape a sebetsa a sa rupellwa. A bokella tjhelete ya ho lefella dithuto tsa hae.
Ka nako eo a neng a tloha United States ka Motsheanong, 1945, ho ya mafelong a Ntwa ya Bobedi ya Lefatsheng, o ne a se a ena le Bachelor of Science degree, Economics le Sociology e le dithuto tsa hae tsa sehlooho hape a ena le Theology degree, ha re bala tse mmalwa. Ka 1943, ho Education And Nationalism In Africa, Kwame a bua ka ka moo Maafrika a seng a batla ho ipusa ka teng. Ho Towards Colonial Freedom, o ne a nyatsa ho buswa ke dinaha tse ding a bile a re ke ho qhekella Maafrika ka moruo oo ba o filweng ke Modimo.
Ho ya mafelong a 1945 Kwane o ne a lebe London. A theha setswalle le serutehi se seng sa Moafrika wa Amerika, Dr Hastings Kamuzu Banda, mme ba kopanela lapeng la Dr Banda. Ke moo a neng a kopane le banna ba neng ba lwanela tokoloho ya dinaha tsa Afrika - jwalo ka Kenneth Kaunda, Jomo Kenyatta, Joshua Nkomo le Julius Nyerere.
Hona moo London, Nkrumah a theha mokga wa Pan-African Movement, hape e le mongodi Konkereseng ya Bohlano ya Pan-African e neng e le mafelong a 1945 mane Manchester.
Masole a bolaya mekaubere ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, bang ba lemala ha bohloko mebileng ya Accra. Gold Coast ya senyeha. Ha qala moferefere.
Nkrumah le boradipolotiki ba bang ba tshwarwa. Ha barutwana ba hwanta ka Hlakubele, mmuso wa Britania wa ba arabela ka dikgoka. A lokollwa ka mora kgwedi mme Nkrumah a hahlaula le naha yohle a buisana le setjhaba ka kakaretso a sa kgethe morabe kapa tumelo.
Ka Hlakola 1949, Nkrumah a theha Komiti ya Batjha (CYO) e neng e hlophiseditswe ho ba kgothaletsa ho lwanela tokoloho. Ka Phupjane kopanong ya CYO mane Accra, Nkrumah a phatlalatsa mokga o motjha wa Convention People's Party (CPP), o lwanelang tokoloho.
Setjhaba se setjha
Ka mora kgatello e kgolo, Britania ya qala ditlhophiso tsa ho tswa Gold Coast.
Hara kgitla mohla la 6 Hlakubele 1957, moketeng o Martin Luther King Jr e neng e le sebui sa bohlokwa, Nkrumah a phatlalatsa hore ntwa e telele e fedile mme naha ya habo bona e ntle ya Ghana e fumane tokoloho."
Mmuso wa Nkrumah o ne o hlophiseditswe ho ntlafatsa maemo a Ghana, ho thusa boramapolasi le borakgwebo ba banyenyane ho atleha - setjhaba sohle sa inehela maanong a Nkrumah a ho ba thusa hore ba tsebe ho iphedisa, ha ahwa dikolo, ditliliniki, ditoropo, metse, mebila le tsohle tse hlokahalang ka hare ho naha.
Nkrumah a bitswa Osagyefo kapa "moetapele ya matla."
Dilemong tse pedi tse latelang tseo, Ghana ya eba mohlala dinaheng tse ding tsa Afrika pele dintho di senyeha...
Ha senyeha
Maano a ntshetsopele ao Nkrumah a neng a a hlahisitse, a ne a ena le ditjeho, thekiso ya cocoa ya theoha dilemong tsa bo 1960, Ghana ya qala ho futsaneha. Nkrumah a qala ho bitsa tjhelete e hodimo ya lekgetho, ha qala manyofonyofo taolong ya ditjhelete tsa mmuso mme naha ya eba tsietsing e tshabehang. Ka nako eo Nkrumah a netefatsa hore o a se kokomala samaratswana.
A phela ba dinonyana ka mora ho nyopa ha matsapa a ho mo bolaya makgetlo a mabedi. A lebelwa ke Sepolesa sa mose ho mawatle. Ka 1964, ka mora hore Ghana e be e nngwe ya dinaha tsa Organisation Of African Unity, Nkrumah a ipeha setulong sa Bopresidente seo a tla kgaohangwa le sona ke lefu ka ho kwalwa melomo ya mekga e meng ya dipolotiki.
Batho ba se nang molato Ghana ba qala ho tshwarwa. Mohla la 21 Hlakola 1966, Presidente Nkrumah a tloha Accra a leba Hanoi, Democratic Republic Of North Vietnam. A sa ile jwalo sesole sa Ghana sa sala se ketola mmuso wa hae. Mmuso wa Osegyefo, Dr Kwame wa fihlella pheletsong. [s]
BONA SESOTHO - February 2006
O tswetswe ka Moqebelo
Kwame Nkrumah
Kwame Nkrumah ke e mong wa bathehi ba mokga wa Pan-Africanism le Organisation of African Unity, hape ke moetapele wa pele wa naha ya pele e ka borwa ho Sahara e neng e fumane boipuso
Kwame Nkrumah, moetapele wa pele ya etelletseng Ghana ho fumana boipuso - hape ke mothehi wa mokga wa OAU.
pale ka WALTON GOLIGHTLY
Bophelo ba hae
Nkrumah a ke ke a hlola a kgutlela Ghana. A dula Guinea e le mophaphathehi ho fihlela a shwella Romania moo a neng a ilo alafshwa teng ka Mmesa 1972.
A patelwa Ghana, motseng oo a neng a hlahele ho ona empa setopo sa hae ka mora nako sa lebiswa pakeng e kgolo ya sehopotso e Accra.
Monna e mong ya neng a hlontjhwa naheng ya Ghana eo hape e neng e le ramahlale, B. Danquah o ne a ngole a re: "puso ya nnete e lokela ho tshehetsa tokoloho ya motho ka mong. Batho ka sebele e seng dintho tse etsang hore batho ba be maemong a itseng. Kwame Nkrumah o ne a lebale seo mme a rohaka setjhaba sa habo ka dilemo tse ngata ha se ne se le mathateng a tsa dipolotiki le moruo."
Katleho ya Nkrumah e ne e itshetlehile thutong e leng ntho ya bohlokwa mme a sebeletsa ho bopa setjhaba sa habo ka hoo o lokelwa ke tlotla. A tlaila ha a se a qala ho se tsotelle tswelopele ya setjhaba sa habo ho ya ka moo setsebi se seng se boletseng: "O hlotswe ho kala tswelopele ya naha ya habo, a e tshwantsha le ya dinaha tse tswetseng pele. Lefatshe lena le hloka mamello ho tsa dipolotiki.
Nkrumah o ne a dumela hore meetlo ya Seafrika e lokela ho hlonetjhwa.
BONA SESOTHO - February 2006
E A QALA!
Mona re tla shebisisa bophelo ba banna le basadi ba bileng le tshusumetso e kgolo kontinenteng ena - ho tloha ho Shaka ho ya ho Hannibal, Cleopatra ho ya fihlella ho Cheops, Mzilikazi le Nasser...
E QALA HONA KAJENO!
Mona re tla shebisisa bophelo ba banna le basadi ba bileng le tshusumetso e kgolo kontinenteng ena - ho tloha ho Shaka ho ya ho Hannibal, Cleopatra ho ya fihlella ho Cheops, Mzilikazi le Nasser...
