sotho.1891.teenjan
KGATISONG e fetileng, re buile ka ditoro le ho di fihlela. Kgweding ena re shebisisa tsela ya ho tlisa botsitso bophelong ba hao.
Nahana ka dikeletso tsena, o leke ho di latela mme o tla matlafala o phele hantle mme o kgone ho fihlela ditoro tseo tsa hao...
P Ke tla leka ho nahana pele ke bua: Ho na le lebaka le utlwahalang le etsang hore batho ba re o ipotse ha leshome pele o ka phahamisa molomo haeba o halefile kapa o fetse pelo - ke ntho e teng. Ntle le moo, hape ena ke tsela ya ho thibela hore maemo a se mpefale.
Qetellong ka bobedi le a lebala hore hana ehlile sesosa sa qabang ke eng hobane le ebe se le otlana ka mantswe.
Ho bala ho fihlela leshomeng ho etsa o be le nako ya ho nahantshisa hantle hore na ebe motho eo o ebe a reng. O ka ikutlwa o hlokofetse mme mohato wa hao wa pele e tla ba ho iphetetsa ka ho rata ho bolella motho eo se tla mo utlwisa bohloko le yena. Empa seo o tlamehang ho se etsa ke ho ipotsisisa hore: Motho eo o ne a hlile a reng"
Ba ka nna ba o tjodietsa hobane o ba hlabehisitse - athe bona ba ne ba rata ho fumana sesosa sa taba.
Ka nqa e nngwe, ho teng batho ba qalang leqhoko ka boomo ka maikemisetso a ho o hlabehisa. Ka ho inahana pele o nka bohato, o ebe o se o ntse o le mohlodi!
Ha batswadi ba hao ba o hlabehisitse, inahane pele o phahamisa molomo, hobane seo ba se bolelang ba ebe ba o aha ka sona.
Mantswe a bohlale a re 'ho molemo ho itholela ho ena le ho ikwahlaya ha morao!
P Ke tla inahanela: Na ekaba o tlameha ho ba le mofuta wa selefounu oo mang a nang le ona, kapa o tlameha ho tshwantshetsana le motho ya itseng ka diaparo" Na ke nnete hore o hlabehele batswadi ba hao ha ba sa kgone ho o rekela dintho tseo kaofela"
Na ekaba batho bana kaofela ba sebedisang dithethefatsi ba di sebedisetsa molemong wa ho senya bophelo ba hao"
"Haeba o nthata o tlameha ho robala le nna" - o nahana hore motho ya jwalo o ebe a o nahanela"
Haeba karabo ya hao e le tjhe dipotsong tsena kaofela, ho bolelang hore o a inahanela - mme o motjheng wa ho ntlafatsa bophelo ba hao.
P Ke tla ikwetlisa: Haeba o le sebapadi sa bolo kapa yona netball ho bohlokwa haholo ho ikwetlisa, empa ho ntse ho le bohlokwa le haeba o se na thahasello ya dipapadi.
Ho ikwetlisa bonyane hararo ka beke ho ka o boloka o kwenne.
Ha o a tlameha ho ya boikwetlisong kapa o mathe - ho otlolla maoto ho lekane. Empa ho na le dintho tse pedi tsa bohlokwa: nako eo o ikwetlisang ka yona le hore o ikwetlisa jwang.
Ho tsamaya ka maoto ha o ya sekolong ke e nngwe tsela ya ho ikwetlisa. Re ka re hape hore o tsamaya sebaka se se kae ha ho tshwane le hore na o otlolla maoto ha kae.
Ha o kwenne le kelello ya hao e tla ba tjhatsi. Ho na le molemo o mong ho feta moo, o tla kgatholoha o kgone ho etsa dithero tsa bokamoso ba hao ka nepo.
P Ke tla bala kgafetsa: Le ena e ntse e le e nngwe tsela ya ho ikwetlisa leha e le boko feela bo unang molemo. Ipolelle hore selemong sena o ke ke wa bala dibuka tsa hao tsa sekolo feela, empa o tla leka hore ho be teng e nngwe buka o tla nne o e bale jwalo ka kgwedi.
Ke kopa le ntshepe lona baena le dikgaitsedi, ntho tseo o di ratang, ho na le buka tse fetang e le nngwe eo o e ratang. Ka hoo, a ko iphe nako o etele laeborari ya ka heno!
P Ke ba le thuso e kgolo batswading ba ka: Kgale Fat Charlie a bua ka sena - o ka qoba mathata ka hore o thuse batswadi ba hao ntle le tletlebo mosebetsing wa bona wa ka tlung ntle le tletlebo.
Le wena o phela sebakeng seo, ka hoo, ho molemo hore le wena o kenye letsoho hore sebaka seo se dule se hlwekile. Ekaba batswadi ba hao ba etsa phoso ka ho rialo. Ka ho etsa sena, o tla be o bontsha batswadi ba hao hore o motho ya nang le boikarabelo.
PKe tla etsa ntho e mokgelo ka nako ya ka ya kgefutso: O e o tswe sekolong mme o fihle o tjamelane le TV" Kgaotsa. Sebedisa nako eo bakeng sa ntho tse molemo.
Ha ho mang ya reng o se shebelle mananeo ao o a ratang - empa a kgethe. Shebella a itseng mme o sebedisetse nako e setseng bakeng sa dintho tse ding. A ko iphe nako ya ho bapala le bana beno - o ba bontshe hore ho na le dintho tse ding tsa bohlokwa ho feta ho shebella TV.
Haeba mohlomong wena le nkgonwao le rata lenaneo le tshwanang, ho ka ba molemo hore o lo le shebella ha hae, ka ho etsa jwalo, o tla be o otlile nonyana tse pedi ka lejwe le le leng.
P Ke tla leka ho boloka mosebetsi o le maemong: Lona baena le dikgaitsedi ha se bohle re tswalwang re atlehile, empa ipebofaletse mosebetsi wa hao wa sekolo ka ho o etsa ka nako, hape o netefatse hore o tsepamisa maikutlo le kelello ya hao dithutong ha o le phaposing.
Haeba o na le mosebetsi kapa tsona diprojeke di etse ka pele ka potlako. Se tlohele mosebetsi oo ho fihlela motsotsong wa ho qetela - o tlameha ho kgaohana le ho ipakela kgatello e sa hlokahaleng.
Ho monate hakakang ho qeta mosebetsi ka nako mme o shebelle bomphato ba hao ba ntse ba hlanasela ka metsotso ya ho qetela.
P Hopola matsatsi a tswalo le a mang a bohlokwa a batho ba bang: Sena se ka bonahala e se letho, empa se ka thabisa motho eo o mo etsetsang sona. Iphumanele almanaka mme o tshwae matsatsi ao a bohlokwa.
Ha o a tlameha ho ba rekela dimpho tse bitsang. Karete feela ya ditakaletso e nang le molaetsa e ka thabisa motho, haholo jwalo ka ha a tla be a bona hore o ntse o mo hopola.
Haholoholo haeba o le moshanyana, ho hopola letsatsi la mmao la tswalo - mmoho le la bomme - seo se ka mo thabisa haholo ka tsela eo o neng o sa e lebella ka yona. [s]
BONA SESOTHO - January 2007
Mahlo mahlong le Fat Charlie
Etsa sena e be selemo sa hao!
Ka moo o ka netefatsang hore 2007 e ba selemo sa katleho ho wena...
BONA SESOTHO - January 2007
Le se le kile la bolela mantswe ana makgetlo a makae lona baena le dikgaitsed" Ke ha kae o kgahlola batswadi ba hao" Ke ha kae o itseka hore le wena o tshwarwe jwalo ka motho e moholo. A na ka ho etsa jwalo ha o bontshe boitshwaro bo bobe"
Ke batla ho tshwarwa jwalo ka motho e moholo - karabo e totobetse - itshware jwalo ka yena!
Ke nnete. Hopola hore motho e moholo ha a itshware jwalo ka wena, ha a telle batho ba baholo le hona ho tswafa sekolo - hape o hopole hore dilemo tsa hao ha di so fihle moo.
Ke a tseba hore ho boima, empa lona baena le dikgaitsedi hopolang hore le ntse le le bana! Mmele le kelello ya hao ha di so ka di hola ka ho feletseng.
Ke a tseba hape hore ho boima, empa mamella. Ka le leng o tla hola o "lokolohe"...
... o tla ba le bolokolohi ba ho kena dikolotong, o mamelle ho etsa mosebetsi o o putsang hanyane, o ngongorehe ka tjhelete ya rente le boikarabelo bohle ba ho ba motho e moholo...
Hopolang taba ena lona baena le dikgaitsedi - ha ho mang ya o thibetseng hore o be motho e moholo, empa hopola hore ke boikgethelo ba hao hore o rata ho ba motho e moholo ya jwang.
'Ke batla ho tshwarwa jwalo ka motho e moholo!'
