sotho.1886.lettersjun
Le hapileng
A re tlotleng matitjhere
KE RATA ho leboha matitjhere ohle a dikolo tsa habo rona ka boinehelo ba ona ho rona e seng feela baneng empa le bathong ba baholo setjhabeng sa habo rona.
Ho a thabisa ho bona hore hona le batho ba inehetseng hakaalo mosebetsing wa sekolo - ba sebetsang le setjhaba ho theha dikolo tsa thuto ya ba baholo.
Ba bang ba batswadi ba rona, ka lebaka la ho se tsebe ho bala le ho ngola, ba bapala dinokwane. Di ba hatella ho saena mangolo a ba dumellang hore ba ntshe ditjhelete bankeng kapa ba rekise matlo a bona ntle ho tumello ya bona.
Nahana feela ka motho ya sa tsebeng ho bala - kapa hona ho ngola lebitso la hae. Empa ho a thabisa hore ebe kajeno dintho di a tjhentjha ka lebaka la boinehelo ba matitjhere. A re se dumelleng matitjhere a mmalwa a bobodu ho senya a mangata a lokileng.
Bongata ba matitjhere a habo rona a etsa mosebetsi wa bohlokwa - a re a leboheng!
Aaron Tlou, Tweefontein
R100
Mangolo a hao
Ho a tshosa!
BATSWADI - se senyeng maemo hore bana ba lona ba qetelle ba tshaba ho kgutlela mahae hobane ba feitse sekolong.
Tlohelang ho halefela bana ha ba feitse kapa le nne le ba phoqakake. Ba kgothatseng le ba etse hore ba se lahlehelwe ke boitshepo mme le ba thuse ho lokisa diphoso tsa bona. Se ba tshwantsheng le ba bang. Mo kgothatse ka hore ha a sebetsa ka thata ho feta moo, o tla fumana sephetho se setle haholo!
O ke ke wa thabela hore ngwana a ipolaye ka lebaka la hao - seo se ka etsahala! Ke mang ya tla beng a hlolehile"
Thabo Mafaese, Ikageng
Ditshepiso!
Ke ipotsa hore ho tla etsahalang ka 2010 naheng ena! Ke bona eka dintho ha di ka tswelapele ka mokgwa ona, selemo seo se tla fihla ho se batjha naheng ena. EITSI e a ba qeta.
Haufinyane boradipolotiki ba ne ba nyolosa ba theosa ba batla re ba kgethe. Ba re tshepisa sena le sane, ra ba kgetha, ba nyemetse hape jwalo ka pele. Hape re sa tswa tlotloloha bolong mane Ekgepeta.
Ho lokela ho nkwa bohato bo matla ba ho thibela Bafana Bafana ho senya thabo ya rona ya Mohope wa Lefatshe wa 2010.
MM, Pietersburg
HA SE basadi bohle ba hlohonolofaditsweng ka thari, ba bang ha ba na yona. Empa leha ho le jwalo setjhaba se sa ntse se lebella hore mosadi ka mong o tlameha ho ba le bana.
Ho ba mosadi ho bolela dintho tse fapaneng bathong ka ho fapana mme basadi ba na le dintho tse ngata tseo ba ka kgethang hara tsona matsatsing ana.
Ha ho mosadi ya lokelang ho hatellwa hore a be le ngwana a sa batle. Ho se be le bana ha mosadi ha ho bolele hore ha se mosadi hantle!
MN, Polokwane
Botswetse ha se setlamo
BONA SESOTHO - June 2006
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
Tlohela!
A re tloheleng ho dula re tletleba ka dinako tsohle. Re a tletleba ditliliniking, dipetlele le setjhabeng ka kakaretso. A re kgaohaneng le ho dula re sheba dintho tse mpe feela bophelong!
SW, Queenstown
Ho a swabisa!
Ho a swabisa hore ebe batjha ba habo rona ha ba hlonephe batho ba baholo matsatsing a kajeno.
Ha re etsa mohlala, banana ha ba sa dumela le ho etsa mesebetsana ya lelapa jwalo ka ho hlatswa dijana le ho fiela hobane ha ba hlonephe.
Seo ba se tsebang feela ke ho intsha le metswalle, ba kgutle bosiu ba lebelletse batswadi ba bona hore ba tsohe ba ba bulela hekeng le monyako.
Bashanyana bona ha ba batle le ho ya sekolong, seo ba se tsebang feela ke ho sebedisa dithethefatsi le ho utswa makoloi a batho.
Molaetsa wa ka ho batjha ba naheng ena ke hore ba ithute sekolong e le hore ba tsebe ho ikahela bokamoso bo botle mme ebe mohlala o motle molokong o ba latelang.
TS, Bergville
Thobalano!
Ho a swabisa ho bona ka moo batjha ba inehetseng ka teng thobalanong. Na ebe ha ba hlokomele hore ho na le dintho tsa bohlokwa dikamanong tsa lerato ntle ho thobalano"
Ke a le kopa banana, hlalefang.
Le ke ke la lelekisa meutla e mmedi ka nako e le nngwe - thuto e lokela ho ba ntho ya bohlokwa. Se tateleng thobalano hobane o ka nna wa iphumana o setse o le mong o le moimana, kapa o kenwe ke EITSI! Lona bashanyana" Ke kopa le tlohele ho hatella banana ho etsa thobalano le lona. O ka nna wa ba le dikamano tse ntle tsa lerato ntle le hore o senye bophelo ba hao.
Petunia Senong, Marble Hall
BONA SESOTHO - June 2006
Ke utlwile bohloko!
Ke ne ke amehe ha bohloko ke pale ya Emmanuel Yeboah kgatisong ya Pudungwane 2005 ya BONA. Ho utlwisa bohloko hore ntatae o ne a balehele lelapa lena ka lebaka la kgolofalo ya Emmanuel. Mmae o ne a be sebete haholo mme ke a mo leboha ka ho hanyetsa moetlo wa ho bolaya ngwana ya holofetseng.
Ke ne ke be setholo ha ke bala Sehlopha sa 6. Batswadi ba ka ba ne ba sa batle ho nkisa sekolong empa ka ba rapela. Ntate a re ha feela nke ke ka feila. Ka kena sekolo sa bana ba utlwang, ka pasa hantle jwalo ka bona. Ka nako e nngwe ba ne ba mphoqa, ke utlwe bohloko ke lle ke ipotse hore 'hobaneng nna, ke entseng ho Modimo""
Kajeno ke na le degree ho educational management. Ke re ho ba bang ba holofetseng: kgolofalo ha e bolele hore o fihlile pheletsong ya bophelo ba hao. A re sebediseng neo ya rona eo re e filweng ke Modimo.
Ke se ke tla tlohela ho ruta, ke kopa ntho e le nngwe ho Modimo: a nkatisetse ditshiu tsa ka. Ke a mo leboha ka botholo boo ba ka.
P Mdletye, Mount Fletcher
Mangolo
a hao
Makasine ya ka!
Ho na le kganya eo e sa leng ke e latela ho tloha ke sa le monyenyane. Kganya eo ke BONA.
Le kajeno ke sa ntse ke e latela. Kganya ena e mputse mahlo le kelello.
BONA haesale e le seikokotlelo sa ka ho sohle seo ke se etsang bophelong. Mang kapa mang a ka ikokotlela ka yona hobane ke ya setjhaba sohle.
Nomusa Gumede, Margate
Ithute!
Ke nako ya hore re rute bana ba rona ka tsa thobalano. Ba utlwa dinthontho ka yona - tseo tse ding tsa tsona e leng leshano - leo ba le bolellwang ke metswalle ya bona.
Batswadi ba lokela ho kenella pele bana ba bona ba kena boholong mme ba ba bolelle nnete ka thobalano.
Ho bohlokwa ho boela ba rutwa ka taba ena le sekolong. Ke rata ho etsa boipiletso ho batjha hore ba leke ho utlwisisa sohle ka thobalano pele ba ka kena ho yona. Ka mokgwa o jwalo ba tla phema ho ikutlwisa bohloko.
Ramautswa Nancy, Maboine [s]
O ka sebedisa lebitso
leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
