sotho.1099.bec events
Makheni Motana
BONA SESOTHO July 2008
BONA Empowerment Club e leba Lejweleputswa Botjhabela ho ya thusa babadi, mekgatlo ya ditokfela le e meng ho iketsetsa "tjhelete." Babadi ba BONA haesale ba le mathateng ho tsa moruo. Ka lebaka lena, ona ke monyetla wa ho fumana dikeletso tsa ka moo o ka iqallang kgwebo ka teng.
Ekurhuleni Business Initiative Project e nehilwe mosebetsi wa ho thusa borakgwebo ba banyane esitana le bona batho ba ratang ho kena kgwebong ba sebakeng seo. Hara tseo ba tla hlajwa malotsana ka tsona, re bala ka moo motho a ka kenyang kopo ya thendara ka teng. Ho na le tjhelete e ngata eo motho a ka e etsang nakong ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto ka 2010. Netefatsa hore ha o fetwe ke monyetla ona. Ipeheletse sebaka sebokeng sena sa Moqebelo wa mohla la 5 Phupu mane Birchwood Hotel.
LEPETJO:
Dithendara tsa mmuso: O ka di fumana jwang.
Mohope wa lefatshe wa FIFA wa 2010: Menyetla ya kgwebo Ekurhuleni
LETSATSI: Moqebelo, 5 Phupu 2008,
SEBAKA: Birchwood Hotel, 120 North Rand Road, Bartlett, Boksburg
NAKO: 9.30am bakeng sa 10am
HO KENA: R60 motho ka mong (o lefa monyako)
Dijo le dino tse mmalwa di tla fumaneha. Jwala bona bo tla rekiswa.
HO IPEHELETSA SEBAKA: Letsetsa Lindo ho 011-883-8829 dihoreng tsa mosebetsi (8.30am-5pm hara beke)
LENANEO:
Boingodiso
Sebini sa mmino wa bodumedi Khulile
MC Makheni Motana
Mohlophisi wa BONA Force Khashane
Ya buellang Sasko Shakes Bouwer, motsamaisi wa tsa thekiso
Chris van Biljon, CEO ya Ekurhuleni Business Initiative Project
Setsebi sa ditjhelete sa BONA Boitumelo Mofokeng
Dikgau tsa Mageu Number 1 Business Start-up di tla phatlalatswa ke Lebo Mahlasela
Eunice Maseko o tla bua ka dihlahiswa tsa ha Avon,
setsebi ho tsa thekiso
NAKO YA DIJO (buffet)
(Khulile
o tla natefisa nakong ya dijo)
BAKE & COOK
FOR PROFIT
Diphehi tsa Ekurhuleni di tla etsa dipontsho.
Khulile
Baka ka folouru ya Sasko Mariheng ana
O KA baka masutsa ka potlako. Ba ha Sasko Flour, ba tla be ba bontsha ditho tsa BONA Empowerment Club ka moo di ka bakang masutsa ana ka potlako ka teng.
Dihlahiswa tsohle tsa ha Sasko di tla o makatsa ha o baka, ho sa natsehe hore o lapeng kapa kgwebong.
Eba setho sa BEC mme o netefatse hore o fumana maele a molemo dithong tsa mokgatlo ona.
O se lebale hape hore ba ha Sasko Flour ba ntse ba tsomana le babaki ba atlehileng Afrika Borwa.
Ka moo o ka kenelang tlhodisano ya Pale ya Katleho
HAEBA o le kgwebong ya mopheho kapa ya mobako kapa o rata ho baka, re ngolle:
Re bolelle ka thatohatsi ya resepe ya hao e entsweng ka Sasko Flour.
Ke eng eo o ratang ho e fihlela ka kgwebo ya hao ya ho baka. (Re bolelle ditoro tsa hao.)
O ka kenela leha e le sebokeng se fe feela sa BONA Empowerment Club, kapa o romele dintlha tsa hao ho: Sasko Flour Success Stories, Box 1300, Rivonia, 2128.
Haeba o ka ba lehlohonolo, pale ya hao ya kgethwa jwalo ka e tsweleletseng kgweding ena, o tla ikgapela disebediswa tse babatsehang tsa ho pheha bakeng sa kgwebo ya hao.
Mageu Number 1 Business
Start-up Awards 2008
NOKUZOLA Beauty Golozana wa Steytlerville, Port Elizabeth ke e mong wa bahlodi ba tlhodisano ya Mageu Number 1 Business Start-up Awards. O hapile R2 000 ho tswa ho Lebogang Mahlasela, eo e leng yena ya buellang seno sena.
Nokuzola o ne a thehe Samkele Spaza Shop ka 2002 a thusana le ausiae.
Maikemisetso a hae ke ho tlisa dihlahiswa tsena tse sa bitseng setjhabeng e le hore batho ba tlohele ho ya reka dihlahsiwa tse turang kwana ditoropong.
Ho Spaza Shop sa Samkele, o fumana tsohle, ho tloha diaparong tsa setso ho ya krosaring.
Nokuzola o dumela hore ho rekisa ka manane a tlase ka kgopola ya ho utlwela setjhaba, esitana le tjantjello ya hae ya ho thusa sona setjhaba, ho mo thusitse ho utlwisisa ditlhoko tsa setjhaba sa habo, mme seo sa mo thusa ho nyolla kgwebo ya hae.
Nokuzola o qothisana lehlokwa le babadi ba bang ba "BONA" ba lakatsang ho hapa moputso wa tjhelete e R26 000 e tla abelwa bahlodi ba bararo ba pele mathwasong a selemo sa 2009.
Ho ka kenela tlhodisano ena, romela dintlha tsa kgwebo ya hao, mohala le aterese ya hae ho: Box 3858, Rivonia 2128. Bahlodi ba kgwedi le kgwedi motho ka mong o ikgapela moputso wa R2 000 sebokeng sa BONA.[s]
Maikemisetso a BONA Empowerment Club ke ho thusa babadi ho hlola mathata a maemo a moruo ka ho ba neha maele ka mokgwa wa dihlooho tse ngata tse tla ba hlaba malotsana ka dintlha le maele o ho iqalla dikgwebo tseo e leng tsa bona.
BONA SESOTHO July 2008
Re amohela Avon!
E NNGWE ya dikhampane tse pele lefatsheng ho tsa ditlolo e sa tswa ikamahanya le lelapa la ha BONA
Hara dihlahiswa tsa bona tseo ba fanang ka tsona, re ka bala dinyanyatsi tse sa tswa phatlalatswa tsa Imari Seduction. Avon e se e le se seng sa ditho tsa mokgatlo wa rona mme ba tla re bontsha ka moo ho leng bobebe ho iketsa o be le tjhebeho e ntle ka potlako ka teng.
Ba ha Avon ba ikemiseditse ho ka ho thusa le beha batho leseding, mme ka hoo, re lebeletse ho ithuta tse ngata ho bona ka tseo ba ikemiseditseng ka tsona jwalo ka tlhahiso leseding ka dintho tse kang kankere ya letswele projekeng tse kang Ithemba Crusade Of Hope, mmoho le tshebeletso e kang Avon direct sales model, e loketseng Afrika Borwa.
E mong wa dinaledi tse tsejwang naheng ena, Lesego Motsepe, ke yena mmuelli wa dihlahiswa tsena tsa ha Avon mme re le Maafrika Borwa, re ikemiseditse ho utlwa seo bahlahise ba ha Avon ba re tshwaretseng sona.
Bakeng sa dintlha etela:www.avon.co.za.
