sotho.1883.career
BONA SESOTHO - April 2006
Ho rekisa metse le ditsha
Ho rekisa matlo
BATHO ba bangata, ho reka motse kapa ditsha, eba matsete a matle haholo bophelong ba bona. Ho rekisa motse, ke ntho e thata haholo. Ona ke mosebetsi o bobebe ho ba etsang mosebetsi ona. Ho ka etsa mosebetsi ona, ho hlokahala o be motho ya nang le boiphihlelo e le hore o tle o tsebe ho tataisa bareki ba hao ka nepo.
"Jwalo ka ha tswala ya tjhelete e adingwang bankeng e ne e le tlase dilemong tse ngata tse fetileng, sena eba thabo e kgolo ho barekise ba matlo le ditsha mme ona ke monyetla o moholo haholo ho ba sa tswa qeta sekolong haholoholo ba ratang ho iqalla dikgwebo tsa ho rekisa matlo," ho rialo Grant Gavin, motshwari wa RE/MAX KZN le Kapa Botjhabela.
"Nakong e tlang, setjhaba se tla sheba dikhampane tse kgolo tseo ba ka di tshepang. Dikhampane tsena he di tla fana ka tshebeletso ya profeshenale ho hapa bareki hore di tsebe ho hlola tse ding dikhampane tseo di qothisanang lehlokwa le tsona.
"Hape ho na le thupello e thata e fumantshwang barekise bana ba matlo le ditsha."
Simon Mzobe o qadile ngwahola ka Motsheanong mosebetsi ona, empa di sa le ngata dintho tseo a so kang a di tseba hantle.
O re: "Ke na le boiphihlelo bo boholo ho tsa papatso jwalo ka ha ke ne ke le motshwari wa tsa kgokahanyo khampaneng e nngwe e kgolo mme hape ke sa tswa iqalla ya ka khampane e rupellang."
Simon o ne a kgahlwe ke mosebetsi ona nakong eo a neng a ile ho workshop ya lefapha lena e neng e entswe ke ba ha Services SETA.
"Ke ne ke bone hore ha nka iqalla kgwebo ya mofuta ona, e tla mpha phaello e ntle haholo," ho hlalosa yena.
"Ke ne ke qete thupello ya teng e neng e nke dikgwedi tse ka bang tharo, ka qeta ka sebetsa tataisong ya motho ya neng a se a na le boiphihlelo pele nka ikemela ka bonna.
"Ke ne ke tsamaye ke bontsha batho metse e bitsang le e theko e tlase. Molemo wa ho sebeletsa khampane e kgolo ke hore ha o mong, ke ne ke fumana tshehetso ho bomphato ba ka hape ke na le ditlhoko tsohle tsa ho etsa mosebetsi kantorong.
"Ha jwale ke rekisa ntlo e le nngwe ka kgwedi. Kaofela barekise ba metse le ditsha, ba amohela ka ho ya ka mosebetsi wa bona, ka hoo, haeba o rata ho etsa mosebetsi ona, o tlameha ho tseba hore dikgweding tsa pele tse tharo ho ya ho tse nne, o tla kgona ho ikemela ka bowena ditjheleteng.
"Ha ke kgollwe temaneng ya lehlohonolo kgwebong ena. O tlameha ho sebetsa ka thata. O ka nna wa tlameha ho nka moreki wa hao o yo mmontsha matlo a fetang leshomeng.
"Ho bohlokwa ho fana ka tshebeletso ya maemo ho bareki ba hao, e le hore ba tle ba kgutle ka le hlahlamang.
"O tlameha ho itokisetsa ho sebetsa dihora tse ekeditsweng jwalo ka ha ba bang ba bareki ba kgona ho bona metse ha ba tswa mesebetsing le ka mafelo a beke."
Menyetla
Bongata ba batho bo qala bo sebetsa tlasa motho ya seng a na le boiphihlelo mosebetsing ona.
Menyetla ya ho nyollelwa maemong e teng, athe hape ha o na le tjhelete o ka iqalla ya hao kgwebo kapa o reke lekala le leng.
Ba bang ba rata bo sebetsa karolong e itseng jwalo ka matlong, difektring kapa ho tse rentelwang.
O tlameha ho ba motho ya jwang
O tlameha:
PHo tseba ho bua le batho hantle.
PHo tsetlallela ho fana ka tshebeletso ya maemo ho
bareki ba hao.
PHo ba le kutlwelobohloko mme o be le dikamano tse
ntle le bareki ba hao.
PHo se tswafe ho ba mohaleng, motsheare,
mantsiboya le ka mafelo a
beke.
PHo ba motho ya tshepahetseng (o boloke
nako ha le tla bonana le
moreki wa hao).
PEba le kutlwisiso ya ditlhoko tsa moreki wa hao.
O tlameha ho ba le: selefouno; koloi; tjhelete e ka o qhobang bonyane dikgwedi tse tharo tsa pele; o tsebe le khomputara.
Moputso
Kaofela batho ba etsang mosebetsi ona ba amohela ka ho ya ka mosebetsi wa bona, ka hoo, moputso o a fapana. Dikhampane tse ding di o bolella hore le tla arolelana khomishene le yona ka ho lekana mme o kgone ho sebedisa kantoro ya bona mahala.
Tse ding di fana ka khomeshene e hodimo mme o lefe tjheletenyana e itseng bakeng sa tshebediso ya kantoro.
"Ho boima ho etsa mosebetsi o kang ona moo o se nang bonnete ba hore o tla amohela bokae ho fihlela ho ba teng seo o se rekisang.
"Leha o se o rekisitse, ho tla nka dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse robedi pele o tla fumana tjhelete eo ya hao.
"Haeba o na le kgwebo ya hao, ho na le dikgwedi tseo ka tsona o se nang ho kgona ho rekisa letho, nako e nngwe ka kgwedi o rekise metse e meraro, ka hoo, ho bohlokwa ho sebedisa tjhelete ka nepo," ho rialo Grant.
Ho ya ka boiphihlelo ba hao, khomishene e qala ho R5 000 ho ya ho R30 000 leha bonneteng ba taba, indasteri ena e sa fane ka khomishene e fetang R5 000.
"Ena ha se indasteri eo ho yona di fumanwang di tonositse," ho rialo Grant Gavin.
Maemo a thuto le moo o ka ithutang teng
Ha jwale mang kapa mang a ka ingodisa ho Estate Agents Board (EAB) ho etsa mosebetsi ona mme ha o a tlameha ho ba motho ya kileng a kwallwa tjhankaneng. Ba nang le boiphihlelo mosebetsing ona, ba bolela hore motho ohle o tlameha ho ngola diteko tsa ba ha EAB ho ka boloka indasteri ena e le maemong.
Baithuti ba ka nna ba etsa dithuto dikolong tse dumetsweng ke ba ha EAB ka ho feletseng matsatsi a mararo kapa nakwana dibeke tse tsheletseng ho ya ho tse supileng.Ka mora moo ba ngole ditlhatlhobo.
E nngwe tsela ke ho ba le boiphihlelo ba mosebetsi. Motho ya sa ngolang diteko tsena a ka sebetsa selemo mme ka mora moo a ikemele ka boyena.
Basebeleletsi ba so kang ba pasa diteko tsena, le ba so kang ba sebetsa ho fele selemo, ba ka kgona ho buella bareki, empa ba ke ke ba kgona ho etsa ditumellano ho fihlela ba pasa.
Jwalo ka karolo ya BEE,
RE/MAX of Southern Africa e fana ka thupello ya matsatsi a 90 eo ditjeho tsa yona o sa di lefelleng. [s]
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
O bontsha moreki ntlo ka hare. Haeba o rekisa matlo, o tlameha ho ba motho wa batho.
Mesebetsi e metle
BONA SESOTHO - April 2006
t
t
t
BONA SESOTHO - April 2006
O lokela ho ikemisetsa ho sebetsa ka thata
KA HODIMO: O mong wa metse e rekiswang...
Bakeng tsa dintlha tse ding
lDithuto tsa ha RE/MAX sebakeng sa heno - 021-761-1110.
lEstate Agency Affairs Board -
011-731-5600; or eab@eaab.org.za. Website: www.eaab.org.za
lEAB courses - 033-345-8256.
