sotho.1882.bossdec
Rokela
phaello
Itshebetse
TORO ya Mildred ke ya ho ba le sekolo sa ho akanya diaparo tsa feshene ka le leng. Ha jwale o sebeletsa lapeng ka katleho e kgolo mme o natefetswe ke ho itshebetsa.
Dilemong tse tharo tse fetileng, Mildred Ngubane, o ne a ikemiseditse ho ntlafatsa bophelo ba hae, a qala ka ho ya ithutela ho roka ho Nellie Nyawo. Ka nako eo, o ne a sebetsa kitjheneng mme a eya dithutong mantsiboya hang ka beke.
Eitse hoba a be le bokgoni bo lekaneng, ba ho seha le ho roka, a batla batho bao a tla ba rokela ho fihlela a ikutlwa hore o se a ena la batshehetsi ba bangata ho lekana hore leha a ka tlohela ho sebetsa a ka kgona ho iphedisa.
Ho tloha ka nako eo, ha a so ka a dula a se na meroko e mo emetseng, o qala ho roka ka hora ya 9 hoseng ho ya ho ya 5 mantsiboya, ha hlano ka beke.
"Ho thata, le mosebetsi o mongata, empa hobane ke a o rata, hape ke thabetse ho itshebetsa, ha ho nkgathatse ka letho," ho bolela yena ka pososelo. O akanya le ho roka diaparo tsa mefuta yohle ho tloha ho tsa barutwana ho ya ho tsa serabe le tse ntle tsa manyalo.
O se a tsebisahala motseng wa habo ka diaparo tsa hae tse ntle tseo a di rokang.
HO QALA
O ka qala ka motjhini o tlwaelehileng wa ho roka o ka bitsang ho ya ho R600. Empa ha o roka dititjhi tse ngata, o kgona ho etsa dintho tse ngata le hona ka pele!
O tla hloka le dikere tsa ho seha tse pedi, theipi ya ho kala le eane ya steam e matla.
Batho ba bang ba tlisa masela a bona empa ka nako e nngwe o ka nna wa tlameha ho reka a mang ho kgabisa hantle hape o etsetse ha ho fihla ba bang ba se nang ona empa ba batla ho rokelwa.
HO ETSA PHAELLO
Ho bohlokwa ho tseba ditshenyehelo pele o ka bolela theko ya seaparo seo. Ha o roka ka bohlale le ka pele, Mildred o re o ka iketsetsa phaello e ntle.
"Ke kgona ho roka dikete tse hlano ka letsatsi. Sekete se theko e hodimo, ke lefa R50 mohlomong bakeng sa lesela le R10 ya zipi mohlomong le dikonopo," ho hlalosa yena. "Leha sekete se ka bitsa R60, se ka nna se rekiswa R120. Ha ke rokile tse hlano ka letsatsi, ke lefa R300.
"Ha ke sebeditse ka pele, ke etsa tjhelete e ngata. Marikgwe a banna ona a nka nako e telele ho a roka leha a ka etsa phaello e ntseng e lekana le ya dikete, ona ha ke kgone ho roka a mahlano ka letsatsi! Ke eletsa diroki tse ding hore di se bitse haholo e le hore batho ba kgutle hape."
Hape phaello e ntle e diaparong tse hiriswang. Diaparo tsa lenyalo di tloha ho R1 000-R3 000, ho ya ka lenane la tsona.
O ITHUTELA KAE
Ho ya ka nako eo o nang le yona le tjhelete. Dikolo tsa moroko di ngata tseo tse ding tsa tsona di nang le dithuto tsa ho tloha letsatsing le le leng ho ya dibekeng, le tse ding tsa kakanyo ya feshene moo motho a fumanang setifikeiti kapa yona diploma. Kgetha sekolo se nang le lebitso le letle kapa seo o tla se laelwa ke motho e mong ya se tsebang hantle eo o mo tshepang. Se fetwe ke dithuto tsena tseo di keng di fumanehe setjhabeng kapa dikerekeng.[s]
Ha o rata ho roka o ka nna wa ho etsa profeshene ya hao...
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka MARC CURRIE
BONA SESOTHO - December 2007
Motshehetsi wa Mildred o tlo lekanya mose.
BONA - August 2007
