sotho.1881.yourfamily_child
Bana ba a bua
Tshimollogo Mafokosho ya dilemo di nne wa Chiawelo mane Soweto, o bua le rona ka tsa lerato la hae la mmino le seo a labalabelang ho ba sona ha a se a hodile.
Sebini seo o se ratang ke sefe, hona hobaneng?
Ke Beyoncé. Ke mo ratela ho bina pina e reng "To the left, to the left" hape ke tseba ho tjeka jwalo ka yena.
Ke lefe lenaneo la TV leo o le ratang?
Jika Ma Jika. Ke bile ke tseba ho tjeka le batho ba TV.
O batla ho ba eng ha o se o le moholo?
Ho ba kgosatsana!
Di etsang dikgosatsana?
Di a bina, di tjeke mme di lefuwe tjhelete.
O tla rekang ka tjhelete eo o tla e fumana ha o le kgosatsana?
Dijo ha KFC, ke rekele le nkgono wa ka sohle seo a se ratang.
O kena kereke efe?
Ya Dutch e dulang Mofolo le ya Grace e dulang Pimville.
Hobaneng o rata ho ya dikerekeng tseo tse pedi?
Hobane ha re le moo re bina pina e reng Thola ebe mme wa ka o a lla.
MOTSWADI YA TUMMENG
Ho hlokahallwa ke ngwana ke ntho e bohloko ka ho fetisisa ho tsohle tse ka nnang tsa hlahela batswadi mme ke tsietsi eo sebapadi sena sa Rhythm City, Connie Chiume se neng se e fumane. O ne a hlokahallwe ke moradi wa hae, Mbali, ya nang le selemo, mme ke tsena dikeletso tseo a re fang tsona:
Dumela ho utlwa bohloko ka mora ketsahalo eo mme o lle ha pelo ya hao e le bohloko hore o bo ntshe.
Se tshabe ho kopa thuso jwalo ka ho ya ho baeletsi kapa o be setho sa mokgatlo o tshehetsanang.
Rapela o kope Modimo ho o fa matla.
Hopola tsohle tse ntle ka ngwana wa hao mme o se tswafe ho bua ka yena.
Tseba hore: bohloko bo tla ba betere ha nako e tsamaya, empa o se kgathatsehe ka hore o tla mo lebala!
Hopola hore bana ba bang ha ba le teng le bona ba ntse ba o hloka jwalo ka motswadi wa bona.
NGWANA WA HAO
Haeba o batla re buisane le ngwana wa hao, wa moshemane kapa wa ngwanana, ngolla ho BONA/Kidspeak, Box 473014, Parklands, 2121. Re bolelle dilemo tsa ngwana, o re kenyetse le setshwantsho sa hae mmoho le mohala o re ka le fumanang ho ona motsheare.
O ka ba thodisa jwang ha ba bokolla?
Bana ba bokollang ha bohloko ba ebe ba hlahisa kgalefo ya bona, ho ya ka moo Ngaka ya dikelello tsa bana, Ken Resnick e bolelang ka teng.
O re batswadi ba lokela ho hlokomela hore ho omanya ngwana kapa ho mo patlotsa, ho ke ke ha thusa ka letho, ho tla mo halefisa le ho feta mme a nke nako e telele ho thola. Hape ho mo qeta ka ho mo neha sohle seo a se llelang, ha ho na molemo.
Dikeletso tsa Ngaka Ken tsa ho tobana le sena:
Ha o le hae
Kgoba matshwafo, o ye le yena ka phaposing e nngwe, moo le tla ba babedi feela.
Mo kwalle ka moo o mo siye ho fihlela a thola.
Ha o tswafa ho mo siya a le mong, dula le yena empa o iphapanyetse yena. O se ke wa mo sheba le ho mo sheba.
Ha a se a thotse, mo kgaleme ka thata.
Hara batho
Pele le etswa, qala ka ho mo hopotsa melao. Etsa hore a utlwisise hore o ke ke wa reka dintho tseo o neng o sa ikemisetsa ho di reka hobane feela a di batla.
Ha a qala ho itlhantsha, mo hopotse melao.
Ha ngwana a sa thole, eya le yena ho balebedi ba mabenkele mme o mo bolelle hore o tla mo siya moo ka nako eo o sa ntseng o ilo reka dintho tse ding tsa bohlokwa. Hona ho ka etsa hore a thole hobane o tla be a sa rate ho siuwa le motho eo a sa mo tsebeng.
Ntle ho moo, tswela ka thoko le ngwana moo le tla ba babedi. Mo emele moo ka mamello e kgolo ho fihlela a thola mme o buisane le yena ka boitshwaro ba hae bo bobe ka mora moo.
Ka nako e nngwe ho ke ke ha eba bonolo ho wena ho mo tjhentjha maikutlo. Ka nako e nngwe o tla o hlanyetsa jwalo o eme moleng o molelele wa ho patalla korosare, ho se ho tswela kantle. Seo o ka se etsang feela maemong a jwalo, ke ho mo mamella, o thole o re tu. Iphapanyetse seboko seo mmoho le dipuo tsohle tsa batho ba tla beng ba o tjametse. Hang ha o se o tswile moo, buisana le yena ka thata ka boitshwaro ba hae bo sa kgahleng. [s]
E bokeleditswe ke: Kamogelo Sebola
