SOTHO.187.stars
BONA SESOTHO - May 2007
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: O na le tshusumetso mosebetsing. Tshepahala ha ho kotjwa maikutlo a hao mosebetsing.
Bophelo: Ikwetlise hore o theole mokgathala. Tjhelete: Sheba menyetla haeba o rata ho dula o na le tjhelete.
Lerato: Phaphama, ena ke nako e nepahetseng ya ho rera bokamoso.
Mosebetsi: O tla ba le mamello le katleho mosebetsing.
Bophelo: Hlahloba boima ba mmele, eja ka nepo.
Tjhelete: Sebedisa menyetla yohle ya ho etsa tjhelete.
Lerato: Bontsha lerato, o utlwisise ha o rata ho tiisa dikamano tsa lona tsa lerato.
Mosebetsi: O se o tla fihlela ditoro tsa hao. Ditaba tse monate di tla o tiisa lengole.
Bophelo: Iphe nako ya mosebetsi le ho phomola. Eketsa nako ya ho phomola.
Tjhelete: Ho ikamahanya le batho ba bang ho ka o tlisetsa phaello.
Lerato: Se ka tshaba ho bontsha molekane wa hao maikutlo a hao.
Mosebetsi: Haeba o rata ho tsotellwa, o tlameha ho iponahatsa.
Bophelo: O tla matlafala haeba o hlokometse tsela o jang ka yona.
Tjhelete: O tlameha ho ba hlokolosi dipapading tsa ditjhelete.
Lerato: Ke nako e nepahetseng ya ho ithabisa. Netefatsa hore ha o ikgelle fatshe.
Mosebetsi: Tswelapele le merero ya hao - ke nako e ntle ho tsa kgwebo.
Bophelo: Hlokomela bophelo ba hao hore o dule o thabile.
Tjhelete: Haeba o rata ho thabela bophelo, o se sebedise tjhelete bohlaswa.
Lerato: Ke nako e ntle ya ho ikopanya le metswalle e metjha.
Mosebetsi: Eba le dikamano tse ntle mosebetsing bakeng sa katleho.
Bophelo: O tlameha ho ipha nako ya ho phomola. E ba le nako ya lelapa.
Tjhelete: Tsetela ka hloko bakeng sa bokamoso ba hao.
Lerato: Dikamano tsa hao di tla tiha mme o tla nka diqeto tsa bohlokwa.
Mosebetsi: Se tatasele, e ba le mamello o tla nyollelwa maemong.
Bophelo: Iphe nako ya ho ikwetlisa. Ikamahanye le sehlopha sa tsa dipapadi.
Tjhelete: Phaello e tla tlisa thabo le tshireletso ho wena.
Lerato: Eba le mamello le kutlwelobohloko. Molekane wa hao o hloka tshehetso ya hao.
Mosebetsi: O na le dikeletso tse ntle. Di phethise.
Bophelo: Hlokomela tsela o jang ka yona. O se ithabise tlolo.
Tjhelete: Haeba o na le leano la ho boloka tjhelete, itshepe ka lona.
Lerato: Ke nako ya boithabiso. O tla kopana le batho ba bohlokwa ho wena.
Mosebetsi: Sebedisa menyetla ya mosebetsing haeba o rata ho fihlela ditoro tsa hao.
Bophelo: Iphe nako ya ho phomola le metswalle le ba lelapa.
Tjhelete: Ithute letho diphosong tsa hao!
Lerato: Hlokomela, o se ke wa iphapanyetsa motho ya bontshang thahasello ho wena.
Mosebetsi: Ithute ho itshepa. Boiteko ba hao bo tla o tswela molemo.
Bophelo: Hlahloba tsela o jang ka yona haeba o rata ho matlafala.
Tjhelete: Nahana ka ditsela tsa ho eketsa moputso wa hao.
Lerato: Thabela ho ya dibakeng tse ntjha le molekane wa hao.
Mosebetsi: Ithute letho ho bomphato ba hao mosebetsing.
Bophelo: O maphathephate - netefatsa hore o dula o kwenne o phetse hantle.
Tjhelete: O tla ba le phaello haeba o kgona ho sebedisa menyetla e o tlelang.
Lerato: Dikamano di tla hantle, ha o se na molekane, o tla mo fumana.
Mosebetsi: Ke nako ya ho lekola ditoro tsa hao mme o di rale botjha.
Bophelo: Ikwetlise kgafetsa. Hlokomela mekgwa e sa lokang ya bophelo.
Tjhelete: Ho ikopanya le batho ba batjha, le ho ba le menahano e meng ho ka o kenyetsa tjhelete.
Lerato: Netefatsa hore o a ithabisa. [s]
