sotho.1878.parenting
Ho intsha
botswadi
le lesea
BONA SESOTHO - September 2007
Netefatsa hore le tla natefelwa ka bobedi
SELEMO se thwasitse! Dipalesa di a thunya, le wena moya o phahame le botle ba lehodimo bo etsa o hlokomele hore ke letsatsi le monate la ho intsha. Empa ho intsha le lesea ha se masawana. Di ngata dintho tseo o lokelang ho di ela hloko jwalo ka hore o tla tsamaya jwang ho ya moo le hore o hloka eng bakeng sa lesea la hao.
O ya kae" Ke ntho ya bohlokwa haholoholo ha o batla ho tsamaya le ngwana. Bana ba rata dintho tsa tlhaho le dibaka tseo ba tlang ho phomola ho tsona - ha ba thabele ho feresa hara mabenkele a maholo moo ho phetheselang, hara mabone a maholo kapa medumo e meholo athe hape ba boetse ba kgathatswa le ke ho feresa haholo e leng se etsang hore ba se robale hantle, ba tefe.
Ha o etela metswalle le ba leloko, leka hore lesea le se tshwarwatshwarwe ke batho ba bangata hape o se dumelle batho ho le tsosa le robetse ba batla ho le bona feela. Hona ho ka nna ha le halefisa hobane ha le na tseba hore le kgathetse le batla ho robala.
Le tla hlobaela mme le ipapalle le ka nako eo le seng se lokela ho robala.
O tla tsamaya leng" Se lebale mokotla wa maleiri ha o eta le lesea esitana le ditlhoko tsohle tsa ho le tjhentjha jwalo ka dintho tsa ho le hlakola ha le itshentse. Hape o nke le dijo tse lekaneng tsa letsatsi ntle haeba o nyantsha. Kobo le diaparo tse ding tsa lesea di ka nna tsa hlokahala.
O tsamaya kang" Ha o tsamaya ka maoto, o ka nna wa le kganna ka koloinyana ya lona. Ho molemo ha o tsamaya ka koloi hobane dipalangwa tsa setjhaba di bohloko ho batswetse. Athe ha ho se boikgethelo teng, leka ho nka maeto a makgutshwane ka dikoloi tsa setjhaba kapa o kope e mong hoo o felehetsa.
Thepa ya lesea yona" Dikoloinyana tsa masea di molemo ha o itsamaela maeto a makgutshwane empa di baka thoto ha o nka leeto le le lelele le hona o tsamaya ka dikoloi tsa setjhaba. Ho molemo ho pepa ngwana. Se lebale setulo sa masea ha o tsamaya ka koloi hore le tsebe ho dula le tlamelletswe le bile le bolokehile.
Ya bomme le bontate...
Nnete le masawana:
Ho kotsi ho ntshetsa lesea kantle
Ho www.babyparenting.about.
com, ditsebi di bolela hore ha
ho kotsi ho ntshetsa lesea
kantle leha di re le kenwa ke dikokwanahloko ka bonolo kaha masole a mmele ha e so tie ho lekana. Netefatsa hore le tenne hantle ho tshirelletseha letsatsing. Phema hore le se thetswe ke batho ba bangata mme hape o tshware le dikobo tse ding ka thoko ha lehodimo le ka tjhentjha.
Ho reha lebitso
HO REHA ngwana lebitso ha se ntho e bonolo jwalo ka ha ba bangata ba nahana. Ke qeto e tla ama ngwana bophelo bohle ba hae hape e tla ba seo a tla tsejwa ka sona. Ho thata hobane o kgetha hara mabitso a mangata.
Di ngata dintho tse amang qeto ya hao. Tumelo ke e nngwe ya tsona mmoho le meetlo le se tummeng ka nako eo. Ke tsena dikeletso tse ka o thusang ho kgethela ngwana lebitso le monate...
SE NEPAHETSENG
Kgetha lebitso le tla rateha le ka mora nako e telele: Ke a kgale a sa ntseng a tla rateha le dilemong tse ngata tse tlang. Re ka etsa mohlala ka a kang: Bongani, Lebohang, Thabang, Noxolo.
Shebisisa modumo wa lona: Lebitso leo e reng ha o le bitsa o le utlwe hore ho thweng.
Kgutsufatso ya lona: Le ngole ha le kgutsufaditswe mmoho le fane mme o bone hore le shebahala jwang!
Ntjhafatsa la kgale: Ho tjhentjha ho peletwa ha mabitso kapa ho bitswa ha ona ho ka nna ha a ntjhafatsa. Jwalo ka Eric, o ka nna wa kgetha - Erika bakeng sa ngwanana.
La motheo: Mabitso a motheo a monate empa ke mohopolo o motle hore o buisane le batho ba bang ka ona. Dikarabo tsa bona di tla o neha moelelo wa ka moo batho ba tlang ho sheba ngwana wa hao ka teng ha a ipolela hore yena ke mang bophelo bohle ba hae.
Rata meetlo ya heno: Afrika Borwa e na le dipuo tse fapaneng tsa matswallwa a teng tseo o ka kgethang hara tsona ha o kgethela ngwahao lebitso. Mabitso ana ha se mabitso feela a tlwaelehileng, empa ke a bontshang moetlo le mohlodi wa ngwana wa hao.
SE SA NEPAHALANG
Ha o reha ngwana lebitso la puo o sa e tsebeng hantle, netefatsa hore o tseba seo le se bolelang. Buisana le batho ba mmalwa ba buang puo ho fumana moelelo wa nnete wa lona o se ye le modumo feela o monate wa lebitso. Mabitso a dikoloi, dietswa le a batho ba tummeng ke tse ding feela tsa dintho tsa feshene tse fetang athe ngwana o tla dula le lebitso leo bophelo bohle ba hae leha le se le tswile fesheneng.
BONA SESOTHO - September 2007
e bokeleditswe keTHANDI NXUMALO
ditshwantsho ka GALLO IMAGES
u
t
botswadi
Ruta bana ho tshwara tjhelete
BANA ba rata tjhelete mme ba tseba hantle hore e reka sohle seo ba se ratang. Ke ka hona ho leng bohlokwa hore o ba rute ho e tshwara hantle ba sa le banyenyane e le hore ba tle ba hole le bokgoni boo.
Qala ka ho ba ruta ho bolokela phaello. Rekela ngwana kotikoti ya ho kenya tjhelete. A ka tshela e setseng ha a reka sekolong kapa eo a e filweng ke e mong wa ba leloko.
Kgothalletsa ngwana ho boloka tjhelete hore a tsebe ho ithekela dipapadi tse monate tsa TV hobane hona ho ka mo thusa hore a be le sepheo seo a batlang ho se fihlela ka tjhelete.
Ha ngwana a tseba tjhelete hantle, o kgona ho ithuta ho e boloka ka bonolo mme o ka mo bulela le akhaonto ya bankeng e le hore a tsebe ho fumana phaello.
Mo hlalosetse phapang pakeng tsa seo a se hlokang le seo a se kgallang. Ho molemo ho boloka tjhelete ho ena le ho e sebedisetsa ho reka dintho tseo o sa di hlokeng halaalo.
Hona ho thusa bana hore ba se ke nne ba tsamaya ba reka dintho tse turang tseo ba sa di hlokeng le hakaalo, e leng seo lelapa lohle le tlang ho kgola molemo ho sona. Bana ba rata ho mamelwa, ka hoo ba dumelle ho hlahisa maikutlo a bona ha ho buuwa ka ditjhelete tsa lelapa.
Ha ba batla dintho tse bitsang, ba bolelle hore o tla ba thusa ho boloka tjhelete hore ba di reke. Ha ba kopa ho reka dintho tseo ba di kgallang ha le le ka lebenkeleng, ba dumelle ho kgetha pakeng tsa tsona le ho boloka tjhelete.
Ho nna ba bala tjhelete ya bona ho thusa ho ntlafatsa bokgoni ba ho bala le ho tshwara tjhelete.
BONA SESOTHO - September 2007
Ho hodisa bana ke ntho ya batswadi ka bobedi...
Seo mme a se lebelletseng ho ntate
Ha mme a tswa beleha, o fihla lapeng a kgathetse a hloka tshehetso ya molekane wa hae hore a tsebe ho ikoka hantle mmeleng, kelellong le moyeng.
Leha ho le jwalo, batswetse ba batla ho ipha nako ya ho shebana le masea a bona feela ka nako eo empa hoo ha ho bolele hore ba ebe ba nyatsa balekane ba bona kapa ditho tse ding tsa lelapa. Motswetse o hloka tshehetso e feletseng lelapeng kaofela.
Seo ntate a se lebelletseng ho mme
Bontate ba masea ka nako e nngwe ba ikutlwa ekare ba a seollwa baneng ba bona mme sena se ba tshware hampe moyeng. Leha bontate bana ba utlwisisa hore lesea le hloka tlhokomelo ya mma lona, ba ikutlwa ekare bona ha ba tsotellwe. Ba batla ho thusa le bona ka nako ena eo ba lekang ho itlwaetsa setho sena se setjha sa lelapa. [s]
BONA SESOTHO - June 2007
botswadi
t
