sotho.1877.purity
B3216/07
Sis Purity o re...
Sis Purity, setho sa moifo wa Purity wa ditsebi tsa phepo ya masea o araba dipotso tsa hao ka phepo ya masea
Lebese le fe-
NGWANAKA Nomsi o tla be a kopanya selemo dibekeng tse pedi tse tlang. Ke ngwanana ya phetseng hantle ya bileng a thabileng, ya itjellang ka nepo. Thatohatsi ya hae e kgolo ke lesheleshele la phofo ya poone ya masea e nang le ditaelo tsa ho e pheha.
Hobaneng ho le bohlokwa ho tjhentjhela ho Purity Growing-up Milk ho ena le lebese la kgomo-
Zanele Montsi, Kapa
Zanele ya ratehang: Lebaka la bohlokwa la ho sebedisa lebese le ikgethang la masea ke phepo ya teng e ekeditsweng -- haholoholo iron -- le hore diprotein di sileha ka bonolo.
Leha lebese la kgomo le le phepo, le na le casein e nyane eo e leng yona protein ya mantlha e sa tlo sileha hantle ka maleng a lesea.
Iron ke minerale ya bohlokwa kgolong ya lesea. Dipatlisiso di bontshitse hore bana ba sa fumanang irona hantle bongwaneng ba bona, ba ba le mathata a ho tsepamisa kelello ya bona dithutong tsa bona ha ba se ba kena sekolo.
Ke motlotlo ho utlwa hore Nomsi o thabela lesheleshele la phofo ena ya masea hobane le masea a mang le ona a ntse a ja dijo tse thata, ka hoo, o tlameha ho mo neha ho fihlela ho 400ml (kopi le halofo) ya Purity Growing-up Milk tsatsi le leng le le leng.
O ka mo tshella lona leshelesheleng kapa o mo nwese lona le ntse le le jwalo.
Cereal e kae-
KE QADILE ho neha lesea la ka rice cereal jwalo ka dijo tsa ho qala tse thata ka ho ya ka ditaelo tsa mooki wa tliliniking. Ha ke nepe hantle hore ke tlameha ho mo qala ka cereal e kae. Ho thata ho ka bolela hore o ja ha kae hobane e nngwe e qhalanela mona bibing ya hae. Nthuse hle.
Nkgono Khumalo, Kokstad
Nkgono ya ratehang: Ho ka ba molemo hore o etse e be metsana, e se be thata.
Tswaka kgabana e le nngwe ya cereal le dikgabana tse nne tsa lebese la motswetse kapa la kotikoti.
Futhumetsa hantle mme o mo fepe ka kgaba. O tla ja a sebedisa mokgwa oo a nyanyang ka ona. Ha nako e ntse e tsamaya, o tla kgona ho ahlama o tsebe ho kenya kgabana hantle.
Se kgathatsehe hore ha a sa qala, tse ngata di tla qhalanela bibing, empa ho tla ya a tlwaele.
Hanyane hanyane, o nne o eketse cereal mohlomong di be pedi ho ya bohlanong mme o fokotse tekanyetso ya lebese ho etsa ho tihe hanyane.
LEHA lebese le se bohlokwa hakalo baneng jwalo ka maseeng - empa le ntse le bapala karolo ya bohlokwa kgolong ya bona. Ba tsa bophelo bo botle ba eletse hore ngwana a fumane 400-600ml ya lebese habedi kapa hararo ka letsatsi. Ka lebaka lena, ba ha Purity ba hlahisitse Purity Growing-up Milk bakeng sa bana ba selemo ho ya ho tse tharo le nang le phepo e fetang la kgomo. Phepo ena e ka mokgwa wa divitamin, diminerale esitana le di-fatty acid tse hlokahalang mme o netefatse hore o neha ngwanahao dikarolo tse pedi tsa teng tse tla mo neha 50% ya di-protein, calcium, vitamins A, C, E, B2, B12 le pantothenic acid.
Purity e rarolla le bothata ba phokolo ya madi ka ho eketsa vitamin C e thusang ho monyeng iron. Di-fatty acid tse ntlafatsang boko le pono mmoho le calcium e tiisang meno le masapo.[s]
ya papatso
