SOTHO.1875.free
BONA SESOTHO - May 2007
Ya Hao Ya Mahala
35 DIPAKANA
Go! bakeng sa tsa bophelo bo botle
Go! e ntjha ke lethathama la dipidisi tse tlatseletsang phepo tse tswakileng divitamene, diminerale, di-antioxidant, di-amino-acid, di-fatty acid le ditlama tse thusang mmele ho lwantsha kgatello ya bophelo ba kajeno. Ho na le mefuta e mene ya dipisisi tsa Go! Di dumellana le ditlhoko tsa hao. Di fumaneha dikhemeseng, di tsamaya di le 30 ka pakaneng ka R59,95 pakana.
BONA e na le dipakana tse 35 tse tsamayang ka bobedi tsa dietswa tsa Nativa tse bitsang R120, pakana, tseo e fanang ka tsona. Romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Go! Giveaway, Private Bag X1030, Lyttelton, 0140, kapa SMS GO ho 35919.
Letsatsi la ho kwala: 31 Motsheanong 2007 (SMS e bitsa R3.)
2 DIPHUTHELWNANA
Eba le DRI
Ka dimopo tsena tsa sejwalejwale tsa DriMOP, matheba a mabe ka ketjhineng a tla fela. Qetellong re e fumane mopo e omisang kgere. Ka bokgoni ba yona ba ho tlhotlisisa, DriMOP e omisa ka potlako ha tshelela ha e tshwantshwa le dimopo tse tlwaelehileng mme ke ya bohlokwa bathong ba nang le difolouru tsa mapolanka.
Motjhjini wa yona o na le tiisetso ya selemo, ho bonolo ho e kenyetsa o motjha. DriMOP e a fumaneha mabenkeleng a maholo. Ho ba e mong wa ba tla fumana dimpho tsena tse pedi tse babatsehang, tse bitsang R1 910 ka nngwe, romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/DriMOP Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS DRIMOP ho 35919.
Sephuthelwana ka seng se na le DriMOP, DriBUDDI clothes-drier, lesela la boroto ya ho otlollela diaparo, seetswa sa ho beha aene, lethopo la metsi, seetswa sa ho bula dikotikoti sa motlakase le sepannere sa Kwikshift.
17 DIPHUTHELWANA
Kgaba ka Flair
Mosadi wa Flair o rata bophelo. O a itshepa mme o na le setaele seo e leng sa hae feela. Hobane o a rateha, o kgetha senyanyatsi se sa ikgelleng tlase, sa sejwaejwale se monko o monate o kang dipalesa, se etsang hore a hlahelle hara letshwele.
BONA e na le diphuthelwana tse 17 tsa Flair tse bitsang R235 ka seng, tseo e fanang ka tsona bakeng sa Letsatsi la Bomme. Re romelle lebitso, aterese le nomoro ya mohala ka poskarete ho: BONA/Flair Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS FLAIR ho 35919.
15
DIPHUTHE-LWANANA
Monko wa ditholwana
Matsatsing ana re rata ho ntjhafatsa lehano ka tjhepisi ya Stimorol, e fumanehang ka mefuta e fapaneng ya tatso e kenyeletsang mofuta o motjha wa apole le monokotshwai.
Ka hoo, ha o tetetsehile maikutlo, iphumanele Stimorol mme o natefelwe ke tatso ya ditholwana o theole kgatello. Ha o so e leke, tseba hore e a fumaneha lebenkeleng le haufi le sebaka sa heno.
BONA e na le diphuthelwana tse 15 tse bitsang R250, ka seng tse nang le mokotla o jarwang, thaule e kgolo le mabokose a mabedi a Stimorol sa tatso e ntjha, tseo e fanang ka tsona. Re romelle lebitso, aterese le nomoro ya hao ya mohala ka poskarete ho: BONA/Stimorol Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa SMS STIMOROL ho 35919.[s]
Dimpho tse bitsang
R16 000
BONA - August 2005
