sotho.1873.filler
BONA SESOTHO - January 2007
Basadi bohle ba a e tshaba kankere ya letswele, empa metsotsonyana e mmalwa feela jwalo ka kgwedi e ka o tlisetsa phomolo moyeng
HO SA natsehe hore o dilemo di kae, motho wa mosadi o tlameha ho hlahloba matswele a hae bonyane ha nngwe ka kgwedi esitana le hona ho bonana le ngaka ya hae bonyane ha nngwe ka selemo.
Maqhubu a mangata a tswang matsweleng hangata ha a bake kankere, empa ho bohlokwa ho a alafa ka potlako e le hore le kankere e se fumane monyetla. Tse monate ke hore ho bonolo ho itlhahloba ka bowena.
Ho ba banyane, motho a ka itlhahloba jwalo ka mora ho ya nakong, haeba o se o le moholo o se o sa ye nakong, ipehele letsatsi le itseng jwalo kgweding leo o tlang ho etsa sena ka lona. O se le lebale letsatsi lena. Ha o bona leqhubu, etela ngaka ya hao.
Ke ena mehato e meraro ya ho itlhahloba:-
Wa pele: Tsola mme o eme ka pela seipone, o shebe matswele ka bobedi, shebisisa hore ha ho maqhubu, ho swabana kapa yona phapang letlalong.
Hlahlobisisa le ditlhoko - shebisisa maqhubu kapa hona ho fetoha ha tjhebeho ya ona.
Jwale phahamisa diphaka o behe matsoho hloohong o shebe ho swabana kapa hona ho ruruha ho itseng.
Wa bobedi: Robala ka mokokotlo o behe mosamo tlasa lehetla la letsoho le letona. Sama letsoho leo le letona. Hlahlobisisa letswele le ka letsohong le letona o sebedisa leqele, o potolohe le lona, o qetelle ka tlhoko. Pheta mohato ona le ka leqeleng.
Wa boraro: Qetella ka ho pepeta ditlhoko ho hlahloba hore ha ho lero le tswang ho tsona. [s]
Ithlahlobe matswele
Mehato ena e meraro e ka pholosa bophelo ba hao
