sotho.1872.BEC recipes-tips
DIKELETSO TSA KGWEDI
O ka sheba jwang ditjeho
Jwalo ka rakgwebo, o lokela ho etsa qeto ya hore thepa ya hao e tla rekisa bokae.
Tjhelete ya thekiso = ditjeho kaofela + phaello
Leka ho rekisa ka tjhelete eo o tla kgona ho e bitsa nako e telele mme hape o iketsetse lebitso le letle mmarakeng. Leha o etsa qeto ya ho se lefise batshehetsi ditshebeletso, o lokela ho etsa seo e le hore ha o tlasa kgatello empa e le tsela feela ya ho hohela bareki.
SE FETWE KE KGATISO E LATELANG YA BONA BAKENG SA DIKELETSO TSE DING
BONA SESOTHO - October 2006
Bapatsa kgwebo ya ho rekisetsa lapeng
KA MOO o ka bapatsang kgwebo ya hao ho batho bao o batlang ba o tshehetse. O ka ikopanya le bona, mohlomong ka mohala kapa mahlomahlong ka hoo, netefatsa hore o bapatsa dietswa tsa hao hantle, ho bolelang hore o ka nna wa hloka le ho etsa dikarete tsa kgwebo, o bapatse le bukeng ya mehala ya Yellow Pages kapa koloing.
Ho neha batho dikarete tsa hao tsa kgwebo (kapa ho ba romella tsona ka mora hore ba o letsetse) ho bontsha hore o ikemiseditse ka kgwebo. Ha o se na karete ya kgwebo, ha o so hlokofale ka kgwebo eo.
Ha o ena le mohala kgwebong ya hao, ho bolela hore o na le tokelo ya ho ngodiswa ho Yellow Pages. "Erekaha ho dutse ho ena le batho ba batlang ditshebeletso, ho molemo hore le ya hao e bapatswe moo," ho boletse morekise e mong wa lapeng.
Ha kgwebo ya hao e bapaditswe dikoloing, koloi eo e lokela ho dula e le mmileng hore e bonwe ke batho ba bangata. Na o ke ke wa thabela ha batho ba bang ba sa kgotsofatswang ke borakgwebo bao o qothisanang lehlokwa le bona, ba bona koloi ya hao mme ba nka mohala ho yona ba o letsetsa"
E nkilweng ho: SA Guide To Working From Home [s]
Rusks - di monate ka kofi...
Disebediswa
2 dikopi folouru
2 dikopi wholewheat bread flour
1/3 kopi tswekere e tshweu ya Illovo
1/2 kgabana letswai
2 dikgabana baking powder
1 kgabana cinnamon
1/2 kopi botoro e qhibidihisitsweng
2 mahe
3/4 kopi buttermilk
2 dikgabana vanilla essence
2 dikgabana almond essence
Mokgwa
1. Qala ka ho futhumetsa onto ka mofuthu wa 200oC.Kopanya disebediswa tse ommeng hantle kaofela .
2. Kopanya tse metsi, o di tshele ho tse ommeng. Duba ho etsa hlama e bonojwana e kang ya dibiskiti.
3. E ntshetse sebakeng se fafaditsweng ka folouru. E bidikise ho fihlela e etsa botenya ba 2,5cm.
4. E sehe ka ho etsa bophara ba 5cm x 10cm. E kenye ka hara baking tray e tlotsitsweng ka mafura, o bule dikgeo tsa 5cm dipakeng mme o bake metsotso e 25 kapa ho fihlela e tjhentjha mmala le ka hodimo.
5. Tima onto. Di tlohele paneng ho fihlela onto e bata.
6. Di lokela hore di be di bata di bile di omelletse. Di boloke sebakeng se phodileng hantle ka sejaneng se sa keneng moya hohang. (Rusks di ka dula dibekebeke di sa senyehe.)
BONA - October 2006
