sotho.186.yourlifeguide_askangie
Dikeletso tsa moeletsi wa bophelo
Mohlankana wa ka o nyetse kerekeng
Sis Angie ya ratehang: Ke dilemo di 22. Re ne re ratana, ho se phoso, a ntshiya, a nyala mosadi e mong wa kerekeng.
O re o ntse a nthata empa o ne a lokela ho hlonepha kereke ya habo ka ho nyala motho eo ba kerekang le yena. Ka mo amohela empa o tjhentjhile mme ha a sa ntsotella jwalo ka pele. Empa ke sa ntse ke mo rata. Ke kopa thuso.
Petunia, Krugersdorp
Petunia ya ratehang: Moratuwa wa ka, ke maswabi haholo ka se o hlahetseng. Lerato le monate, le a hlokomela mme hape le a tshireletsa empa le ka utlwisa bohloko haholo ka nako e nngwe.
O ka nna wa lebala ka leratonyana leo la hae, empa o lokela ho nahana pele hore na ebe o fela o mo loketse. Hopola, ha o tswelapele le yena, o kena dikamanong le motho ya sa tlo tshepahala ho wena, ya nang le motho ya arolelanang bophelo ba lerato le yena, ba thobalano le tjhelete esitana le tsohle.
Ke o eletsa hore o ikgule monneng eo. Ke nako ya ho itjhebisisa, o bone bokgoni ba hao le seo o batlang ho se fihlela bophelong.
Leshano le nqakile
Sis Angie ya ratehang: Ke mosadi ya dilemo di 45, ya leshano. Ke thetsitse metswalle ya ka le basebetsimmoho ka hore ke mang. Kerekeng le teng ke ba bolella ho hong ka sebaka seo ke dulang ho sona le ka mosebetsi wa ka wa boiphediso.
Ke kopane le monna eo ke mo ratang empa le yena ke se ke mo thetsitse ka re nkile ka nyalwa. O batla ho nnyala empa ke a tshaba hobane o tla tseba nnete ka nna le ka lelapa leso. Nthuse hle!
Bongi, KZN
Bongi ya ratehang: Ekare o bua leshano ho feta leha ho se ho sa hlokahale. Ke ntho e tlwaelehileng hore motho a bue leshano ka nako e nngwe empa ba bang ba leshano ho feta tekanyo hape ba le bue ka dinako tsohle. Leshano le baka mathata e leng se etsang hore o nne o batle ho a pata ka ho bua a mang hape.
Ho sotha nnete hanyenyane ho ka o kgotsofatsa mme o ikutlwe eka o motho wa bohlokwa, ba se o kgelle tlase, kapa o leka ho itokolla mathateng. Ho sa kgathallehe hore o a bua ka lebaka lefe, o lokela ho tlohela hobane o tla qabana le bohle, metswalle le ba lelapa.
O lokela ho etsa leha e le eng feela, o rapele, o kope thuso ya baeletsi ba profeshenale, baruti le dingaka - kaofela ba o thuse o tswe molekong ona. Dikamanong tsa hao teng, o lokela ho tshepahala monneng eo, o mo bolelle hore o maswabi hore ha o so ka o nyalwa. Haeba a o rata, o tla o tshwarela empa o tlameha ho bua nnete mme le yena o tla o thusa hore o se hlole o tsamaya o thetsaka batho ntle ho mabaka.
Haeba a ka o siya, amohela seo, o nke e le kahlolo ya leshano la hao. Sena se tla o thusa hore o kgone ho phela ka botshepehi.
Mathata a lerato
Sis Angie ya ratehang: Ke lethuela le dilemo di 28 mme ke se ke bone monna wa ka wa ditoro.
Tshitabaholo ke hore ke moruti kerekeng e sa dumeleng badimong. Ke a mo rata mme le badimo ba heso ba mo ananetse. Empa o batla hore re phakise re thehe kereke ya rona. Ha ke tsebe hore ke tla etsa jwang.
Mahadi, Boksburg
Mahadi ya ratehang: Ke maswabi ka mathata a hao. Ha ke nyenyefatse pitso ya hao ya badimo, empa ke dumela hore haeba ke nnete badimo ba ananela dikamano tsa lona, seo se bolela hore o na le pitso e nngwe e kgolo o lokelang ho e amohela.
Ke bona eka o tla ba mmamoruti wa mankgonthe hobane o tla utlwisisa bophelo ba moya hantle ka mahlakore bobedi.
Hangata bophelong re atisa ho hodiswa ka ho feta mathateng a sa tshwaneng le a ba bang. Re utlwa bohloko, re kgathatsehe mme re rupellwe tlasa maemo a thata, tsohle tseo di re lokisetsa hore re tsebe ho thusa ba bang.
Ke o kgothaletsa hore o leke ho itlhophisa ka matla. Mohlomong o ka qala ka ho buisana le moeletsi ya thobang maikutlo wa Mokgatlong wa Kalafo ya Setso mane 16 de Villiers St, Joburg. O ka ikopanya le bona ho 011-337-6177. [s]
BOTSA SIS ANGIE
Tlohela leshano kapa o tla qetella o lahle-hetswe
ke mose-
betsi
Ngolla ho:
Botsa Sis Angie,
Box 473014, Parklands,
2121.
Ka kopo ela hloko hore:
Sis Angie ha a kgone ho araba dipotso tse hlokang kalafo.
Sis Angie o na le dikeletso tse ntle tse ka o thusang mathateng a bophelo ba hao ba letsatsi
