sotho.1096.bec events
Iqalle kgwebo o itokiseletse sefokofela, kgwebo kapa manyalo - tsohle tsa 2010.
Letsatsi: Moqebelo, Hlakola 2, 2008
Sebaka: The Pyramid,
96 Eloff Street Ext, Village Deep, Johannesburg.
Nako: 9.30am bakeng sa 10am
Ho kena: R50 motho ka mong (o lefa monyako - ho kenyeletsa tee kapa kofi)
Jwala bo tla rekiswa.
HO IPEHELETSA SEBAKA:
Letsetsa Puleng ho
011-883-8829 kapa
011-883-8830 dihoreng tsa mosebetsi (8.30am-5pm hara beke)
Lenaneo
Ho tla natefisa KHETI
Force Khashane - Mohlophisi wa BONA
Maud Motanyane - Ho boloka ka ho etsa matsete/mokgodisano/matsema/ditokofela kapa mekgatlo
Mageu Number 1 Business Start-up Awards 2007
China - Mekgabiso ya sefahleho le dikeletso ka moaparo ho mafumahadi
Manyalo a ha Aranda
Dijo le ho ikopanya le ba bang
Workshop ya Bake & Cook For Profit ka Sasko Flour
Iqalle kgwebo ya Seafrika ya ho pheha manyalong le mapatong.
Dikeletso tsa ho pheha tsa ha Sasko Flour
SASKO Flour ke e nngwe ya batshehetsi ba pele ba di-workshop tsa 2008 tsa BONA Bake & Cook For Profit.
Maikemisetso ka tsona ke ho tataisa bo rakgwedbo le diphehi ho iketsetsa tjhelete ka mopheho. Hara tse tla etsahala, o tla bontshwa ka moo o ka behang dijo tsa hao le ka moo o ka hlophisang lenaneo la dijo ka teng lebenkeleng la hao la dijo. Ba seng ba le kgwebong ena ba tla fana ka dikeletso ka moo o ka phehelang manyalo le mapato ka teng.
Dikeletso ka ho reka haholo, ho bakela matshwele, diresepe, dipampitshana tsa ho ngola ho ilo reka, meralo dikgwebo le mehlala ya mananeo a dijo, tsohle di tla fumaneha.
Sasko Flour e tla bontsha ka moo o ka iketsetsang phaello ka mopheho ka teng - haholoholo ho baka. Ka Sasko Flour o ka etsa mobako o latswehang!
Atleha ka Mageu Number 1 ka "Ke Tatso ya Afrika"
SENO sena sa dilemo sa Afrika se matlafatsang, ha se qetelle feela ka ho o matlafatsa mmeleng le kelello, empa ka 2008, e tla ba molekane wa hao kgwebong.
Ha jwang" Ka Hlakola 2008, bahlodi bohle ba neng ba ntse ba hapa tlhodisanong ya business start-up, ba tla arolelana moputso wa tjhelete e R50 000!
Mageu Number 1 ke seno sa tsebisahalang sa setso. A nowa hohle moo batho ba kgobokaneng teng, dikopanong tsa setjhaba, mapatong, meketjaneng esitana le manyalong.
Haeba o le motho ya phehang, o ka boloka tjhelete ka Mageu Number 1. Ha re etsa mohlala, o ka amohela baeti ka ona, wa baka, wa tshela ho pudding ho e nolofatsa le ho phomosetsa baeti ka kakaretso.
O ka nna wa sebedisa strawberry liqueur e foreshe ya tatso ya monokotshwai hore batho ba theolele ka yona!
Ya boraro, Mageu Number 1, ka 2008, e tla ba molekane wa hao ka hore a o tsose morolo wa ho sebetsa kgwebong ya hao. Mageu Number 1 ha a na mafura, lebese le koro mme ke seno se tswang pele.
A a matlafatsa, a o tsose morolo ho sohle seo o se etsang, athe ha a o phatsamise dijong tsa hao tsa kamehla.
Wow...Taste Mageu Number 1, Tatso ya Afrika! [s]
Tsa manyalo tsa ha Aranda
MANYALONG, mapatong, ditokfeleng ke hona moo hangata o tla fumana ho atjerwe dikobo tse bonojwana tsa ha Aranda. O ka kgetha mofuteng wa Belfiore, Touch Me, Double Suede, Finesse kapa lethathameng la masea - re ka re o ka kgetha lethathameng la mebala le boholo le dipaterone tse fapafapaneng.
Ba ha Aranda ba etsa dikobo tse bontshang meetlo e fapafapaneng. Ka hoo, haeba o hloka dikobo bakeng sa meetlo jwalo ka ho phahlela, lebollo kapa moetlo o fe feela, kgetha dikobo tsa ha Aranda.
Aranda e na le dikobo tsa manyalo a se Afrika, tsa marena, mafumane esitana le dinaledi. Ha o ka bona motsamaise wa khampane, naledi ya theleveshene kapa sebini se apere kobo, e ba ka phoso e kgolo ha e se ya ha Aranada.
Haeba o hlile o rata ho iqalla kgwebo, e qale le ba ha Aranda Blankets. Ditho tsa BONA Empowerment Club di ka reka dikobo tsa ha ra Aranda ka nyehlisetso e ikgethang mme ba di rekise ka phaello.
Bakeng sa dintlha, o ka letsetsa ba ha Aranda, Randfontein ho
011-693-3721.
66 BONA SESOTHO - February 2008
BONA Empowerment Club e tla thakgola selemo sa yona sa bone mane The Pyramid, Johannesburg. Monongwaha, diboka di tla tshwarwa ka meqebelo, ho be teng dijo tse dutlisang mathe. Hape ho tla boela ho ba le dipontsho ka ho apara ka makgethe, dikeletso ka moo mekgatlo le ditokofela di ka iketsetsang tjhelete ka teng.
Maikemisetso a maholo a BONA Empowerment Club, ke ho kgothaletsa babadi ho iqalla dikgwebo kapa hona ho atolla tseo ba seng ba ena le tsona ka mokgwa wa kgokahanyo le ba bang. Selemong sena hape ho tla fumaneha dimpho tse ngata meputso le thupello.
BONA SESOTHO - February 2008 67
