SOTHO.1868.world
FATSHE LA RONA
BATHO BA RONA
LETHUELA LAPENG LA HA SONO
Jomo le moradi wa hae, Nyiko (le letona).
Dimpho tseo Nyiko a neng a amohelwa ka tsona lapeng.
MORADI wa Jomo, Nyiko, o sa tswa amohela pitso ya badimo ya ho fehlellwa.
"Ke motlotlo ka yena," o boletse jwalo mookamedi enwa wa bolo.
"Ho bua nnete, ke nna ya neng a lokela ho ba lethuela hobane ke rehelletswe ka kgerenkgwa e nngwe ya ngaka, Matsilele, ya lebatoweng la Limpopo," ho bolela Jomo.
"Ke nahana hore badimo ba ile ba nkgauhela hobane ba bona hore ke nna ya phedisang lelapa. Ke a ba leboha ruri ka ho ntumella hore ke tswelepele le mosebetsi wa ka wa bolong le dikgwebo tse ding tsa ka ho feta hore ba ntlohedise ba batle hore ke be lethuela."
Jomo o reketse moradi wa hae mpho ya motse mane Orlando East, moo a tla sebeletsa teng mesebetsi ya hae ya bothuela.
Ke hona mona moo mokete wa hae wa ho ntshwa lefehlong o neng o tshwarelwe teng. Raditshwantsho Molefi Sebatie o ne a le teng le yena ho nkela BONA ditshwantsho.
BONA SESOTHO July 2008
LENYALO LA NALEDI
LENYALO LA HA MANGENA
SEBINI le sebapadi, Loyiso "Chippa" Mangena le Glodean Kenny ba sa tswa keteka lenyalo la bona la serabe ka setaele. Loyiso jwalo ka mora wa naledi ya bolo ya mehleng, le sebohodi sa TV, Mike "Sporo" Mangena, ho ne ho sa makatse ho bona dinaledi tse kang Jabu Hlongwane le sebapadi Lucia Cooper ba hlaha hara baeti ba pele...... Ditshwantsho ka Sipho Mchunu.
Ntata monyadi, Mike Mangena.
Jabu Hlongwane o teetswe hare ke Olebogile Mosimane le Bonolo Nteo.
Kholi Hlongwane, Nozi Munebe, Theo Magasa, Bridgette Hlongwane le Catherine Mate.
Sebohodi sa bolo, Mike Mangena o kentswe hare ke dingwetsi tsa hae Lungile (le letshehadi) le Glodean, le moradi Siyanda.
Mme wa Loyiso, Maveli o a bina, ho amohela ngwetsi ya hae ka thabo.
Banyani ba batjha le mora bona, Loyiso Junior.
BONA SESOTHO July 2008
FATSHE LA RONA
Mme wa monyadi, Maveli Mangena.
FATSHE LA RONA
PALE YA SEHLOOHO
Tse ding le BONA
TEGNIKI
DULA O LEBELLETSE
Lwantsha bonokwane - ka SMS
JWALO ka ha re bone kgatisong e fetileng hore setjhaba sa Afrika Borwa se ngatananngwe twantshong ya bonokwane. Ho thehilwe leano leo ho kopanngwang baahi bohle ba naha ena hore ba lebele dibaka tseo ba dulang ho tsona.
Le thakgotswe selemong sena ke Andre Snyman, monga khampaneng ya dipalangwang, ho romellanwa melaetsa ya SMS ho hlokomedisana ka mefuta ya bonokwane e ka nnang ya hlaha sebakeng seo.
O saena hore o batla ho romellwa SMS ho Website ya khampane ena. Ka mora moo o se o ka tlaleha bonokwane bo etsahalang sebakeng seo o leng ho sona nomorong e boletsweng.
Molaetsa oo o lebiswe ho mohokahanyi wa sebaka sa heno moo ho belaellwang bonokwane.
Mohokahanyi a romelle bohle ba ingodisitseng di-SMS tsa tlhokomediso.
Le mapolesa a tsebiswe.
Ho boetse hape ho na le nomoro eo o ka e tobetsang ha o le tsietsing mme bao ba tla romella metswalle ya hao e mene, eo o e kgethileng wena, di-SMS ho e tsebisa hore o hloka thuso.
Thandi Zulu
BONA SESOTHO July 2008
HA a ne a etla studio ho tla nka ditshwantsho tsa rona tsa kgatiso ya kgwedi ena, KB o ne a tshwerwe ke mokgohlane - empa a sa batle ho o dumella ho mo sitisa ka letho. Mathata ya ba hore feela, o tsheha hona hoo a neng a ipakela ho kgohlela le ho feta!
HLAKA
MARIHA KAOFELA
MOKAUBERE mekgabisong ya sefahleho, Faith Seuoe, o re le mariha sefahleho sa hao se ka nna sa hlaka hantle. O tseba seo a buang ka sona, ke yena ya entseng Lira ebe pabala setshwantshong sa albamo ya hae.
Bakeng sa tjhebeho e ikgethang ya bosiu, Faith o hlakisitse marama ka ho a tshasa ka mmala o benyang o tswakilweng ka o mopinki. Mahlong, o tswakile mmala o bolou le o turquoise, a ina borashe hanyane mabenyaneng. Molomong a tlotsa mmala o loileng mmoho le gloss haholo.
KELETSO: Motswako wa mmala o mofubedu le gloss di etsa meno a shebahale a le masweu le ho feta.
DIKELETSO TSA BOHLOKWA
FIHLELA MAEMO A HODIMO
IPONELE
2010 E FIHLILE
MESEBETSI E METLE
Mohope wa Lefatshe wa 2010 o tjhentjhile bophelo ba mosadi e mong ka ho makatsang...
BONGWANENG ba hae, Zoliswa Gila (31) o ne a labalabela ho ba mokganni wa difofane, empa bofutsana ba totobatsa hore ha se toro eo a ka e fihlelang le kgale. Leha ho le jwalo, matsatsing ana o iphumana a etsa mosebetsi wa hae wa ditoro, a fofa hodima toropo ya Kapa.
Gila ke yena feela mosadi ya kgannang e nngwe ya di-crane tse 17 tsa maemo tse boleng ba R8-million tse sebediswang ha ho ahwa Lebala le nang le ditulo tse 68 000 la Green Point, leo ho tla bapallwa tlhodisano ya sekamakgaolakgang a 2010 ho lona.
Mosebetsi ona wa hae o etsa hore a fofe bophahamong ba 80m ka hodimo ho lefatshe letsatsi le letsatsi.
O nyetswe, o na le bana, o dula mekhukhung ya Samora Machel haufi le Philippi, o ne a hlole banna ba 200 bao a neng a qothisana lehlokwa le bona mosebetsing ona, ka mora moo a rupellwa ka thata matsatsi a 21 ke ba ha Murray And Roberts pele a ka qala ho sebetsa lebaleng lena ka Phupu selemong se fetileng.
Leha a ne a tshaba ho ba sepakapakeng, tjheseho ya hae ya ho fumana mosebetsi ona e ne e tuka malakabe mme ya hlola tshabo eo.
Crane ena e laolwa ka khomputara mme hape e na le moya o phodileng, le o futhumetseng ha ho bata, radio esitana le e nngwe e mohokahanyang le ba motsemoholo wa hae. Gila o ntse a tlameha ho nyolohela bophahamong ba 80m ha a ilo kena kantorong ya hae e sepakapakeng. Ha ho makatse hore ebe o dutse a kwenne hantle hakana, mmele wa hae o bile o boima ba 85kg.
Sebui sa Kapa sa 2010, Pieter Cronje, o re batho ba ka hodimo ho ba 2 000 ba se ba fumane mesebetsi Green Point, mme Gila ke e mong wa ba bangata ba unneng molemo kahong ya lebala leo.
Brenda Nkuna/WCN
DIKOLO di se di tla kwalwa, ho ka ba jwang ha lelapa le ka etela mabala a matjha a 2010? Ba bangata ha ba tsebe lebala la Thekong, la Moses Mabhida, ha ba tsebe hore ho na le sebaka sa ho kena (ka morao ho le letshehadi setshwantshong) o bone ka moo ho seng ho sebeditswe ka teng mme o fumane le ditlhalosetso, o bone le video ya ka moo lebala lena le tla shebahala ka teng ha le se le fedile. Se monate ka ho fetisisa, ke hore sohle se mahala! O kena ka lehlakoreng la Mmileng wa Walter Gilbert ha o qeta ho kgeloha ho wa Umgeni. Baeti ba amohelwa ho tloha ka 8am - 4pm, ka Mantaha - Labohlano le ka 8am -1pm ka Moqebelo.
O ka etela le la Greenpoint mane Kapa, empa teng o lefa R40 le R20 bana. Letsetsa 021-430-0410 bakeng sa ditlhalosetso le dinako tsa ho kena.
Patricia McCracken
BONA SESOTHO July 2008
FATSHE LA RONA
FATSHE LA RONA
BOPHELO BA HAE
ROBALA KA KGOTSO
VUYO
BOHLE re ne re sale re tshwere o ka tlase, ha re utlwa ka lefu la mokaubere wa mmino wa bodumedi, Vuyo Mokoena, ka Labohlano la mohla la 23 Motsheanong.
O hlahetse Duduza, a qala ho bina sehlopheng sa ba sa lefellweng sa Afro-pop sa Melodi mane Springs pele a kena ho sa Pure Magic dilemong tsa bo 1990. Jwalo ka sephoko sehlopheng seo, o ne a hatise dialbamo tse 10 le Pure Magic.
A sielana sebaya le dikakapa tse kang Rebecca Malope, Jabu Hlongwane (wa Joyous Celebrations) le Izingane Zoma.
Mokoena o siile mohlolohadi wa hae, Tebogo, eo ba leng dilemo di supileng ba nyalane, le bana ha bae ba bane.
Rona ba ha BONA, re isa matshediso lelapeng la ha Mokoena, metswalleng esitana le ho batshehetsi bohle ba hae. Re re, robala ka kgotso, Koena, re tla dula re o hopola ka mmino wa hao o kang Avuleka Amasango le Ngobekezela....
Steven Makhanya
BONA SESOTHO July 2008
MOHLODI
KE A LEBOHA, BONA!
O boletse jwalo e mong wa bahlodi ba ditlhodisano tsa rona
"Lebitso la ka ke Ennie Skhosana wa Benoni. Ke rata ho leboha BONA ka ho inola kenelo ya ka hore ke be mohlodi. Ke leboha le batshehetsi ba tlhodisano ya lona hobane lelapa la ka le kgonne ho bona toropo ya Thekong. Jwalo ka ha o iponela ditshwantshong, ho bile monate haholo ho sesa lewatle..."
KRIKETE
E SE E FIHLILE
BAKERS Mini Cricket haesale e leboha setjhaba dilemong tse 25 tse fetileng ka ho kgothalletsa papadi ya krikete baneng ba maemong a fapaneng a bophelo ba ditikolohong tse ngata.
Mohla la 16 Motsheanong 2008, Bakers Mini Cricket e ne e keteka dilemo tse 25 e tshehetsa dipapadi mme ya iteka ho kena Bukeng ya Guinness ya Direkote tsa Lefatshe ka bana ba bangata ba bapalang krikete ka nako e le nngwe mabaleng a fapaneng Afrika Bowa. Se fetwe ke letlapa la mahala ya Bakers Mini Cricket kgatisong ya Phato 2008.
E A BINA NALEDI YA BOLO
FATSHE LA RONA
... kapa ke sebapadi sa bolo se binang? Ho sa kgathallehe hore o di beha jwang, Pule o kgutlile ka sekgahla
JABU "Pule" Mahlangu (28) o etsang kajeno? Re botsa hobane ba balang dikoranta tse nyane, ba nahana hore o futsanehile ha bohloko, o hladilwe, le metswalle e mo siile...
Eee, empa ho ya ka naledi ena, e ne e kgathatsehile ha Pirates e hana ho tsoseletsa tumellano ya hae, empa dintho di motjheng hape, o ikahela bokamoso mosebetsing o mong o motjha - mminong wa kwaito.
"Ke rata mmino mme ke ne ke tseba hore ka le leng ke tla ikakgela ka setotswana ho ona. Batho ba lokela ho sebedisa dineo tsohle tsa bona nako e sa le teng, ke seo nna ke se etsang," ho bolela yena.
Ntate enwa wa bana ba bararo o tshehile ha re botsa ka tlhalano. "Ke rata mohatsaka hampe hape re ikemiseditse ka lenyalo la rona."
"Ena taba ke batla le e toboketsa e le ka nnete. Re na le motse Buccleuch mohatsaka ke mongodi mosebetsing wa hae." Mmino o ke ke wa kwala sekgeo sa lerato la hae la bolo leha ho le jwalo. Mahlangu o re a ka nna a bapala dilemo tse ding tse supileng ho ya ho tse robedi.
Steven Makhanya
VALERIE
KA SEBELE
NEO E NTJHA
RE LEBOHA leano la Project Fame, Valerie Wairimu Kimani (24) wa Daystar University mane Nairobi o hapile tumellano ya ho hatisa mmino ya dilemo tse tharo Gallo Record Company, ya SA. O sa tswa hlahisa albamo ya hae ya pele, Baisikile.
Na o furaletse lehae?
Ke seo ba se botsang habo Kenya, ba re Valerie o iphapanyetsa dikakapa tsa mmino wa genge kapa wa kapuka kapa wa rap tsa naha ya habo, a kgetha mmino wa kwaito o ditlhapa. Yena o re o ithutile ho hong ho Project Fame, ho nahana ka dintho tse kgolo.
O re o kgethile mmino wa maikutlo wa rumba le wa Afrofusion, wa Senyesemane jwalo ka ha e le puo ya mmae, Kikuyu, le ya Sezulu pineng e reng Luyaph' Uthando, eo a e ngotseng le Theo Kgosinkwe wa Mafikizolo le ka dipuo tse ding tsa Afrika Botjhabela jwalo ka Seswahili le Luganda, le ka Spanish, "ho re a amohelehe matjhabeng."
Patricia McCracken
BONA SESOTHO July 2008
FATSHE LA RONA
FATSHE LA RONA
BOLO
SEBAPADI
sa selemo
SEHLOPHA sa hae ha se a atleha hohang selemong sena empa boitelo ba Teko Modise wa Orlando Pirates bo sa tswa mo tswela molemo ha a kgethelwa Kgau ya PSL Footballer Of The Year. Bahlodi ba bang ke: Elias Pelembe wa SuperSport United (ABSA Player Of The Season), Itumeleng Khune (Player's Player le Goalkeeper Of The Season) le Musa Otieno wa Santos (Chairman's Award).
Teko Modise.
DIFILIMI
Shebella Bibele
BONA SESOTHO July 2008
E BAKILE diphehisano lefatsheng ka bophara, e tla hlahiswa Afrika Borwa mafelong a Phupjane, filimi e ntjha eo Pauline Malefane ya hapileng kgau ho UCarmen eKhayelitsha mane Dimpho Di Kophane theatre, e le sebapadi se pele. Son Of Man e bua ka Judea Afrika e ka borwa moo ho buuwang ka pale ya bodumedi e hlalositsweng jwalo ka bophelo ba bobodu le pholoso Afrika.
Mona moferefere, bofutsana le ho kweneha di jeleng setsi.
Baahisane ba se ba loketse ho theha kgotso ka dikgoka, ho be le tshollo e tshabehang ya madi, dipolao tsa batho ba bangata le tlhelefetso. Ha hlaha lesea le tla pholosa setjhaba lapeng le leng - yaeba mampodi mehwantong ya kgotso le kutlwelobohloko mme ho le fenetha yaeba bona bothata bo boholo ho feta le mehleng ya mmuso wa makgowa.
Filimi ena e ngotswe jwalo ka UCarmen, ke ya Sexhosa mme hape e hatisitswe hona Khayelitsha le Kapa Botjhabela.
Patricia McCracken
Musa Otieno.
Itumeleng Khune.
FATSHE LA RONA
TSA
AFRIKA
ABUJA le yona e bonahala ekare e kene ka sekgahla kahong ya mabenkele a maholo jwalo ka ha e sa tswa phatlalatsa hore e tla aha sebaka sa mabenkele se mekato e 50. Empa hona le ba phehisanang le leano lena.
"Baeti ba bangata ba Abuja ba bona ho hlokahala dihotele le hore ho lokiswe mebila. Abuja e senya lebitso la naha ya Nigeria," e boletse jwalo koranta e nngwe.
Abuja e bodile. "Motlakase ha o sebetse hantle, ho na le mathata a ho bokellwa ha dithole, dikarolo tse ding tsa toropo ena di nkga hampe hobane ho tletse mantle hohle mona mebileng kaha matlwana a teng ha a sebetse hantle. Dibaka tse kantle ho Abuja di a swabisa. Batho ba dula matlong a tshabehang hona hoo le diphoofolo di ke keng tsa a thabela. Ha ho metsi, motlakase, mebila esitana le dipalangwang."
NEPAD leano la kgwebo la e-Schools le tla thakgolwa naheng yohle ya Afrika. Le ne le phatlalatswe kopanong e neng e le Kempton Park. Maikemisetso a e-Schools ke ho jala Tsebo le Dipuisano tsa Tegniki (ICTs) ka kgopolo ya ho ruta dikolo tsa poraemari le tse phahameng tsa Afrika le ho dumella barutwana hore ba kgone ho buisana le ba dinaheng tse ding ka tsa moruo le ka dintlha tsohle tsa bohlokwa tsa thuto.
Dinaha tsa Afrika tse keneng leanong lena la e-Schools re balella le Algeria, Burkina Faso, Cameroon, Egypt, Gabon, Ghana, Kenya, Lesotho, Mali, Mauritius, Mozambique, Nigeria, Rwanda, Senegal le Uganda. Sekolo ka seng se tla ba le dikhomputara tse ka bang 20 bonyane, le tsohle tse hlokalahang hore di kgone ho amohela le ho romela melaetsa dibakeng tse ding, di hatise le ditshwantsho mme hape di porinte.
Maikemisetso a maholo ke hore leano lena le fihlelle dikolong tse ka bang 600 000 hohle naheng ya Afrika dilemong tsena tse 10 ho ya ho tse 20.
BONA SESOTHO July 2008
DITHUNYA tse ka hodimo ho tse 600 baahi ba ile ba ithaopa ho di busetsa ho ba molaong lebatoweng la Huila jwalo ka matsapa a ho fedisa dibetsa ka hara setjhaba.
MUSO Paul Mbugi wa Mbogo, wa Morabe wa Radi, o re o na le tsela e ikgethang ya ho theha kgotso naheng ena e aparetsweng ke merusu. Ke wa ho sebedisa meropa ya Kenya e buang ho kopanya merabe e fapaneng ya setjhaba sena ka lentswe le le leng leo ba le utlwisisang hantle, e leng mmino.
SEBINI se tummeng, Feliciano dos Santos se sa tswa hapa Moputso wa Goldman Environmental ka ho sebedisa mmino le bonaledi ho hlokomedisa setjhaba ka tsa bophelo bo botle, metsi le EITSI.
"Ke ne ke qale ho sebedisa mmino ha ke bona hore molaetsa wa o na o phakisa ho utlwahala hape o kopanya batho," Santos o boleletse ba ditaba tsa BBC jwalo.
Ka 1992, ka mora ho theha sehlopa, Massukos, Unicef e ne e ntshetsapele tshebediso ya matlwana. "Re ne re hlahise mmino o kgothaletsang batho ho sebedisa matlwana a kwalwang. Mantswe a ne a re: 'Bomme, mmameleng; bonkgono, mmameleng, yena ha a mmamele. Ho e kwala ho ho tle hape e hlwekiseha ka bonolo'."
Ka mora moo batho ba di batla ka mahohle, ba tshwara bothata ba se ba sa kgone ho tlisa matlwana ana ka bongata jwalo ka ha a batleha.
Ba UN ba re letshollo le bolaya batho ba dimilione di 1,8 ka selemo.
