sotho.1856.habana
O hlabile ke poho...
O betseha sa tholwana
O NE A ba hlokomedisitse. O ne a tseba hantle hore o tla etsa ntho e nngwe e makatsang ka motsotso wa ho qetela papading ena e sa tlo hlola e lebaleha.
Mohla la 19 Motsheanong lebaleng la Absa le mona Thekong leo hape le tsebisahalang ka hore ke "The Shark Tank," ho ne ho etsahale pale.
Ha se hore e ne e le makgaolakgang a pele a Super 14 a neng a bapallwa Afrika Borwa, empa e ne e le a pele a hore dihlopha tsa Afrika Borwa di qothisane lehlokwa di le ding, ka mora ho ripitla Australia le New Zealand.
Seo se bolela hore dihlopha tsa Afrika Borwa di bile motlotlo ho phahamisa kgau ya Super 14 ka mora dilemo tse 11 kaofela.
Sharks e ne e le yona feela sehlopha sa Afrika Borwa se neng se etse matsapa a ho fihlella le ho makgaolakgang, jwalo ka ka 1996 le ka 2001.
Qetellong ya tlohela ho raha bolo mme ba kenya sebapadi se neng se kgone ho phunyelletsa ka hara sa Blue Bulls se fete dibapadi tsa morao tse kang Abrams mohwalotso.
Ba bangata ba re try eo Albert van den Berg a neng a thelle ho yona, e ne e lokela ho fetisetswa semmuso ho balaolapapadi ba thelevishene, empa molaolapapadi wa New Zealand, Steve Walsh, o ne a se na pelaelo hore ke try.
E ne e le motsotso wa 78 mme Sharks e le pele ka 19-13. Ya mo hlola Francois Steyn, yaeba ditaba tsa kgotso. Ha ho se ho setse metsotso e mebedi feela mme le batshwari ba sehlopha sa Sharks ba se ba eme ka maoto, ba nahana hore ba hlotse, dintho tsa tjhentjha.
Ba ne ba utlwe ka lerata la batshehetsi ba Bulls ha sebapadi sa bona se hlakothisang Bryan Habana se qala kgathatso.
Phala e ne e ka lla neng kapa neng ho qeta papadi ha Butch James wa Bulls a nka bolo, mme Habana a iphumana a phunyeletsa hara dibapadi tsa morao tsa Sharks ha bobebe feela.
Ha ho kgathatso he hobane monna eo o ballwa hara dibapadi tse pele tsa lefatshe - tse lebelo le makatsang.
A phunyeletsa a ba a kenya try eo Derick Hougaard a ileng a e tjhaella monwana mme Bulls ya feta ka ntlha e le nngwe feela pele phala e lla.
Habana o ne a tseba hore seo se tla etsahala. Ho ya ka ditlaleho tsa Sapa, o ne a bolelle dibapadi tse ding hore o batla ho etsa se seng se ikgethang ha papadi eo e eya mafelong.
Talente
Habana ya hlahileng ka la 18 Phutjane 1983 mane Benoni, Gauteng, haesale a etsa dintho tse ikgethang. Empa ena e makaditse bohle.
Pele o ne a rata bolo le mabelo. Ka Mohope wa Lefatshe wa Rugby wa 1995, o neng o bapallwa naheng ena moo Springboks e neng e nke sekola, ke hona mona moo a neng a kgahlwe teng ke papadi ena.
O ne a ena le dilemo tse 13 ha a qala ho ya bapala rugby sekolong sa King Edward VII mane Joburg. Leha a ne a bapale tlhodisano ya pele ya under-14 G-team, neo ya hae e ne hla ya totobala.
"Ke ne ke hlabe try tse pedi mohla letsatsi leo mme ka fetisetswa ho B-team bekeng e latelang eo," ho bolela yena. A-team le yona e ne e bonahala e se e le haufi haholo le yena.
"Ke ne ke se na bokgoni bo jwalo ka dibapadi tse ding mmoho le boiphihlelo hape ke ne ke le monyenyane ho bona ke mpa feela ke ena le tjheseho."
Talente ya hae ya nna ya tota.
Ka 2004 a hlaba di-try tse 13 a qala feela ho bapala selemong seo ho Golden Lions Currie Cup - mme banna ba babadi ba nang le tshusumetso haholo ba mo hlokomela. Bao e ne e le mokwetlise wa Springbok, Jake White le Heyneke Meyer wa Blue Bulls.
Bahale
Ka Pudungwana hona selemong seo, Bryan a kenela diteko kgahlano le Engelane mane Twickenham.
Leha Springboks e ne e hlolwe ka 32-16, Habana a kenngwa ka mora nako hore a iteke le yena kgahlano le Bomampodi bana ba Lefatshe.
Bekeng e latelang eo, a kengwa mmoho le sehlopha sa pele moo a neng a thuse ho theha di-tries tse pedi mme ba qetella ba hlotse Scotland mane Murrayfield ka 45-10.
Springbok e ne e ena le mathata a ho se bapale hantle empa Habana o ne a tshepilwe hore ke sebapdi se setjha se hlwahlwa se tla thusa ho matlafatsa sehlopha sena sa naha.
"Sebapadi se setjha sa Springbok sa bitoha mme sehlopha sa hlola Twickenham," se boletse jwalo sengodi se seng sa tsa dipapadi.
Habana o ne a bapala bohareng ho Golden Lions, empa ha a kena ho Blue Bulls maqalong a 2005, mokwetlise Meyer a mo kenya mapheong. Ya betleha naledi ya rugby selemong seo. Habana a tswelapele ho hlaba di-try tse robong kaofela mme a etsa rekote ya Bulls ho Super 12.
Ka 2004, Habana a kgethelwa ho ba sebapadi sa Afrika Borwa sa rugby se tshepisang haholo. Ka 2005 a ba hlwahlwa haholo mme ya eba Sebapadi sa Selemo.
A rateha haholo - a kena sehlopheng se seholo sa Springboks moo a neng a bapale dipapading tse 12 tsa diteko ka 2005 a ba lepheong le letshehadi. Papading tseo, o ne a hlabe di-try tse 12 tse neng di etse hore a tlotlwe ka kgau ya ho ba setlabotjha sa selemo se ipabotseng papading ya rugby matjhabeng. Boraditaba kaofela ba ne ba mo bitse "sebetsa sa rugby lefatsheng."
Mohale
"Ha ke kgolwe," o boletse jwalo Habana ka mora hore Bulls e hape mohope wa Super 14. "Mohlomong ke tla kgolwa ha ke phaphama ka le hlahlamang ha ke se ke bona seo ke se entseng."
A bolela hore le yena o maketse jwalo ka letshwele leo le ballwang ho 54 000.
"Ke fumane bolo ena ke ikemetse ke le mong ka ho le letona, ka bona dibapadi tse hlano tsa morao tsa Sharks mme ka ba bona hore ba nahana hore ke tla ya etsa huku. Eitse ha ke kenella hara bona, ba dumela ho buleha..."
Le mokwetlise wa Sharks, Dick Muir o ile a rolela Habana kgaebana. "Re ne re kwetse hantle metsotsong ena e 80 kaofela empa Bryan ke sebapadi se kotsi," ho bolela yena.
"Empa ha se nna, ke tshebedisanommoho ya sehlopha," ho bolela Habana. "Ke ne nke ke ka kgona hoja e ne e se ka thuso ya sehlopha kaofela."
O re o bile lehlohonolo hore ebe ha a ya nehwa karete e tshehla kapa yona e kgubedu ke Steve Walsh ka mora ho bapadisa Percy Montgomery wa Sharks hampe.
"Ke bapadisitse Monty hampe empa e seng ka boomo, ke ile ka thella," ho bolela yena.
Habana o re o motlotlo ho amohela tlotla ya ho ba mohlala ka ho ballwa hara bahale. "Ke ne ke nehwe monyetla wa ho bapala mofuta wa rugby oo ke o ratang, oo nka o bapalang ka bokgabane mme ke motlotlo ka hona."
"Ke ikemiseditse ho amohela diphephetso tse tsamaisanang le ho ba mohale le mohlala setjhabeng. Batjha bohle ba labalabela ho ba bahale ha ba se ba hodile. Haeba seo se etsa hore ke be mohlala le nna, ke motlotlo le ho feta."
O na le bokgoni bo ikgethang. O dumela hore sohle ke sephetho sa boitshwaro bo botle le ho sebetsa ka thata.
Haeba Springboks e ka hapa Mohope wa Lefatshe wa Rugby mafelong a selemo sena, ke a o tiisetsa Bryan Habana o tla be a le teng ka hara bona... [s]
BONA SESOTHO - July 2007
pale ka WALTON GOLIGHTLY
Habana o kenya ntlha e neng e makatse Afrika Borwa kaofela.
Tlhodisanong e thata eo e neng e le pale naheng ena, o ne a sa tatasele mme a kgona ho rwesa sehlopha sa hae tlotla e sa tlo lebaleha lekgale - mme re dumela hore re sa ntse re tla bona tse kgolo ka Bryan Habana
"Ke ne ke nehwe monyetla wa ho bapala rugby ka mokgwa oo ke ratang ka ona. Ke motlotlo ke hona," ho bolela Habana. "Le nna ke ne ke sa tsebisahale jwalo ka batjha ba bang ba bangata kajeno."
BONA SESOTHO - July 2007
ditshwantsho ka GALLO IMAGES
u
t
Ha ho maemo a matle ao o ka a fihlelang ntle ho boitshwaro le ho sebetsa ka thata
Habana o thabetse tlholo ya hae.
BONA SESOTHO - July 2007
Sebapadi sa SA sa mapheong se lebelo le tshabehang, se kile sa mathiswa le Cetana, lengau le dilemo di tharo le neng le se sihe e ka se eme.
Ha se lebelo le lekaalo"
Habana e ka nna yaeba sebapadi sa mapheong se lebelo Afrika Borwa, empa ka Mmesa monongwaha, o ne a siuwe ke lengau le dilemo di tharo feela jwalo ka ha eka o eme.
Lebelo lena la 100m le ne le le mane De Wildt Cheetah And Wildlife Centre, mme Habana o ne a mathiswe le lengau le bitswang Cetane.
Ketsahalo ena e ne e le karolo ya leano la ho hlokomedisa ka moo mangau a lematswang ka teng.
Habana o ne a le ka pele ho lona ka 30m, empa lengau la kgona ho mo feta la ya kena pele ho yena panteng.
Ka mora moo, a re o ne a tshohile haholo empa o ne a thabele ho nka karolo leanong lena ho netefatsa hore meloko e latelang e tla kgona ho bona diphoofolo tsena di sa ntse di phela mme di bolokehile.
