sotho.184.Plug
BAHLANKANA ba bararo ba Umlazi, KwaZulu-Natal, ba qadileng ho iphedisa ka ho rekisa meroho le ditholwana, ba ne ba nahane leqheka le tla ba thusa ho nolofatsa mesebetsi wa bona, mme ba hlahisa seetswa se bolokehileng sa ho ntsha polaka ya motlakase mekoting ya yona.
Seetswa sena se bitswa 3P (Pin- Plug-Puller) se entswe ka polastiki e thata mme se lekana polaka e nngwe le e nngwe, se na le mohele, o hulang polaka ka polokeho.
"Ke ne ke ena le maikutlo a ho hlahisa seetswa se itseng ka 2000, ka mora ho tshwaswa ke motlakase ka makgetlonyana ha ke leha ho hula polaka moo ke rekisetsang ditholwana teng, ka ja masapo a hlooho," ho bolela Simphiwe Dlamini (27) mothehi wa seetswa sena.
"Ka seha sekupu sa lebese ho se etsa ntho e ka nthusang ho hula polaka mme ka fela ka thusahala. Ka 2002 ka nahana hore mohlomong ho na le batho ba bang ba ntseng ba sokola ho ntsha polaka, ka kopana le ngwaneso, Bongumusa (28) le motswalle Sandile Sikhakhane (30). Ra etsa qeto ya ho bula khampane ya ho hlahisa dietswa tsena. Re ne re se na tjhelete, ka hoo re ikopanya le ba ha Durban Electricity, ba neng ba re thuse haholo mme ra theha Simela Khona Trading (Pty) Ltd, ra hlahisa dietswa tsena.
"Ra leka mefuta e fapaneng ya disebediswa ho bona se tla tia hantle. Ra hlokomela hore re hloka seetswa se matla ho feta se entsweng ka sekupu.
"Ra leka PVC, e ileng ya re hlola ka boturu haholoholo hobane re ne re tlameha ho lefa motho ya neng a re sehela yona. Empa ra se ke sa nyahama dipelo."
Ba pheela, ba leka mekgwa yohle e ka ba thusang hore ba etse seetswa se matla mme ba qetella se rekiseditswe khampane e nngwe diabo. Ba reka letsopa le ikgethang mme ba hlahiswa dietswa tse ngata.
Ba di rekisa empa ba hlokomela hore ha ba na bokgoni bo botle empa leha ho le jwalo ba ne ba le lehlohonolo.
Kgosana Africa Zulu, mora wa mofu Kgosana Ntokoza Zulu wa moreng ba Onkweni eo hape e leng modulasetulo wa Bafana Security Pty (Ltd), o Joburg mme o ne a etse motswalae ha a tla kgahlwa ke dietswa tsena. A kopa le bahlankana ho kopana le bona bona Joburg.
A itlama ho ba thusa. "Ba qala ka ho thibela batho ba bang ho etsa dietswa tse kang tseo tsa bona lefatsheng ka bophara. Erekaha ha se bitse haholo, motho o etsa tjhelete ka ho rekisa tse ngata.
"Ka etsa qeto ya ho rekisa dietswa tsena mabenkeleng a maholo.Ho boetse hape ho na le dintho tse ngata tse kenyeletswang ha o kenya thepa mabenkeleng mme ho kgetha lebenkeleng le nang le makala hohle naheng ena ho ba betere," ho hlalosa Kgosana Africa Zulu.
Dietswa tsena di tla rekiswa di tsamaya ka boraro mme ho kgothalletswa motse ka mong ho ba le tsona. Batjha bana ba na le tshepo ya hore ka le leng ba tla thusa batjha ba batlang ho ntshetsapele dithuto tsa bona e le hore ba tle ba se ke ba sotleha jwalo ka bona. [s]
Ka mora hore ba tshwaswe ke kese habedi hararo, banna bana ba hlahisa seetswa se bolokehileng se tla re thusa bohle...
BONA SESOTHO - October 2007
Baetsi ba dietswa tse bolokehileng tsa ho ntsha dipolaka: ho tloha ho le letshehadi: Simphiwe Dlamini, Prince Africa Zulu, Sandile Sikhakhane le Bongumusa Dlamini.
Ba pholosa maphelo
ka TANIA SANDBERG
ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
BONA - August 2007
